Moo Nōka e Khutlelang Morao
KA MONGOLI OA TSOHA! CAMBODIA
NA U se u kile ua bona nōka e phalla e khutlela morao? Na moru o qetang likhoeli tse tšeletseng o le ka tlas’a metsi oona u kile ua o bona? Na u ne u tseba hore ho na le batho ba lulang matlong a phaphametseng metsing a lokelang ho tlosoa hobane metsi a fela? Mohlomong u re “ha ho na ntho e joalo!” U ka ’na ua bua se fapaneng ka mor’a hore u etele Cambodia nakong eo ho nang pula e ngata.
Ho tloha bohareng ba May ho ea khoeling ea October, letsatsi le leng le le leng, leholimo le hlakileng hoseng lea fifala ’me thapama ho tšoloha pula. Metsi a tlala libakeng tse neng li omeletse, li le lepoqo, ’me linōka li ja litlhokoa.
Ke Hobane’ng ha e Khutlela Morao?
Sheba ’mapa o bontšitsoeng. Hlokomela moo Nōka ea Mekong e khōlō e kopanang teng le Nōka ea Tonle Sap. Metsi a linōka tsena aa kopana ’me a mang a sala Nōkeng ea Mekong ha a mang a kena Nōkeng ea Bassac. Ka mor’a moo, linōka tsena li phalla li lebile boroa ho pholletsa le naha ea Vietnam, ho fihlela li fihla moo Nōka ea Mekong e seng e tla kena leoatleng.
Hang ka mor’a hore nako ea lipula e qale, phula eo molomo oa nōka o leng ho eona e tlala metsi. Metsi a phallang ka bongata a tlatsa linōkana tse pshang ka linako tse itseng tsa selemo. Ha lipula li ntse li tsoela pele ho na, metsi a Nōka ea Tonle Sap a sitoa ho fetela pele ’me a qala ho phalla a leba leboea ho e-na le hore a lebe boroa moo ka tloaelo a phallelang teng. Ka tsela ena, metsi a nōka ena e jang litlhokoa a khutlela morao ho fihlela a fihla Letšeng la Tonle Sap.
Letša lena le phuleng e ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse 100 ho tloha Phnom Penh, e leng motse-moholo oa Cambodia. Ha pula e sa ne, letša lena le boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse 3 000. Leha ho le joalo, nakong ea lipula, metsi a etsa hore letša leo le be leholo ka makhetlo a mane ho isa ho a mahlano ho feta kamoo le leng kateng, e leng ho etsang hore letša lena e be le leholo ka ho fetisisa Asia e ka Boroa-bochabela.
Libakeng tseo pele ho neng ho e-na le masimo a raese, litsela, lifate le metse ho tlala metsi. Batšoasi ba litlhapi, bao likepe tsa bona li neng li phaphamala metsing a botebo ba mithara, ba tsamaisa likepe tsa bona holim’a lifate, metsing a seng a le botebo ba limithara tse 10! Libakeng tse ling, ka tloaelo ha metsi a le mangata joalo seo se nkoa e le koluoa. Empa batho ba Cambodia bona hangata ba nka sena e le tlhohonolofatso. Hobane’ng?
Melemo ea Likhohola Tsena
Metsi a Nōka ea Tonle Sap a khutlelang morao a tla a hohotse mobu o nonneng ’me a o hlatsetsa libakeng tse haufi le nōka ena. Ho feta moo, litlhapi tse ngata li tla letšeng lena li tsoa Nōkeng ea Mekong ’me li fihla li behella sebakeng sena se nonneng. Ha e le hantle, Letša la Tonle Sap ke o mong oa mehloli e nang le litlhapi tse ngata ka ho fetisisa lefatšeng, tseo e seng tsa leoatleng. Ha nako ea lipula e fetile, metsi a kokobela ka potlako letšeng hoo ka linako tse ling batšoasi ba litlhapi ba fumanang tse ling li ntse li tšoasehile lifateng!
Metsi ana a bang teng ka bongata selemo le selemo a etsa hore ho be le liphetoho tikolohong le linthong tse phelang ho eona. Lifate le limela tse ling tse phuleng ena e tlalang metsi li hōla ka tsela e sa tšoaneng le tsa moo ho se nang likhohola. Ka tloaelo, lifate tsa libakeng tsa tropike li hōla butle, ’me nakong eo lipula li sa neng, makhasi a tsona aa hlohloreha ’me nakong ea lipula li hlahisa mahlomela. Empa lifate tse sebakeng sa Tonle Sap tsona makhasi a tsona ha a hlohlorehe ho fihlela ha li koahetsoe ke metsi a lipula. Hape ho e-na le hore li hōle ka potlako nakong ea lipula, li lieha ho hōla. Ha metsi a se a fokotsehile ’me ho qala ho omella hape, makala a hlahisa letlobo le lecha ’me makhasi a hōla ka potlako. Ha letša leo le psha, fatše ho sala mobu o kopaneng le makhasi a bolang ao e bang manyolo a lifate le limela tse ling nakong ena ea ha lipula li sa ne.
Ho Lula Matlong a Hahiloeng Holim’a Litšiea le a Phaphamalang Metsing
Ho etsahala’ng ka batho? Batho ba bang ba lulang haufi le letša ba haha matlo a bona a manyenyane holim’a litšiea. Ha pula e sa ne, matlo ana a bophahamo ba limithara tse tšeletseng ho tloha fatše. Empa nakong eo metsi a leng mangata haholo, liketsoana tse sebelisoang ho tšoasa litlhapi le libate tse khōlō tsa lesenke tseo ka linako tse ling li sebelisoang ho tsamaisa bana, li emisoa hona pel’a menyako ea matlo ana.
Baahi ba bang ba letšeng lena ba lula liketsoaneng. Ha lelapa le hōla, ba hahella seketsoana se seng ho sa khale e le ho atolosa lehae. Ho na le metsana ea liketsoana e ka bang 170 letšeng lena.
Motšehare, bana le batho ba baholo ba tšoasa litlhapi ka lilope le matlooa letšeng lena. Ha metsi a eketseha kapa a fokotseha, liketsoana tse ling kapa metsana eohle e ka ’na ea tsamaea sebaka sa lik’hilomithara tse ’maloa ho tla haufi le lebōpo le lecha kapa libaka tse ling tse nang le litlhapi tse ngata.
Liketsoana tse telele e ba mabenkele a korosari kapa ’maraka, li na le lintho tse fapa-fapaneng tseo batho ba motse ba li hlokang letsatsi le letsatsi, tse ling ebile ke “libese.” Bana ba kenang sekolo ba ea sekolong seo le sona se phaphametseng metsing. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ebang ke limela kapa batho, e phela ho latela boemo ba metsi sebakeng sena seo nōka ea sona e phallang e khutlela morao.
[’Mapa o leqepheng la 23]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Ha pula e sa ne
Nakong ea lipula tse ngata
CAMBODIA
Letša la Tonle Sap
Nōka ea Tonle Sap
Nōka ea Mekong
PHNOM PENH
Nōka ea Bassac
Moo Nōka ea Mekong e seng e tla kena leoatleng
VIETNAM
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Moshanyana o soka seketsoana Nōkeng ea Tonle Sap
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Motsana o le mong—nakong ea ha pula e sa ne le ha e na ka bongata
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 23]
Map: Based on NASA/Visible Earth imagery; village photos: FAO/Gordon Sharpless