Maikutlo a Babali
Bacha Baa Botsa . . . Nka Etsa’ng Haeba Ngoan’eso a Ipolaile? (June 2008) Pele ausi oa ka a hlokahala, o ne a qetile lilemo tse hlano a e-na le bothata ba ho tepella maikutlo. Kaha ke ne ke bone kamoo ho kula ho mo sulafalelitseng bophelo kateng, ke ne ke ee ke re, ‘A tla a phela bophelo bo bosula!’ Empa sehlooho sena sa Tsoha! se ile sa re khothalletsa hore re hopole liketsahalo tse thabisang. Ha ke ntse ke nahana ka lintho tse thabisang tsa nakong e fetileng ke ile ka hlokomela hore ha e le hantle ausi oa ka o ne a sa ‘phele bophelo bo bosula’ empa hore o ne a thabile, kaha boholo ba nako ho ne ho etsahala lintho tse thabisang ho feta tse bosula.
S. Y., Japane
Bacha Baa Botsa . . . Ke Hobane’ng ha Batsoali ba ka ba sa Ntšepe? (April 2008) Ha ke ntse ke bala melao-motheo ea Bibele e ngotsoeng sehloohong sena sa Tsoha! ’me ke e sebelisa, ke ile ka ithuta hore ho ba ea ka tšeptjoang le ea hōlileng tsebong ho tšoana le ho hloa litepisi, hase feela monyako oo motho a ka ikenelang ka oona. E le hore batsoali ba ka ba mphe bolokolohi bo eketsehileng, ho ne ho hlokahala hore ke ba bontše hore kea tšepahala. Ke ne ke lokela ho qeta mosebetsi oo ke o fuoeng lapeng le oa sekolo o etsetsoang hae. Kea leboha ka lihlooho tse kang sena.
T. L., United States
Ho Tsoela Pele ka Bophelo ho sa Tsotellehe ho ba Lesofe (July 2008) Kaha ke na le bosofe, qalong ke ile ka thaba ha ke bona sehlooho sena. Empa ke ile ka hlabeha ha ke bona ho sebelisitsoe lentsoe “lesofe” hangata sehloohong sena. Le ’nile la sebelisoa ka tsela e nyelisang e bontšang ho nyatsa batho ba mofuta ona.
A. L., United States
Karabo ea “Tsoha!”: Re masoabi ka ntho leha e le efe e ngotsoeng sehloohong sena e ka ’nang eaba e utloisitse ba babali ba rōna bohloko. Re sebelisitse lentsoe “lesofe” re itšetlehile ka tsela eo le sebelisoang ka eona litabeng tsa bongaka. Leha ho joalo, rea lumela hore batho ba bang ba ’nile ba sebelisa lentsoe lena ka tsela e hlabang. Ka lehlakoreng le leng, batho ba bangata ba nang le bosofe ba amohela lentsoe lena ’me ha ba hlabehe ha le sebelisoa. Ka sebele e ne e se morero oa rōna ho khopisa motho leha e le ofe.
Kea leboha ha le hatisitse sehlooho sena, kaha le ’na ke lesofe joaloka John. Ke ile ka thabela ho bala sehlooho se buang ka masofe se nang le boitsebiso ba ’nete, bo nahannoeng ka hloko, bo rutang le bo behang motho leseling. Sehlooho sena se thusitse metsoalle ea ka ho utloisisa boemo ba ka hamolemo.
T. M., United States
Lerato le Leng Matla ho Feta Leholiotsoana! (August 2008) Lihlooho tse kang sena li nkhopotsa hore ha kea lokela ho tšoenyeha ka bokamoso empa ke lokela ho itšetleha ka ho feletseng ka Molimo. Lilemong tse tharo tse fetileng ke ile ka bona kameho e mofuthu ea bara ba motho ha leholiotsoana le ne le soahlamantse ntlo ea batsoali ba ka bao e seng Lipaki. Lipaki Tsa Jehova tsa sebakeng seo li ile tsa ba phallela ka potlako. Ke leboha Jehova hore ebe ke karolo ea mokhatlo oa hae.
D. W., Poland
Kamoo Poone e Hlollang Kateng (August 2008) Lapeng re ne re lemme poone serapeng sa meroho, empa re ne re sa khone ho kotula poone e lithollo li lekanang moleng ka mong. Sehlooho sena se re thusitse ho utloisisa lebaka. Re ne re khona ho lema mahlaka a mahlano kapa a tšeletseng feela, kahoo peō e ne e sa khone ho nyalana hantle joaloka ea poone e lenngoeng tšimong e khōlō. Selemong se fetileng, re ile ra nyalanya peō e tona le e tšehali ka hloko, ’me ra atleha ho kotula poone e tsoekere, e monate e bile e e-na le lithollo tse lekanang moleng ka mong. Ke leboha ho menahane.
R. W., Japane