Kamoo Poone e Hlollang Kateng
HO FIHLELA lilemong tse seng kae tse fetileng, Harlin e ne e le sehoai sa poone sebakeng se haufi le Finger Lakes se New York, United States. Kamehla o ne a thabela ho hlalosetsa baeti le metsoalle kamoo poone e hlollang kateng. Tsoha! e kōpile Harlin hore a hlalosetse babali ba rōna tse ling tsa lintho tseo a li tsebang. Hape re tla hlahloba lintlha tse ling tse thahasellisang ka semela sena se hlollang. Ka mohlala, poone e tsoa hokae? Ho tlile joang hore e be teng likarolong tse ngata tsa lefatše? Hona semela see se sebelisoa ka litsela life? A re utloeng kamoo Harlin a hlalosang kamoo poone e hlollang kateng.
Semela “se Buang” le Uena
“Ke nka hore poone e entsoe ka tsela e bohlale le e ikhethang. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e pooneng, ho akarelletsa makhapetla a eona le lithollo tsa eona e hlophisitsoe hantle ka tsela e khahlang le e hlollang. Ho feta moo, ha poone e ntse e hōla ‘e bua’ le uena. Ea u bolella ha e nyoriloe le ha e sa matlafala. Lesea lea lla ha le batla ntho e itseng. Poone e ntseng e hōla le eona ho tšoana le limela tse ling, e fana ka matšoao a itseng, a kang ’mala oa makhasi le sebōpeho sa ’ona, ho bontša hore e hloka lintho tse itseng. Ke habohlokoa hore motho a utloisise matšoao ao.
“Makhasi a bofubelu bo isang bophereseng a ka ’na a bontša hore e haelloa ke phosphate. Matšoao a mang a ka ’na a bontša hore e haelloa ke magnesium, naetrojene, kapa potash. Sehoai se ka boetse sa bona haeba poone e na le lefu le itseng kapa e sentsoe ke lik’hemik’hale.
“Joaloka balemi ba bang bohle ba poone, ke e lema nakong ea selemo, kaha ha mobu o futhumetse seo se etsa hore peō e mele. Ka mor’a likhoeli tse ’nè ho isa ho tse tšeletseng, ha poone e se e hōlile, lehlaka la eona le ba bolelele ba limithara tse ka bang peli.
“Poone e hōla ka mekhahlelo eo motho a khonang ho e bona ka palo ea makhasi a eona. Ha e se e hlahisitse makhasi a mahlano, hoa totobala hore e khona ho sebelisa lik’hemik’hale ’me e se e hlophisehile. Metso e qala ka ho hlahlobisisa boemo ba mobu. Seo e se fumaneng e ba moralo oa kamoo litsebe tsa eona li tlang ho hōla kateng, ’me seo se ama mela e tla ba teng seqong. Joale ha e se e hlahisitse makhasi a 12 ho isa ho a 17, ho tseba boemo ba mobu ho boetse ho thusa ho bontša hore na poone e tla hlahisa lithollo tse kae seqong. Ka mantsoe a mang, lehlaka ka leng le na le tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho sebelisa mobu. Bopaki bo bong bo bontšang kamoo e entsoeng ka tsela e hlollang kateng ke ba ho ikatisa ha eona ka tsela e rarahaneng.”
Lihloohoana, Lichakatsa le Bolepo
“Lehlaka ka leng la poone le na le peō e tona le e tšehali. Ntlha e nchocho e hlahellang ka holimo ke karolo e tona, e leng hloohoana. Hloohoana ka ’ngoe e na le lichakatsa tse ka bang 6 000. Tsona li ntša phofshoana e ngata ea peō. Peō ena e nkoa ke moea ’me e kopana le peō e tšehali, e liqoaping tsa limela tse ling tse haufi tse e-s’o behe. Peō ena e tšehali e sireletsoa hantle ke makhapetla.
“Peō e tona e feta joang makhapetleng aa ho ea fihla peōng e tšehali? E tsamaea ka bolepo. Bolepo ke likhoele tse tšoeu tse bonojoana tse leketlang qoaping e sa eboloang ea poone. Qoapi ka ’ngoe e na le tse makholo. Haeba u latella bolepo ka bong ho ea mohloling oa bona, u tla fihla peōng e tšehali. Bolepo ka bong bo tsoa peōng e le ’ngoe e tšehali. Peō ka ’ngoe e hlahisa thollo ea poone.
“Lintlha tse hlaheletseng ka ntle tsa bolepo, tse tsukutloang ke moea o nang le peō e tona, li na le boea bo bosesaane boo peō e moeeng e itšoarellang ho bona. Hang ha karolo eo e hlaheletseng ka ntle ea bolepo e tšoara peō e tona, e theohela tlaase ho ea kopana le peō e tšehali.
“Moo ho se nang lithollo ho bontša hore bolepo bo bong bo ne bo sa fumana peō e tona, mohlomong hobane bo liehile ho hōla. Seo se ka etsahala ha mobu o omeletse. Le tabeng ena haeba sehoai se tseba matšoao, hangata se ka etsa ho itseng ho rarolla bothata le ho thusa lijalo hore li behe—mohlomong tse lenngoeng kapa tse latelang. Ntho e ’ngoe eo ke neng ke e etsa ho ntlafatsa kotulo e ne e le ho lema poone selemong sena ebe se latelang ke lema linaoa. Linaoa li etsa hore mobu o be le naetrojene ’me liboko tse jang poone ha li li je.a
“Kamehla pelo ea ka e tlala thabo ha ke bona tšimo e neng e letse e fetoha butle ho ba e tala ’me e hlahisa chai—’me tsena tsohle li etsahala ka tsela e khutsitseng, e hloekileng le e khahlang mahlo. Ka sebele ke kholisehile hore poone—joaloka limela tse ling tsohle—ke semela se hlollang pōpong. ’Me lintho tseo ke ithutileng tsona e sa le linyane feela.”
Na seo Harlin a se buileng se leolitse takatso ea hao ea ho ithuta lintlha tse ling ka semela see se hlollang? Nahana ka pale ea sona le litsela tse ngata tseo se sebelisoang ka tsona.
Ho Tloha Mexico ho ea Likarolong Tsohle Tsa Lefatše!
Ho lengoa ha poone ho qalile Linaheng tsa Amerika, mohlomong Mexico, ’me ha namela libakeng tse ling. Batho ba Peru ba mehleng ea pele ho Inca ba ne ba rapela molimotsana oa poone ea neng a khabisitsoe ka moqhaka oa liqoapi tsa poone tse neng li hlaheletse hloohong ea hae joaloka lipèke tsa lebili. Joseph Kastner ea ngolang ka lintho tsa tlhaho o re Maindia a Linaheng tsa Amerika “a ne a rapela [poone] e le ntho e entsoeng ke melimo le eo motho a entsoeng ka eona . . . Ho e lema ho ne ho le litšenyehelo li tlaase, lehlaka ka leng le ne le khona ho fa motho lijo tsa letsatsi.” Batho ba sebakeng seo ba ne ba boetse ba ja linaoa, e leng seo batho ba linaheng tsa Latin-America ba ntseng ba tloaetse ho se etsa le kajeno.
Batho ba Europe ba ile ba sibolla poone ka 1492 ka mor’a hore mofuputsi Christopher Columbus a fihle Lihlekehlekeng Tsa Caribbean. Mora oa Columbus ea bitsoang Ferdinand o ile a ngola hore ntate oa hae o bone lijo-thollo “tseo ba li bitsang poone ’me li monate haholo, ha li phehiloe ka metsi, li besitsoe kapa li sitsoe hore e be phofo.” Columbus o ile a khutlela ha habo le peō, ’me Kastner o ile a ngola hore “lilemong tsa bo-1550 [poone] e ne e se e lengoa Spain, Bulgaria le Turkey. Batho ba hoebang ka makhoba ba ile ba ea le poone Afrika . . . Banna ba Magellan [mofuputsi Ferdinand oa Mosepanishe ea hlahetseng Portugal] ba ile ba tlisa peō ena ea Mexico, naheng ea Philippines le Asia.” Ke kamoo batho ba ileng ba qala kateng ho sebelisa poone.
Kajeno poone e boemong ba bobeli ba lijo-thollo tse sebelisoang ka ho fetisisa lefatšeng, e latela koro. Lijo-thollo tse boemong ba boraro ke raese. Mefuta ena e meraro ea lijo tsa motheo e fepa batho ba bangata hammoho le liphoofolo.
Ho tšoana le limela tse ling tsa lijo-thollo, poone e na le mefuta e sa tšoaneng. Ha e le hantle, United States feela ho na le mefuta e fetang 1 000 e tsejoang ka mabitso, ho akarelletsa e nyalisitsoeng. Mahlaka a limela tsena aa fetana, a mang a bolelele ba lisenthimithara tse 60 ha a mang a le ba limithara tse tšeletseng! Liqo le tsona lia fetana ka bolelele. Tse ling li bolelele ba lisenthimithara tse hlano; ha tse ling li le bolelele ba lisenthimithara tse 60. Buka ea Latin American Cooking e re: “Mefuta e meng ea poone e lengoang kajeno Amerika Boroa e hlahisa liqo tse khōlō tse nang le lithollo tse sephara tse bolelele le bophara ba lisenthimithara tse 2,5.”
Poone e boetse e na le mebala e sa tšoaneng. Ntle ho e ’mala o mosehla, ho boetse ho na le e khubelu, e putsoa, e pinki kapa e ntšo. Ka linako tse ling, lithollo li ka ’na tsa etsa hore eke seqo se tlanngoe ka lebanta, se matheba, kapa hore eke se metsero. Ke ho utloahalang hore ebe ka linako tse ling liqo tseo tse mebala-bala ha li apehoe, ho e-na le hoo e ba mekhabiso e hapang mahlo.
Lijo-thollo Tse Sebelisetsoang Lintho Tse Ngata
Ho na le mefuta e sa tšoaneng ea poone: ke poone ea lepolanka, ea lekutumane, ea borotho, e tsoekere, e khomarelang menong le e etsang liqhoome. Poone e tsoekere ha ea ata. E etsoa tsoekere ke maemo a sa tloaelehang a etsang hore tsoekere e ngata e se ke ea fetoha setache joaloka pooneng e tloaelehileng. Lefatšeng ka bophara, karolo e fetang 60 lekholong ea poone e feptjoa liphoofolo ha karolo e ka tlaase ho 20 lekholong eona e jeoa ke batho. Karolo e setseng e rekisetsoa liindasteri kapa ho etsoa peō ka eona. Ke ’nete hore e sebelisoa ka litsela tse sa tšoaneng ho ea ka linaha ho fapana.
Poone e sebelisetsoa lintho tse ngata. Poone kapa likarolo tse ling tsa eona li ka fumanoa hoo e batlang e le linthong tsohle ho akarelletsa likhomaretsi, mayoneise, joala le maleiri a lahloang. Poone e sebelisoa esita le tlhahisong ea mafura ho hlahisa ethanol, le hoja ba bang ba le khahlanong le seo. Ke ’nete hore ho ntse ho sibolloa litsela tse ling tseo semela sena se hlollang se ka sebelisoang ka tsona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sheba sehlooho se reng “Tšebelisano e Hlollang Mobung, Na e Entsoe?” leqepheng la 25.
[Lebokose mo leqepheng la 11]
Poone e Nyalisitsoeng
Linaheng tse ngata, lihoai tsa poone li atisa ho lema poone e nyalisitsoeng kaha e na le chai e ngata. Mefuta e mengata ea poone ea lepolanka e hlahisoa ka ho kopanya mefuta e sa tšoaneng ea poone le ho nyalisa khafetsa mefuta e batlang e tšoana e nang le lintho tse itseng tse ratehang. Empa mokhoa ona o bolela hore lihoai li lokela ho reka peō nako le nako ha li lema. Hobane’ng? Hobane ha li etsa peō ka poone e kotutsoeng seo se ka ’na sa hlahisa poone ea boleng bo tlaase ’me sa fokotsa chai.
[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 10]
Lefatšeng ka bophara ho na le mefuta e makholo ea poone
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Courtesy Sam Fentress
Courtesy Jenny Mealing/flickr.com