“Ha Shoalane e Tšoara Motšehare”
KA MONGOLI OA TSOHA! BENIN
LETSATSI ka mor’a hore khoeli e sire letsatsi ka la 29 March, 2006, koranta ea Ghana e bitsoang Daily Graphic e ile ea hatisa sehlooho se reng: “Ao Che! Ba Limilione ba Tla ba Hlolloa ke ha Khoeli e Sira Letsatsi.” Lefifi le bileng teng ha khoeli e sira letsatsi le qalileng ho bonoa karolong e ka bochabela ea Brazil le ile la tšekalla le leoatle la Atlantic le haola sebaka sa lik’hilomithara tse ka bang 1 600 ka hora, ho ea fihla naheng ea Ghana le ea Togo haufi le lebōpo ’me la bonoa Benin hoo e ka bang ka hora ea borobeli hoseng. Ke’ng seo batho ba Afrika Bophirimela ba neng ba ka se lebella?
Khoeli e qetetse ho sira letsatsi ka ho feletseng Ghana ka 1947. Theodore, eo ka nako eo a neng a le lilemo li 27, o re: “Nakong eo, ba bangata ba ne ba e-s’o ka ba bona ha khoeli e sira letsatsi, kahoo ba ne ba sa utloisise hore na ho etsahala’ng. Ka hona batho ba ile ba hlalosa seo e le ‘ha shoalane e tšoara motšehare.’”
Matšolo a ho Hlokomelisa Sechaba
Ba boholong ba ile ba hlophisa matšolo a pharaletseng a ho hlokomelisa sechaba ka likotsi tse ka hlahisoang ke ho sheba letsatsi ha le siriloe ke khoeli. Ba ile ba beha liboto tse khōlō tse hohelang Togo, tse nang le temoso e reng: “Hlokomela mahlo a hao! U ka ’na ua foufala!”
Liofisiri tsa ’muso li ile tsa fana ka litlhahiso tse peli. Ea pele e ne e le ea hore batho ba lule ka matlung ’me ba shebelle ketsahalo eo thelevisheneng. Ea bobeli e ne e le ea hore haeba ba le ka ntle ba roale likhalase tse khethehileng tse sireletsang mahlo. Ba limilione ba ile ba sheba litšoantšo tse hapang mahlo thelevisheneng le k’homphieutheng. Empa li ne li sa bontše thabo le pherekano tse bakoang ke bohelehele le lerata le neng le le teng pele khoeli e sira letsatsi le nakong eo e le sirileng. A re ke re utloeng se ileng sa etsahala mohlang oo.
Ho ne ho Lebeletsoe Seo ka Cheseho
Hoseng hoo, ho ne ho bonahala eka ke letsatsi le tšoanang le a mang Afrika Bophirimela—letsatsi le ne le chabile le leholimo le hlakile. Na khoeli e ne e tla hle e sire letsatsi? Ha nako e boletsoeng e ntse e atamela, ba shebeletseng ba le ka ntle ba ile ba roala likhalase tsa bona ’me ba qala ho sheba holimo. Ba bang ba ne ba founela metsoalle e libakeng tse ling ka liselefouno ba e botsa hore na eona e bona eng.
Le hoja qalong bashebelli ba ne ba sa bone khoeli e lik’hilomithara tse 350 000 hōle le bona, e ne e ea e lebile ho ea sira letsatsi. Hang-hang ha e qala ho sira letsatsi e ile ea hlahella e le thokoa. Batho ba ile ba thaba haholo ha ba e bona.
Qalong, bashebelli ba ne ba sa bone hore lintho li ntse li fetoha moo ba leng teng. Leha ho le joalo, ha khoeli e ntse e tsoela pele ho sira letsatsi, leholimo le ile la fetoha. Le ile la qala ho fifala. Ho ile ha phola. Mabone a seterateng le a tšireletso a ikhantšang ha ho e-ba lefifi a ile a bonesa ha ho ntse ho fifala hoseng hoo. Batho ba ile ba itlheka literateng. Mabenkele a koaloa. Linonyana li ile tsa khaotsa ho lla le liphoofolo tsa ea lilaong ’me tsa itokisetsa ho robala. Ho ne ho ntse ho fifala le ho feta. Joale khoeli ea sira letsatsi ka ho feletseng, ’me ha rena khutso.
Ha ho Motho ea ka Lebalang Lefifi Leo
Linaleli li ile tsa qala ho phatsima. Khanya ea letsatsi e ile ea hlahella e entse selikalikoe se kang perela e tšoeu e pota-potileng khoeli e ntšo. Mahlaseli a letsatsi a bitsoang Baily’s Beads,a a ile a hlahella mathōkong a khoeli ha letsatsi le chabela liphula le bile le phunyeletsa le khoeling. Ho ile ha bonahala ho phatsima ho kang ha daemane lesaleng la monoana. Letsatsi la hlahella le e-na le ’mala o mopinki le o bofubetsoana bo ileng bophereseng. Moshebelli e mong o ile a khotsa, a re: “Ke ne ke qala ho bona botle bo joalo—e ne e le botle bo tsotoang.”
Khoeli e ile ea sira letsatsi ka ho feletseng metsotso e ka bang meraro. Joale letsatsi le ile la boela la bonahala. Bashebelli ba bangata ba ile ba le thoholetsa. Ho ile ha khanya, ’me linaleli tsa nyamela. Lefifi lela le makatsang le ile la nyamela joaloka moholi oa hoseng.
Khoeli ke “paki e tšepahalang maholimong.” Kahoo lilemo tse makholo esale pele, ho ka boleloa hore na khoeli e tla sira letsatsi neng. (Pesaleme ea 89:37) Batho ba Afrika Bophirimela ba ile ba tlameha ho letela sena ka lilemo tse ka bang 60. Ho letetsoe hore sena se tla boela se etsahala Afrika Bophirimela ka 2081. Mohlomong tikolohong ea heno, haufinyane u tla bona ketsahalo ena e ikhethang ea ha khoeli e sira letsatsi.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a A reheletsoe ka Francis Baily, eo e neng e le setsebi sa linaleli sa Lebrithani, ea tlalehileng ka ’ona ka lekhetlo la pele ka 1836 ha khoeli e ne e sirile letsatsi.
[Lebokose /Setšoantšo se leqepheng la 29]
Na Khoeli e ne e Sirile Letsatsi ha Jesu a E-shoa?
Mareka 15:33 e re: “Ha e e-ba hora ea botšelela lefifi la aparela naha eohle ho fihlela ka hora ea borobong.” Lefifi lena le ileng la e-ba teng ka lihora tse tharo ho tloha har’a mpa ea motšehare ho fihlela ka hora ea boraro thapama, e ne e le la mohlolo. E ne e ke ke eaba khoeli e sirile letsatsi. Ntlha ea pele, nako e telele ka ho fetisisa eo khoeli e ka e qetang e sirile letsatsi sebakeng leha e le sefe lefatšeng ke metsotso e supileng le halofo. Ntlha ea bobeli, Jesu o shoele ka la 14 khoeling Nisane, e baloang ho latela khoeli e holimo. Letsatsi le qalang la Nisane le baloa ha ho hlaha khoeli e ncha, ’me ka nako eo khoeli e pakeng tsa lefatše le letsatsi, e leng se ka etsang hore khoeli e sire letsatsi. Ka la 14 Nisane, khoeli e batla e le bohareng ba potoloho ea eona. Ka nako eo lefatše le pakeng tsa letsatsi le khoeli, kahoo ho e-na le hore khoeli e sire letsatsi, e bonahatsa khanya ea letsatsi ka ho feletseng. Ka hona, re bona khoeli e tolokile, e etsa hore e be ho loketseng ho tšoara Sehopotso sa lefu la Jesu.
[Setšoantšo]
Kamehla la 14 Nisane le ba ha khoeli e le haufi le ho toloka kapa e tolokile
[Setšoantšo se Qanollang/’Mapa o leqepheng la 28, 29]
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
Tsela eo khoeli e tsamaileng ka eona ha e ne e sira letsatsi
●
⇧
●
⇧
●
⇧ AFRIKA
BENIN ●
⇧
TOGO ●
⇧
GHANA ●
⇧
●
⇧
●
⇧
●
⇧
●
⇧
●
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Map: Based on NASA/Visible Earth imagery
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Ha khoeli e ne e sirile letsatsi ka ho feletseng ka la 29 March, 2006
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Likhalase tse khethehileng tse sireletsang li ile tsa thusa bashebelli hore ba iponele ka mahlo ha khoeli e sira letsatsi