Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/08 maq. 22-24
  • Lifate Tsa Metsing

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lifate Tsa Metsing
  • Tsoha!—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Li ka Har’a Letsoai
  • Se Etsang Hore li ’ne li Phele
  • Kamoo li Ikatisang
  • Lintho Tse Ngata-Ngata Tse Phelang Moo
  • Batho ba Una Melemo e Mengata
  • Matlotlo a Fumanoang Puerto Rico
    Tsoha!—2008
  • Mahe a Linotši—Setlhare se Tsoekere
    Tsoha!—2002
  • ‘Naha e Phallang Lebese le Mahe a Linotši’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Bofifi bo Aparetse Moru o Lulang o le Motala
    Tsoha!—1997
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 6/08 maq. 22-24

Lifate Tsa Metsing

KA MONGOLI OA TSOHA! AUSTRALIA

Ke setšabelo sa liphoofolo tse ngata tse kotsing ea ho fela, e leng liphoofolo tse anyesang, linonyana hammoho le lihahabi. Li boetse li sireletsa tikoloho ka ho hloekisa metsi. Ka boroa ho Florida, U.S.A., litlhapi tse etsang karolo ea 75 lekholong tse tšoasetsoang papali le tse etsang karolo ea 90 lekholong tse tšoasetsoang ho rekisoa li phelisoa ke tsona. Li boetse li sireletsa libaka tse iphaphathileng ka lebōpo lifefong le maqhubung a matla. Ebe ke lintho life tseo? Ke lifate tsa mangrove!

LIFATE tsa mangrove, tse fumanehang mabōpong a fetang halofo a linaha tsa tropike lefatšeng, li ka mefuta e sa tšoaneng. Ka tloaelo li mela haufi le mabōpo moo metsi a leoatle a tsoakaneng le a se nang letsoai. Le hoja metsi a batla a le letsoai sebakeng seo hoo limela tse ngata li ke keng tsa phela ho sona, lifate tsa mangrove tsona li phela habonolo. Ho tla joang? Li atlehisoa ke ho sebelisa mekhoa e hlollang e sa tšoaneng.

Li ka Har’a Letsoai

Lifate tse ling tsa mangrove, tse sa monyeng letsoai, li na le tsela ea ho thibela letsoai hore le se ke la kena metsong. Li khona ho thibela letsoai hoo motsamai ea nyoriloeng a ka fumanang metsi a hloekileng ka hore a petsole motso oa sefate sa mangrove ho fumana metsi ao a ka a noang. Lifate tse ling tsa mangrove tsona li monya letsoai ’me li le fetisetsa makhasing a khale kapa makaleng a mang a sefate, ebe ka mor’a nako aa oa.

Tse ling ke tse monyang letsoai empa li le ntša ka potlako le masobeng a khethehileng a makhasing a ntšang letsoai. Haeba u ne u ka nyeka lekhasi la sefate seo sa mangrove, u ne u tla utloa se le letsoai haholo. Empa u be hlokolosi hore na u khetha mofuta ofe oa sefate sa mangrove! Lero le tsoang makhasing a sefate sa mangrove se bitsoang blind-your-eye le ka etsa hore motho a foufale ka nakoana haeba le ka mo kena ka mahlong. Leha ho le joalo, lero leo le na le metsoako e phekolang ’me le ’nile la sebelisoa ho tlotsa liso le maqeba a ho longoa.

Se Etsang Hore li ’ne li Phele

Limela tse ngata li hloka mobu o nang le moea o lekaneng e le hore li phele. Empa ka tloaelo lifate tsa mangrove li mela ka metsing. Ntho e etsang hore li ’ne li phele ke metso ea tsona e hlahellang ka holimo ’me e khona ho fumana moea. Metso ena e na le libōpeho tsa mefuta-futa. Metso ea mofuta o mong e bitsoa lengole kaha e tsoela ka ntle ho mobu ebe e khutlela mobung, e siee maqhutsu a shebahalang joaloka mangole a kobiloeng.

Metso e meng e hōla e shebile holimo ’me e tsoela ka ntle ho mobu. E meng e hlaha sefateng pele se kena mobung. E meng e hlaha kutung ’me e nama e entse metso e ikharileng, eo ntlha ea eona e hlahellang ka holim’a mobu. Mefuta ena e fapaneng ea metso e thusa lifate tsena hore li heme, e bile e li thusa hore li tsitse mobung o bonolo.

Kamoo li Ikatisang

Mofuta o mong oa sefate sa mangrove o na le tholoana e khōlō e rono, e tšetseng peō e nang le libōpeho tse sa tšoaneng. Ha tholoana ena e butsoa, ea petsoha ’me e qhalla peō ka metsing. Peō e ’ngoe e tsamaea le metsi ’me qetellong e fumana moo e ka melang teng.

Peō ea lifate tse ling tsa mangrove e hlomela e sa ntse e le sefateng. Sena ha sea tloaeleha limeleng. Mofuta ona oa mangrove o lahlela mahlomela a oona ka metsing, ’me a ka ’na a tsamaea le metsi likhoeli tse ’maloa ho isa selemong a ntse a batla moo a ka melang teng hantle.

Tsela eo lehlomela le phaphamalang ka eona metsing e etsa hore le be le monyetla oa hore le itlhome sebakeng se loketseng seo metsi a letsoai a tsoakaneng le a seng letsoai ho sona. Le phaphamala hantle metsing a letsoai, empa ha le fihla moo metsi a letsoai a tsoakaneng le a seng letsoai, lea ema ’me le tebe, e leng ntho e etsang hore ho be bonolo hore le itlhome seretseng.

Lintho Tse Ngata-Ngata Tse Phelang Moo

Lifateng tsa mangrove ho na le lijo tsa mefuta-futa. Likokoanyana tse nyenyane haholo li ja makhasi a oeleng a lifate tsa mangrove le limela tse putang, ’me tsona li jeoa ke liphoofolo tse ling. Morung ona oa lifate tsa mangrove ho phela liphoofolo tse ngata ’me li fumana lijo ho oona, li qhotsetsa ho oona kapa ho hōlisetsa malinyane a tsona ho oona.

Ka mohlala, mefuta e mengata-ngata ea linonyana e haha lihlaha merung ea lifate tsa mangrove kapa e sela teng, hammoho le ho phomola ho eona ha e le leetong e falla. Naheng ea Belize feela ho na le mefuta e fetang 500 ea linonyana merung ea lifate tsa mangrove. Litlhapi tse ngata li qhotsetsoa merung ea lifate tsena tsa mangrove kapa li ja lintho tse ling tse phelang ho eona. Ho ’nile ha tšoasoa mefuta e fetang 120 ea litlhapi morung oa lifate tsa mangrove oa Sundarbans, o pakeng tsa India le Bangladesh.

Ho boetse ho na le limela tse ngata morung oa lifate tsa mangrove. Ho fumanoe mefuta e ka bang 105 ea boriba lifateng tsa mangrove tse lebōpong le ka bochabela Australia. Limela tse ngata tse kang tsa ’mamauoaneng, ’mametsana, mistletoe le tse ling lia atleha moo. Ka sebele, meru ea lifate tsa mangrove lefatšeng e thusa limela le liphoofolo haholo, ho akarelletsa boriba le linkoe, ’me ke ea bohlokoa haholo ho batho.

Batho ba Una Melemo e Mengata

Ntle le hore lifate tsa mangrove li sireletsa tikoloho, ke mohloli o tobileng kapa o sa tobang oa lihlahisoa tse kang patsi, mashala, motsoako oa ho suoa matlalo kapa ho daea masela, furu le meriana. Lifateng tsena ho boetse ho na le lijo tse lutlisang mathe tse kang litlhapi, makhala, likhofu hammoho le mahe a linotši. Ha e le hantle, ho na le nako eo bo-ralikepe ba neng ba nahana hore li-oyster li mela lifateng kaha li ne li ka bokelloa habonolo lifateng tsa mangrove ha metso e hlaheletse metsing a sa tebang.

Lifate tsa mangrove li boetse li sebelisoa indastering ea pampiri, ea masela, ea matlalo hammoho le ea kaho. Liindasteri tse ling tse unang molemo ho tsona li akarelletsa ea ho tšoasa litlhapi le ea bohahlauli.

Le hoja palo ea batho ba ananelang bohlokoa ba lifate tsena e ntse e eketseha, ho hakanyetsoa hore ka selemo ho senngoa meru ea mangrove sebakeng se boholo ba lihekthere tse 100 000. Hangata e senngoa ha ho betloa tsela ea ho etsa lintho tse ling tse bonahalang li kenya chelete e ngata, tse kang merero ea temo le ea kaho. Batho ba bangata ba nka mokhoabo oa lifate tsa mangrove e le feela sebaka se seretse, se nkhang hampe le se tletseng menoang seo ho leng molemo ho se qoba.

Leha ho le joalo, ’nete ke hore lifate tsa mangrove li phetha karolo ea bohlokoa, e bileng e bolokang bophelo. Metso ea tsona e ikhethang e khonang ho kenya moea le ho mamella letsoai e entse hore ho be le lintho tse ngata-ngata tse phelang ho tsona. Ke tsa bohlokoa indastering ea ho tšoasa litlhapi le ea mapolanka, hape ke tsa bohlokoa liphoofolong le limeleng tsa naha. Li bile li thibela khoholeho ea mobu libakeng tse haufi le lebōpo ka ho li sireletsa maholiotsoaneng a matla ao mohlomong a neng a ka ’na a bolaea batho ba likete. Ka sebele, re lokela ho ananela lifate tsa mangrove!

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 24]

Ho Bokella Mahe a Linotši Lifateng Tsa Mangrove!

Meru e meholo ka ho fetisisa lefatšeng ea lifate tsa mangrove e Sundarbans, e leng sebaka se seholo se Molomong oa Nōka ea Ganges, e parolang India le Bangladesh. Batho ba bang ba phelang moo ke Mamowalise, a iphelisang ka lintho tse fumanehang lifateng tsena. A etsa mosebetsi o kotsi ka ho fetisisa sebakeng sena.

Mamowalise a bokella mahe a linotši. Ka April le May selemo se seng le se seng, a ipeha kotsing ka ho ea merung e lulang e feto-fetoha ea lifate tsa mangrove ho ea bokella mahe a linotši. Linotši tsa moo li khōlō, li hōla ho fihlela li ka ba lisenthimithara tse ’nè ka bolelele. ’Me li bohale haholo hoo ho bileng ho tsebahalang hore li bolaea litlou!

Ba bokellang mahe a linotši ba nka lirumula tse entsoeng ka makhasi a lifate tsa mangrove, ’me mosi oa tsona o leleka linotši. Ba bohlale ba siea karolo e itseng ea mahe a linotši e le hore li tle li hahele hape, ’me ka mokhoa oo ba fumana mahe a tsona selemo le selemo.

Hase linotši feela tse kotsi ho batho ba bokellang mahe a linotši. Lintho tse ling tse kotsi li akarelletsa likoena le linoha tse mahloko tse lulang merung ea lifate tsena. Hape masholu a ka ’na a ba lalla ha ba tsoa morung ba nkile mahe a linotši le boka ba tsona. Le hoja lintho tse boletsoeng ka holimo li le kotsi, ntho e kotsi ka ho fetisisa ke nkoe e bitsoang Royal Bengal. Selemo se seng le se seng, liphoofolo tsena li bolaea batho ba bokellang mahe a linotši ba pakeng tsa 15 le 20.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Zafer Kizilkaya/Images & Stories

[Litšoantšo tse leqepheng la 23]

Lifate tsa mangrove le mahlomela a tsona lia atleha tikolohong e neng e ka bolaea boholo ba limela tse ling

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Top right: Zach Holmes Photography/​Photographers Direct; lower right: Martin Spragg Photography (www.spraggshots.com)/​Photographers Direct

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela