Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/08 maq. 10-12
  • Nare ea Europe—E Sirelelitsoe Hore e se ke ea Fela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nare ea Europe—E Sirelelitsoe Hore e se ke ea Fela
  • Tsoha!—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Li Batlile li Fela
  • Li Boetse Lia Ata
  • Na li Sirelelitsoe Hore li se ke Tsa Fela?
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2008
  • Sebaka sa Polokelo ea Liphoofolo na ke Eona Tšepo Feela Bakeng sa Liphoofolo Tse Hlaha?
    Tsoha!—1997
  • Ho Etela Lirapa Tsa Liphoofolo Kajeno
    Tsoha!—2012
  • Europe e Kopaneng—Ke Hobane’ng ha e ka ba e Tsotellehang?
    Tsoha!—2000
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 10/08 maq. 10-12

Nare ea Europe—E Sirelelitsoe Hore e se ke ea Fela

KA MONGOLI OA TSOHA! POLAND

Batho ba tsomang liphoofolo ka ntle ho tumello ba ne ba thabile. Ba ne ba fumane mohlala oo ba ntseng ba o batla. Ba ile ba o sala morao, ’me qetellong ba bona phofu ea bona. E ne e e-na le boea bo bosootho bo loileng; e le litelu li ntšo, e le manaka a kobehileng. E ne e ratoa ka lebaka la nama ea eona le letlalo la eona kaha li ne li rekoa ka chelete e ngata.

Qalong batho bana ba ile ba lematsa phoofolo ena ha ba e thunya. E ile ea balehela ka morung ho ea ipata, empa ha se ke ha thusa letho. Ba ile ba boela ba e thunya ’me ba e otla botsekeng, eaba phoofolo ena e boima ba halofo ea thane e oela fatše. Batho bana ba ne ba sa tsebe hore ketso eo ea bona e tla lula e hopoloa. E ne e le ka April 1919, ’me ba ne ba bolaile nare ea ho qetela ea Europe e phelang mabalane a Poland. Ka lehlohonolo, ka nako eo linare tse ling li ne li le libakeng tsa polokelo ea liphoofolo le mapolasing a batho.

QALONG linare tsa Europe (Bison bonasus), li ne li lalasa ka bongata karolong e khōlō ea k’honthinente ea Europe. E khōlō e tona e ka ba boima ba lik’hilograma tse 900 ’me ea e-ba bophahamo ba limithara tse peli ho ea fihla selōteng. Liphoofolo tsena tsa litonanahali li ’nile tsa bitsoa linkokonono tsa morung.

Se khethollang nare ena ka ho khetheha ke hore karolo e ka pele ha e lekane le e ka morao. Mahetleng e sephara ebile e selōta, ha nkotong teng e le tšesaane. Ha e na boea bo bokaalo nkotong, ha karolong e ka pele teng e e-na le boea bo bolelele, bo makhisa le litelu.

Li Batlile li Fela

Ho hakanngoa hore kajeno ho setse linare tsa Europe tse likete tse seng kae feela. Merero ea temo le ho senngoa ha meru ho felisitse lehae la tsona, ’me masholu a li tsoma ka ho hloka mohau. Lekholong la borobeli la lilemo, linare tsohle tsa Europe li ne li felile Gaul (Fora le Belgium ea kajeno).

Lekholong la bo16 la lilemo, marena a Poland a ile a nka bohato ba ho sireletsa liphoofolo tsena. Morena e mong oa pele oa hore a nke bohato ke Sigismund II Augustus, ea ileng a laela hore motho ea bolaeang nare ea Europe a ahloleloe lefu. Ke hobane’ng ha a ile a laela seo? Dr. Zbigniew Krasiński oa Białowieza National Park, o ile a re: “Sepheo sa ho sireletsa liphoofolo tsena e ne e le hore babusi le baeletsi ba bona ba li tsome e le mehope ea tlhōlo.” Le hoja molao o ne o fana ka kotlo e boima, o ile oa hlōleha ho sireletsa nare ena ea naheng, ’me qetellong ea lekholo la bo18 la lilemo, nare ea Europe e ne e se e fumaneha feela Morung oa Białowieza, o ka bochabela ho Poland le sebakeng se lithaba se ka boroa-bochabela ho Europe le boroa-bophirimela ho Asia.

Qetellong, lekholong la bo19 la lilemo lintho li ile tsa qala ho ntlafala. Ka mor’a hore ’Muso oa Russia o hape Moru oa Białowieza, Moemphera Alexander I o ile a laela hore nare ea Europe e sireletsoe. Ka mor’a nakoana, liphello tsa seo li ile tsa bonahala. Lenane la linare le ile la ’na la eketseha, ’me ka 1857, linare tsa Europe tse ka bang 1 900 li ne li phela sebakeng se sirelelitsoeng ke ’muso. Hamorao, ho ile ha thehoa litsi tseo linare tsena li neng li fepeloa ho tsona mariha. Li ile tsa lokisetsoa ka hloko libaka tseo li noelang ho tsona, ’me tsa etsetsoa masimo ao li lemeloang lijo ho ’ona.

Ka bomalimabe, linare tsena li ile tsa thabela boiketlo ka nakoana feela. Le pele ho feta lilemo tse 60, lenane la tsona le ne le se le fokotsehile ka halofo. Ho qhoma ha Ntoa ea I ea Lefatše ho ile ha mpefatsa boemo ba linare tsa Europe. Le hoja Jeremane e ne e laetse hore “linare tsena li baballoe molemong oa ho ba seemahale se ikhethang melokong e tlang,” mehlape ea tsona e ile ea bolaoa ke mabotho a Jeremane a balehang ntoeng, ea bolaoa ke masole a Russia a a loantšang ’me ea bolaoa le ke masholu a lulang a li tsoma. Joalokaha ho hlalositsoe kenyelletsong ea sehlooho sena, ka 1919 ho ile ha bolaoa nare ea ho qetela ea naheng, Poland.

Li Boetse Lia Ata

E le ho leka ho sireletsa liphoofolo tsena, ka 1923, ho ile ha thehoa Mokhatlo oa Machaba oa Tšireletso ea Linare Tsa Europe. Sepheo sa oona se ka sehloohong e ne e le ho fumana lenane la linare tseo mofuta oa tsona o sa nyalisoang le e meng, tse libakeng tse sirelelitsoeng.a Ho ile ha fumaneha hore ho na le linare tse 54 tsa Europe tse phelang mabalane tseo mofuta oa tsona o sa nyalisoang le e meng tse ntseng li phela libakeng tse ’maloa tsa polokelo ea liphoofolo lefatšeng ka bophara. Leha ho le joalo, tse ling li ne li se boemong ba hore li ka tsoalisoa. Tse ling li ne li se li tsofetse, ha tse ling tsona li ne li kula. Qetellong ho ile ha khethoa tse 12 hore li eketse lenane la tsona. Ke ho tsebahalang hore linare tsohle tsa Europe tse phelang mabalane li tsoa ho tse hlano feela tsa tsona.

Ka hoetla ka 1929, ho ile ha etsahala ntho e ikhethang ha linare tse peli tsa Europe tse phelang mabalane li khutlisetsoa naheng. Li ile tsa isoa sebakeng se sirelelitsoeng ka ho khetheha se Morung oa Białowieza. Ka mor’a lilemo tse leshome li ile tsa eketseha ’me tsa e-ba 16.

Na li Sirelelitsoe Hore li se ke Tsa Fela?

Mathoasong a lekholo la bo21 la lilemo, ho ne ho e-na le linare tsa Europe tse ka bang 2 900 lefatšeng ka bophara. Tse ka bang 700 li ne li le Poland. Ho theosa le lilemo, mehlape ea tsona e ile ea isoa Belarus, Kyrgyzstan, Lithuania, Russia le Ukraine.

Empa sena hase bolele hore linare tsa Europe ha li sa le kotsing. Li ntse li le kotsing ea ho hlaseloa ke mafu a seoa, ho tšoaroa ke maloetse, ho haelloa ke lijo le metsi le ho bolaoa ke masholu a tsoelang pele ho li tsoma. Bothata bo bong bo tebileng ke ba liphatsa tsa lefutso tse nang le bokooa bo itseng, bo bakoang ke ho haella ha liphatsa tsa lefutso. Ka mabaka ana, nare ea Europe e ntse e le Lethathamong la Tse Kotsing ea ho Fela, le nang le limela le liphoofolo tse kotsing ea ho fela lefatšeng ka bophara.

Boiteko boo batho ba bo entseng ho baballa liphoofolo tsena ke bona bo entseng hore ebe li ntse li le teng le mehleng ena ea rōna. Leha ho le joalo, Dr. Krasiński, ea qotsitsoeng pejana, o re hopotsa hore “se etsahetseng ka linare tsa Europe se bontša kamoo batho ba ka nkang nako e khutšoanyane kateng ho etsa hore lintho tse phelang li be mothating oa ho fela ebe joale ho etsoa boiteko bo matla ba ho li sireletsa.” Ha ho tsebahale hantle hore na ho tla etsahala’ng ka liphoofolo tsena hammoho le tse ling tse ngata. Empa hajoale “linkokonono tsa morung” li sirelelitsoe hore li se ke tsa fela.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho na le mefuta e ’meli ea linare tsa Europe—o mong ke oa mabalane, ha o mong e le oa lithabeng. Nare ea ho qetela e phelang lithabeng e ile ea shoa ka 1927. Empa pejana ho moo, nare e ’ngoe e tona ea habo eona e ile ea tlōlela nare e phelang mabalane, ’me tsa hlahisa nare ea mofuta o nyalisitsoeng. Linare tsena tsa mofuta o nyalisitsoeng oa ka lithabeng li ntse li le teng.

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Nare ea Europe, Białowieza National Park

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

All photos: Białowieski Park Narodowy

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela