Maikutlo a Babali
Ho Thusa Bacha ho Hlōla Bothata Bona (March 2007) Kaha ke lilemo li 18, ke ile ka utloisisa hantle lintlha tse ngata tse boletsoeng sehloohong seo mabapi le ho sebelisa selefouno le Inthanete. Ke ne ke buisana le batho bao ke sa ba tsebeng ka Inthanete. Ka mor’a nakoana, liphello tsa ho tloaelana le metsoalle eo e mebe li ile tsa hlahella. Ke ile ka qala ho fokola moeeng ka potlako. Ke ile ka ba ka lumela ho kopana le ba ’maloa ba bona. Ka bomalimabe, sena se ile sa etsa hore ke oele boitšoarong bo litšila. Ke rapela hore e se eka sehlooho sena se ka thusa ba bang hore ba qobe bohloko le masisa-pelo ao ke leng ho ’ona. Ho hlobaela bosiu le ho lula ke nahana ka se etsahetseng ho ntšulafalletsa bophelo, empa ke leka ka matla ho loantša Satane.
B. R., United States
Ke Hobane’ng ha ke Akheha? (April 2007) Ke ile ka khothala ha ke bala hore hase ’na feela ea nang le bothata ba ho akheha. Ha ke bala sehlooho sena ke ile ka utloa eka Jehova o bua le ’na ka ho toba, o re: “Ke bona boemo ba hao, ke kahoo ke u fang sena ho u khothatsa.”
I. R., Madagascar
Ntho e Tšoarellang ho Feta ho Etsa Litšoantšo (April 2007) Ke leboha ho menahane ka sehlooho sena. Ke qetile lilemo tse tšeletseng ke okametse litsi tse peli tse tsoelang pele hantle tseo ho etsoang litšoantšo ho tsona. Ke ne ke rata mosebetsi oa ka ke bile ke rata taba ea hore o ne o ntumella ho iqapela lintho. Leha ho le joalo, ke ile ka hlokomela hore le hoja ke ne ke atleha ke bile ke khona ho iketsetsa lebitso mosebetsing, ho ne ho bonahala eka tšebeletso ea ka ho Jehova eona ea qepha. Ke ne ke ikakhetse ka setotsoana ho etseng litšoantšo hoo ke neng ke se na nako ea lintho tse ling. Ke ile ka hlokomela hore ke lokela ho etsa liphetoho. Kahoo ke ile ka tlohela mosebetsi ’me ka qeta nako e eketsehileng mesebetsing e amanang le borapeli ba ka. Boikutlo ba khotsofalo le thabo boo ke neng ke e-ba le bona ha ke ntse ke etsa litšoantšo hase letho ha bo bapisoa le thabo eo ke nang le eona tšebeletsong ea Bokreste.
A. P., United States
Bacha Baa Botsa . . . Na Motho eo o Ntoketse? (May 2007) Ke sa tsoa iphumana ke thahasella motho e mong eo ke neng ke nahana hore o ntoketse. Empa ka mor’a ho bala sehlooho sena ke ile ka hlokomela hore lintho tseo ke neng ke li rata ka eena e ne e hlile e se tsa bohlokoa hakaalo. Sehlooho sena se nthusitse ho hlokomela hore litšobotsi tsa moea le tsela eo motho a tšoarang ba bang ka eona ke tsona lintho tsa bohlokoa tseo motho a lokelang ho li sheba ho eo a tla nyalana le eena. Ke leboha Jehova ka ho re fa lihlooho tse kang sena, tse re sireletsang le ho re tataisa rōna bacha.
E. P., United States
Tseba ka Batho ba Timor Bochabela (May 2007) Ke thabetse ho bala sehlooho sena haholo. Ke qalile ho utloela ka naha ena ha e ne e hlaha litabeng, ho buuoa ka merusu e etsahalang moo. Haesale ke qala ho tšoenyeha ho tloha ka nako eo ka hore na batho ba Timor Bochabela ba ntse ba ea joang le ka hore na mosebetsi oa boboleli oa Lipaki Tsa Jehova o ea joang. Ke ile ka makatsoa ke boikutlo ba batho bana, le kamoo ba sa ineheleng kateng maemong a thata empa ba itsoella pele ka bophelo. Ke tla lula ke hopola boikutlo ba ho se inehele boo batho ba Timor Bochabela ba nang le bona le lifahleho tse khanyang pososelo tsa Jacob le ba lelapa la hae.
Y. M., Japane