Ho Tsoela Pele ka Bophelo ho sa Tsotellehe ho ba Lesofe
KA MONGOLI OA TSOHA! BENIN
“NENG le neng ha ke tlatsa foromo e hlokang hore ke bolele morabe oa ka, ke tšoaea ‘Motho e Motšo,’ le hoja ke le mosoeu ho feta le batho ba tšoaeang ‘Motho e Mosoeu.’” John, Moafrika ea lulang naheng e ’ngoe ea Afrika Bophirimela haufi le moeli oa Benin le Nigeria, ke lesofe—ho bolelang hore o na le bothata bo bakoang ke liphatsa tsa lefutso bo etsang hore mahlo a motho, letlalo kapa moriri oa hae li haelloe ke ’mala oa tsona kapa o hle o be sieo (maemong a mang ho ameha mahlo feela). Ke batho ba bangata hakae bao e leng masofe? Boemo boo bo ama bophelo ba motho joang letsatsi le letsatsi? Ke eng e ka thusang batho baa hore ba itsoelle pele ka bophelo ho sa tsotellehe boemo boo ba bona?a
Le hoja batho ba batšo e le bona ba bonahalang haholo ha e le masofe, ho ntse ho e na le masofe lichabeng tsohle le merabeng eohle. Ho hakanngoa hore motho a le mong ho ba bang le ba bang ba 20 000 e ba lesofe.
Liphatsa tsa lefutso tse nang le bothata bo bakang bosofe li ka fetela melokong e latelang li sa bontše matšoao a letho. Ho bile joalo le tabeng ea John. Ha ho le ea mong ho beng ka eena ea hopolang hore ho kile ha e-ba lesofe ho baholo-holo ba bona.
Batho ba bangata ba hlalosa hore lentsoe “albinism [bosofe]” le qapiloe ke bafuputsi ba Mapotoketsi ba lekholong la bo17 la lilemo. Ha ba ntse ba tsamaea ka sekepe haufi le lebōpo la leoatle le Afrika Bophirimela, ba ile ba bona batho ba batšo le ba basoeu. Ba ile ba nahana hore ke merabe e ’meli e fapaneng, eaba ba bitsa ba batšo Ma-negro ’me ba basoeu ba ba bitsa ma-albino (masofe)—e leng mantsoe ao ka Sepotoketsi a bolelang ba “batšo” le ba “basoeu.”
Kamoo bo Amang Letlalo le Mahlo Kateng
Ha batho ba bangata ba lebala le lesoeu ba e-ba letsatsing ho se hokae, letlalo la bona lea ntšofala ha ’mala o bitsoang melanin, o hlaha ho sireletsa letlalo. Leha ho le joalo, bosofe ba John ke bo amang letlalo, mahlo le moriri, e leng bona bo tloaelehileng haholo.b Sena se bolela hore letlalo, moriri le mahlo ha li na melanin. See se ama letlalo la hae joang? Kaha ha le na melanin, letlalo la motho oa lesofe le chesoa habonolo ke letsatsi. Ho chesoa ke letsatsi ha ho monate ebile ho bohloko. Leha ho le joalo, masofe a sa sireletseng letlalo hantle a boetse a kotsing ea ho ba le kankere ea letlalo. Sena se etsahala haholo libakeng tse chesang tse mongobo.
Ka hona, mohato oa pele oo motho oa lesofe a ka sireletsang letlalo ka oona ke ka ho apara liaparo tse loketseng. Ka mohlala, John ke sehoai. Ka hona, ha a sebetsa masimong, o roala katiba ea setoroi e lephephe le leholo ’me o apara hempe e matsoho a malelele. Le hoja a ntse a itširelelitse joalo, o re: “Ka linako tse ling ke utloa eka ’mele oa ka ’ohle o besitsoe ka hare. Ha ke khutlela hae ’me ke ingoaea sephaka, ka linako tse ling ke eboha letlalo.”
Mohato o mong ke ho itlotsa ka setlolo se sireletsang letlalo letsatsing haeba se fumaneha. Ho molemo ho sebelisa setlolo se nang le bonyane tekanyo ea 15 ea matla a ho sireletsa letlalo letsatsing, ’me se nyeperetsoe letlalong metsotso e ka bang 30 pele motho a tsoela letsatsing, ka mor’a moo, a itlotse ka sona lihora tse ling le tse ling tse peli.
Bosofe bo ka boela ba ama mahlo ka litsela tse sa tšoaneng. Ka tloaelo, ’mala o pota-potileng thaka ea leihlo o thibela khanya ea letsatsi ho kena ka mahlong, o e lumella ho kena ka thaka ea leihlo feela. Leha ho le joalo, leihlo la motho oa lesofe ha le na ’mala o pota-potileng thaka ea leihlo, ’me sena se etsa hore khanya e kene le hona moo, ebe ea mo fahla. E le ho sireletsa mahlo, ba bangata ba roala kepisi, katiba ea letsatsi kapa likhalase tse thibelang mahlaseli a kotsi a letsatsi. Ba bang ba khetha ho sebelisa li-contact lense tse nang le ’mala. John o re hase hangata a sebelisang lintho tse sireletsang mahlo. Leha ho le joalo, bosiu teng o re ka linako tse ling o fahloa ke khanya ea mabone a likoloi.
Batho ba bangata ba lumela hore batho ba masofe ba mahlo a mafubelu, empa sena ha se ’nete. Boholo ba bona, lithaka tsa bona tsa mahlo li pota-potiloe ke ’mala o mothokoa, o mosootho kapa o moputsoa. Joale ke hobane’ng ha ba bonahala eka mahlo a bona a mafubelu? Facts About Albinism e re: “Tlas’a khanya e itseng, ho hlahella ’mala o mofubelu kapa o bofubelu bo ileng boputsoeng ka har’a thaka ea leihlo e nang le ’mala o fokolang. Bofubelu bona bo hlahella bo tsoa mothapong oa pono.” Sena se ka tšoantšoa le leihlo le hlahang le le lefubelu ka linako tse ling lifotong tseo ho ileng ha sebelisoa khanya ea k’hamera ha li nkoa.
Batho ba masofe ba atisa ho ba le bothata ba mahlo. Bothata bo bong ke ba ho se sebetse hantle ha methapo ea kutlo e fetisetsang boitsebiso bo mothapong oa pono bokong. Sena se ka etsa hore mahlo a se bonele hong ’me motho a sitoe ho bona hantle. Boemong bona ho thoe mahlo a lephekha. Phekolo e ka ’na ea akarelletsa hore motho a roale likhalase tsa mahlo kapa a buuoe.
Linaheng tse ngata, phekolo ha e eo kapa haeba e le teng, e turu haholo. John o sebetsana joang le boemo boo ba hae ba mahlo a lephekha? O re: “Ke lokela ho ba hlokolosi haholo. Ha ke tšela ’mila, ke sebelisa mahlo le litsebe. Ha ke bona koloi ’me ke utloa molumo oa eona, kea tseba hore ho ka ba kotsi hore ke tšele.”
Ho itsamaisa ho sa laoleheng ha mahlo le hona e ka ba bothata bo bong bo tsamaeang le ho ba lesofe. Sena se ka etsa hore motho a se ke a bona hantle, mohlomong a bonele haufi haholo kapa a bone lintho tse hōle feela. Likhalase tsa mahlo kapa li-contact lense li ka thusa motho hore a bone hantle, empa ha li lokise seo e hlileng e leng bothata. Ba bang ba ithutile ho tsepamisa mahlo ha ba bala ka hore ba behe monoana leihlong kapa ka hore ba sekamise hlooho.
Bothata bo boholohali ba John ha se ba mahlo a lephekha kapa ba ho itsamaisa ha mahlo ho sa laoleheng, empa ke ba hore o bonela haufi haholo. John, eo e leng Paki ea Jehova, o re: “Ke lokela ho beha ntho eo ke e balang haufi haholo le mahlo. Leha ho le joalo, ha ke se ke e behile moo ho loketseng, nka khona ho bala ka potlako. Sena se bohlokoa ha ke bala Bibele letsatsi le leng le le leng.” Oa phaella: “Ha ke fana ka puo libokeng tsa rōna tsa Bokreste, ke lokisetsa hantle e le hore ke se ke ka itšetleha haholo ka seo ke se ngotseng. Ke thabile haholo hore ebe Molula-Qhooa o hatisoa ka mongolo o moholo le ka puo ea heso ea Seyoruba.”
Ho ea sekolong e ka ba phephetso ho ngoana ea nang le bosofe bo amang mahlo. Batsoali ba nkang khato ea ho buisana le tichere kapa ba boholong sekolong pele likolo li buloa hangata ba ka fumana thuso bakeng sa bana ba bona. Ka mohlala, likolong tse ling boitsebiso bo ngoloa ka mebala e hlakileng botong, ho na le libuka tse ngotsoeng ka mongolo o moholo le lik’hasete tse mameloang. Ha ho e-na le tšebelisano e ntle pakeng tsa batsoali, matichere le batsamaisi ba sekolo, ngoana ea nang le bosofe bo amang mahlo a ka atleha sekolong.
Mathata Sechabeng
Boholo ba batho ba masofe ba ithuta ho tsoela pele ka bophelo ho sa tsotellehe boemo ba bona. Leha ho le joalo, ba bangata ba sitoa ho mamella sekhobo se bakoang ke ho ba lesofe. Sena se ka ba boima haholo-holo ho bana.
Likarolong tse ling tsa Afrika Bophirimela, bana ba masofe baa tlokoa kapa ba songoa ka lipolelo tse ba khethollang. Libakeng tse ling moo ho buuoang Seyoruba, ba bitsoa “Maafin” e bolelang ba “eisehang.” Ka tloaelo, batho ba baholo ha ba tlokoe joaloka bana. Le hoja batho ba bangata ba Afrika Bophirimela ba qeta boholo ba nako ba le ka ntle, batho ba bang ba masofe ba khetha ho se tsoele ka ntle. Sena se ka etsa hore habonolo feela ba ikutloe ba qheletsoe thōko kapa e le batho ba se nang thuso. Ke tsela eo John a neng a ikutloa ka eona pele a ithuta ’nete ea Lentsoe la Molimo. Ka mor’a hore a kolobetsoe ka 1974, tsela eo a neng a ikutloa ka eona ka bophelo e ile ea fetoha ka ho feletseng. John o ne a ikarotse ho batho ba bang, empa o ile a lemoha hore o na le boikarabelo ba hore a eo ruta ba bang ka tšepo e babatsehang eo a neng a ithutile ka eona. O re: “Kaha ha ba na kamano le Jehova, boemo ba bona bo bobe ho feta boloetse ba ka.” Na ho na le ba mo tlokang ha a le tšebeletsong? John o re: “Ka linako tse ling motho ea sa rateng molaetsa oa Bibele ka ho feletseng o mphoqa ka seo ke leng sona. Sena ha se ntšoenye hobane kea hlokomela hore motho eo o mphoqa ka lebaka la molaetsa oo ke o tsamaisang eseng ka lebaka la ponahalo ea ka.”
Nakong eo Bosofe bo Tla Fela
Lilemong tsa morao tjena, ho bile le liphetoho tse ngata phekolong ea mathata a amanang le bosofe. Saense ea bongaka e khona ho fana ka thuso ho feta leha e le neng pele. Ho thehiloe lihlopha tsa batho ba fananang malebela e le ho thusana hore ba utloisise boemo bona hantle. Leha ho le joalo, tharollo ea sebele e ke ke ea tlisoa ke batho, e tla tlisoa ke Molimo.
Joaloka mafu a mang, bosofe ke phello ea ho se phethahale hoo batho bohle ba ho futsitseng ho motho oa pele, Adama. (Genese 3:17-19; Baroma 5:12) Ka sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste, haufinyane Jehova o tla etsa hore bohle ba bontšang tumelo ba be le bophelo bo phethahetseng. Ka sebele, ke eena “Ea folisang mafu ’ohle a hao.” (Pesaleme ea 103:3) Nakong eo, bosofe bo ke ke ba hlola bo e-ba teng, kaha bohle ba nang le bona ba tla bona ha se boletsoeng ho Jobo 33:25 se phethahala ho bona: “Nama ea hae e ke e nchafale ho feta bocheng; a ke a khutlele matsatsing a mahlahahlaha a hae a bocha.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bosofe ha boa lokela ho kopanngoa le lefu la vitiligo. Bona Tsoha! ea October 8, 2004, leqepheng la 28.
b Sheba lebokose le sehloohong sena le hlalosang mefuta e meng ea bosofe.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]
“Kaha ha ba na kamano le Jehova, boemo ba bona bo bobe ho feta boloetse ba ka.”—John
[Lebokose le leqepheng la 28]
MEFUTA E MENG EA BOSOFE
Mefuta e ka sehloohong ea bosofe e akarelletsa e latelang:
Bo amang letlalo, mahlo le moriri. Melanin e hlahisang ’mala ha e eo ho tsona. Ho na le mefuta e ka bang 20 e sa tšoaneng sehlopheng sena.
Bo amang mahlo. Bona ke bosofe bo amang mahlo feela. Hangata letlalo le moriri li shebahala ka tsela e tloaelehileng.
Ho na le mefuta e meng e mengata ea bosofe e sa tsebahaleng hakaalo. Ka mohlala, mofuta o mong ke o amanang le lefu la Hermansky-Pudlak (HPS). Ba nang le bosofe bo amanang le lefu la HPS ba atisa ho tetetseha le ho tsoa mali habonolo. Batho ba bangata ba Puerto Rico ba na le mofuta ona oa bosofe, ho hakanngoa hore ke motho a le mong ho ba bang le ba bang ba 1 800.