Tsa Mona le Mane
◼ “Ho na le bopaki bo bongata ba saense bo tšehetsang khopolo ea ho iphetola ha lintho boo ho bonahalang e le ’nete e totobetseng ’me bo ka ntlafatsa kutloisiso ea rōna ka bophelo.”—MOPAPA BENEDICT XVI.
◼ “Ba boholong ba ile ba kena letšolong la . . . ho fumana chelete ea hore ba hlahlobe le ho lokisa marokho a 74 000 ‘a hahiloeng ka tsela e fosahetseng’ a United States, ka mor’a hore nakong ea tšubuhlellano ea makoloi, borokho bo phahameng ka limithara tse 18 bo nang le lilemo tse 40, tseleng e khōlō ea Minneapolis [Minnesota], bo oele ka tšohanyetso ka Nōkeng ea Mississippi ’me bo bolaee [batho ba 13].”—THE WEEK, U.S.A.
Batho ba Bangata ba Tlōla Molao
Koranta ea London e bitsoang Times e re: “Taba ea hore ‘batho ba bangata ba mamela molao’ hase ’nete. Batho ba bangata ba Brithani baa lumela hore ba mamela feela melao eo ba batlang ho e mamela le hona ha ba rata.” Phuputso e entsoeng ke Setsi se Fuputsang Tlōlo ea Molao le Toka sa King’s College, London, e senola hore boholo ba batho ba etsang tlōlo ea molao ke “ba hlomphehang” sechabeng. Motho a le mong ho ba bararo bao ho buisanoeng le bona o ntša tjotjo hore a se ke a lefa lekhetho, a le mong ho ba bararo ha a khutlise chelete haeba a fuoe chenche e ngata ’me a le mong ho ba bahlano o lumetse hore o utsoa lintho mosebetsing. Qeto ea bafuputsi ke hore boitšoaro bona bo “bontša hore mekhoa ea batho e mebe, mohlomong le ho feta tlōlo ea molao e sehlōhō le e etsoang seterateng.”
Libetsa Tsa Nyutlelie “Matsohong a Molimo”?
Kereke ea Orthodox ea Russia e hlohonolofalitse mosebetsi oa banna le basali ba bokellang le ho hlokomela libetsa tsa nyutlelie tseo Russia e nang le tsona. Molaetseng o ileng oa baloa moketeng o neng o tšoaretsoe Kerekeng e Khōlō ea Christ the Savior, Moscow, ’me oa tlalehoa koranteng ea Krasnaya Zvezda, hlooho ea kereke ea Orthodox ea Russia, Alexis II, o ile a re: “Ke rapela Molimo . . . hore libetsa tsa nyutlelie tseo le li entseng le tse leng tlhokomelong ea lōna li lule li le matsohong a Molimo, ’me li sebelisoe feela bakeng sa ho thibela lira ho hlasela, kapa bakeng sa ho iphetetsa.”
Mahe a Linotši Iseraeleng ea Boholo-holo
Setsi sa Thuto ea ho Epolla Lintho Tsa Khale Univesithing ea Seheberu e Jerusalema, se re: “Baepolli ba lintho tsa khale ba sibolotse bopaki bo lumellanang le tlhaloso ea Bibele ea hore Iseraele . . . ke ‘naha ea lebese le mahe a linotši’ (kapa bonyane tlhaloso eo ea hore ke ea mahe a linotši).” Phuleng ea Iseraele ea Beth Shean, sebakeng se bitsoang Tel Rehov, ho sibolotsoe mela e meraro ea meqomo ea letsopa e palamaneng bonyane e le meraro ho ea holimo eo linotši li neng li hahela ka ho eona. Tlaleho eo e re sehlopha sa linotši tse neng li lula moo ke “sa lekholong la bo10 la lilemo ho ea mathoasong a lekholo la bo9 la lilemo B.C.E., ’me li ne li hahetse matloaneng a ka bang 100.” Barui ba linotši ba hakanyetsa hore ka selemo, e ka ’na eaba ho ne ho hlahisoa “mahe a linotši a ka etsang halofo ea thane.”
Liphoofolo Tsa Lapeng li Nkoa e le Tsa Bohlokoa Haholo
Tlaleho ea Sydney Morning Herald e phatlalalitsoeng Inthaneteng e bontša hore ho latela phuputso e entsoeng Inthaneteng, “motho a le mong ho ba bane ba Australia o re phoofolo ea hae ea lapeng ke ea bohlokoa haholo mohlomong le ho feta molekane oa hae kapa batsoali.” A le mong ho ba bararo bao ho entsoeng phuputso ho bona ke k’hamphani ea tšebeliso ea chelete Australia o sebelisa “nako e ngata le chelete e ngata phoofolong ea hae ho feta chelete eo a e sebelisang litlhokong tsa hae tsa kalafo.” Litsela tse ling tse amehang phekolong ea liphoofolo tsena li kenyelletsa ho nka litšoantšo tsa boko, ho buoa ’mele hanyenyane e le ho kenya k’hamera e hlahlobang ’mele, ho kenya lesapo le leng, ho phekola ka lik’hemik’hale, ho kenngoa litho tse ling, ho kenngoa noka ea maiketsetso le ho buuoa boko.