Tšebelisano e Hlollang Mobung
Na e Entsoe?
◼ Ho na le tšebelisano e hlollang mobung pakeng tsa limela tse itseng le libaktheria e le hore lintho li phele.
Ak’u nahane: Ho hlokahala naetrojene hore limela li hōle le hore li ikatise. Empa khase eo e lokela ho fetoloa hore e hlahise metsoako e kang ammonia pele limela li ka e sebelisa. Limela tsa mofuta oa linaoa li rarolla bothata bona ka ho sebelisana le libaktheria tse bitsoang rhizobia. Ha lintho tse phelang tse sa tšoaneng li sebelisana ka tsela ena ho thoe lia phelisana.
Limela tsa mofuta oa linaoa li na le k’hemik’hale e ikhethang e hohelang libaktheria hore li kene metsong. Makasine ea Natural History e re le hoja libaktheria le limela li oela mefuteng e sa tšoaneng ea lintho tse phelang, li sebelisana hammoho “ho hlahisa ntho e ’ngoe e ncha: e leng likotoloana tse motsong tse fetolang naetrojene.” Ha li le ka har’a likotoloana tsena, e leng lehae la tsona le lecha le moo li sebeletsang teng, libaktheria li qala ho sebetsa. Motsoako o ka sehloohong oo li o sebelisang ke o nang le protheine e bitsoang nitrogenase, oo li o sebelisang ho fetola naetrojene e mobung.
Natural History e re: “Nitrogenase e lefatšeng ka bophara . . . e ka fella ka nkhong e le ’ngoe e khōlō.” Kahoo molek’hule e ’ngoe le e ’ngoe ke ea bohlokoa! Empa ho na le bothata. Motsoako ona o nang le nitrogenase o senngoa ke oksijene. Joale tharollo ke efe? Limela tsa mofuta oa linaoa li ntša lero le khethehileng le monyang oksijene leha e le efe e ka ’nang ea e-ba kotsi.
Lera le potolohileng likotoloana le laola tsela eo libaktheria le limela li fapanyetsanang ammonia, tsoekere le limatlafatsi tse ling ka eona. Qetellong limela tsa mofuta oa linaoa le tsona lia shoa ho tšoana le limela tse ling tsohle. Ha li e-shoa, ammonia e sala mobung. Kahoo, ka nepo limela tsa mofuta oa linaoa li ’nile tsa bitsoa hore ke “monontša o motala.”
U nahana’ng ka see? Na libaktheria le limela tseo li sebelisanang le tsona li ne li ka “qapa” tsela e hlollang joalo le e rarahaneng e etsang hore lintho li phele, kapa hoo e sa le bopaki bo bong ba hore lintho tseo li entsoe?
[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 25]
Kotoloana e motsong
[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 25]
Background: © Wally Eberhart/Visuals Unlimited; inset: © Dr. Jack M. Bostrack/Visuals Unlimited