Maikutlo a Babali
Ke Khaolitse ho ba Lekhoba la Joala (May 2007) Ke atisa ho bala limakasine tsa lōna nako le nako ha Lipaki li ntlisetsa tsona. Ha ke li bapisa le litaba tse tetebetsang tse hlahang thelevisheneng le likoranteng, ke utloa lihlooho tse limakasineng tsena li khatholla haholo. ’Na ha ke e-s’o ka ke e-ba lekhoba la tahi, empa ke na le metsoalle le beng ka ’na ba ’maloa ba nang le bothata bona. Monna eo ho builoeng ka eena sehloohong seo o re o ile a hlōla bothata ba tahi ka mor’a likhoeli tse tharo. O khaolitse ho noa ka mor’a hore a sulafalloe bophelo bohle ka lebaka la botahoa. Le hoja ke babatsa monna eo, ke nka hore mohlala oa hae hase oa sebele ebile ke nahana hore o ka ’na oa nyahamisa motho leha e le ofe ea ntseng a leka ho loantšana le bothata bona. Motho ea lemaletseng tahi o atisa ho khutlela mokhoeng oo ka makhetlo ha a ntse a leka ho o tlohela, pele a hlaphoheloa.
G. A., United States
Karabo ea “Tsoha!”: E ne e se morero oa rōna ho fana ka maikutlo a hore ho itokolla bokhobeng ba tahi ke ntho e bonolo. Rea lumela hore batho ba bangata ba lemaletseng tahi ba ntse ba ka ’na ba khutlela mokhoeng ona ha ba ntse ba leka ho khaotsa ho noa ’me ka linako tse ling ba ka nyahama. Esita le ba khaotsang ho noa ka nako e khutšoanyane feela ’me ba se ba sa lemalla tahi ba ntse ba lokela ho lula ba itebetse e le hore ba se ke ba boela mokhoeng oo. Ke kahoo sehloohong seo ho boletsoeng hore le hoja ho se ho fetile lilemo tse leshome motho enoa eo e neng e le “lekhoba la tahi” a sa noe, o lumela sena: “Ba bangata ha ba tsebe hore na ke loanne ka thata hakae le hore khalase e le ’ngoe e lekane hore ke khutlele moo ke tsoang teng. Ke ntse ke na le ho lakatsa joala. Ho ntlhoka hore ke rapele ka matla le ho ikemisetsa ho ba le matla a ho hana.” Ka hore ba itšetlehe ka Molimo ka ho mo rapela, ba bangata ba atlehile ho khaotsa ho ba makhoba a tahi.—Pesaleme ea 55:22.
Na U ka Tšepa Bibele? (November 2007) Ke lilemo li 12 ’me ke lakatsa ho le leboha ka Tsoha! ena e khethehileng e nang le boitsebiso bo thahasellisang le bo rutang. Ke thabetse haholo ho bala sehlooho se leqepheng la 7 se buang ka hore litaba tse ka Bibeleng lia lumellana. Se buile ka lintlha tseo ke neng ke sa li nahane le ho li nahana. Ke se ke ntse ke lebeletse ka cheseho makasine e latelang e khethehileng!
D. F., United States
Seo U ka Nahanang ka Sona Ke rata ho le leboha ka tsela e ncha eo Tsoha! e ngoloang ka eona. Lipotso tse hlahang qetellong ea lihlooho tse ling li nthusitse haholo. Li nthusitse ho hopola boitsebiso boo ke bo balileng le ho thuisa ka taba e tšohloang. Matsatsing ana re phela re le maphathaphathe hoo re sa hlokomeleng lintlha tse ling tsa bohlokoa le tse khothatsang linthong tseo re li balang.
M.A.S., Brazil
Na Lefu Ehlile ke Qetello ea Bophelo? (December 2007) Likhoeling tse tšeletseng tse fetileng ’Mè o ile a shoela kotsing e tšabehang ea koloi. Ke ile ka tšeliseha haholo ha ke bala sehlooho sena, se ileng sa matlafatsa tšepo ea ka ea hore ke tla boela ke mo bone tsohong ea bafu. Ke leboha haholo.
L.L.R., Brazil
Bacha Baa Botsa . . . Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Phela ka Melao-motheo ea Bibele? (November 2007) Ke ne ke nahana hore ha feela ke sa kopanele boitšoarong bo litšila ha ho letho le phoso ka ho intša. Empa ke ne ke sa khotsofalle taba ea ho qeta nako feela ke e-na le mohlankana oa ka. Ke ile ka qala ho ba le litakatso tsa nama tse fosahetseng. Ke leboha haholo hore ebe le hlalositse lithuto tsena tsa Bibele ka tsela eo ho leng bonolo hore bacha ba se nang phihlelo ba li utloisise.
E.F., Japane