Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/09 maq. 5-7
  • Bothata ba Metsi—Ho Etsoa’ng ka Bona?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bothata ba Metsi—Ho Etsoa’ng ka Bona?
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tharollo ea Sebele
  • Na Lefatše le Felloa ke Metsi?
    Tsoha!—2001
  • Moo Maqakabetsi a Jeleng Setsi
    Tsoha!—1997
  • Ho Batla Metsi a Bophelo
    Tsoha!—2001
  • Hantle-ntle Metsi ’Ohle a Ile Kae?
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 1/09 maq. 5-7

Bothata ba Metsi​—Ho Etsoa’ng ka Bona?

Metsi ke bothata lefatšeng ka bophara. A beha bophelo ba baahi ba lefatše ba limilione kotsing. Ho nkiloe mehato efe ho etsa hore phepelo ea metsi le tsela eo a sebelisoang ka eona e khutlele setloaeling?

AFRIKA BOROA: Sehlooho se hlahang makasineng ea Science se re: “Mafutsana a Durban a Fumana Metsi ka Mor’a ho Leta Nako e Telele.” Makasine ena e tlaleha hore ka lilemo tse ngata mafutsana a lulang moo a ne a sa fumane metsi a lekaneng ka lebaka la leano la apareteiti la mebuso e fetileng, leo hona joale le seng le sa sebetse. Sehlooho seo se re ka 1994, “malapa a Durban a etsang kotara ea milione a ne a sa fumane metsi a hloekileng kapa a se na mokhoa oa ho tsamaisa likhoerekhoere.”

Ho lokisa bothata bona, moenjeniere e mong o ile a qalisa lenaneo le neng le tla etsa hore lelapa ka leng le fumane lilithara tse 200 tsa metsi letsatsi ka leng. Phello e bile efe? Makasine ea Science ea tlaleha: “Har’a baahi bohle ba Durban ba limilione tse 3,5, ke ba 120 000 feela ba sa fumaneng metsi a hloekileng.” Bonyane hona joale, batho ba se ba kha metsi haufinyane, ha ho sa tšoana le pele ha ba bangata ba ne ba lokela ho tsamaea sebaka se fetang k’hilomithara ho ea kha metsi.

Makasine ea Science e hlalosa hore ho rarolla bothata ba tsamaiso ea likhoerekhoere, “matloana a khale a ‘mokoti’” a nkeloa sebaka ke a “mekoti e ’meli, a arolang mosese ho mantle e le hore mantle a ome kapele ’me a fetohe manyolo.” Mathoasong a 2008 ho ne ho hahiloe matloana a ka bang 60 000, a arolang mosese ho mantle, le hoja ho ne ho hakanyelitsoe hore ka nako eo malapa ’ohle a tla be a e-na le matloana a loketseng pele ho feta lilemo tse peli.

Brazil: Motseng oa Salvador, bana ba makholo ba ne ba tšoeroe ke letšollo kahobane ho ne ho se na tsamaiso e ntle ea likhoerekhoere le matloana.a E le hore ba rarolle bothata boo, ba ikarabellang motseng oo ba ile ba kenyetsa malapa a fetang a 300 000 liphaepe tse mathang sebaka sa lik’hilomithara tse 2 000 tse tsamaisang likhoerekhoere. Phello e bile efe? Letšollo le ile la fokotseha ka karolo ea 22 lekholong motseng oo le ka karolo ea 43 lekholong libakeng tseo le neng le iphile matla haholo ho tsona nakong e fetileng.

India: Likarolong tse ling tsa lefatše, ka linako tse itseng tsa selemo ho ba le metsi a mangata a hloekileng; empa ka linako tse ling ha a bokelloe e le hore a tle a sebelisoe hamorao. Leha ho le joalo, ka 1985 sehlopha sa basali ba Maindia ba Dholera, e leng profinse e ka leboea-bophirimela ea Gujarat, ba ile ba tla ka leqheka la ho boloka metsi. Ba ile ba etsa letsema, ba cheka letamo, leo ha le se le felile le neng le lekana le lebala la bolo ea maoto. Eaba ba aletsa letamo leo ka polasetiki e boima hore metsi a se ke a monyela. Leqheka leo la bona le ile la atleha. Ha e le hantle, ba ile ba qeta likhoeli ka mor’a hore nako e latelang ea lipula e fete, ba ntse ba e-na le metsi—le hoja ba ne ba ’nile “ba khella baahelani hore ba noe.”

Chile: Naha ena ea Amerika Boroa e bolelele ba lik’hilomithara tse 4 265, ’me e itšetlehile ka Lebōpo la Leoatle la Pacific ka bophirimela ’me ka bochabela ke Lithaba Tsa Andes. ’Muso o laola tsela eo metsi a sebelisoang ka eona ’me ke oona o lumellang hore ho hahoe matamo le likanale. Phello ke efe? Hona joale, karolo ea 99 lekholong ea baahi ba toropong le ea 94 lekholong ea baahi ba mahaeng e fumana metsi a lekaneng.

Tharollo ea Sebele

Ho bonahala eka naha ka ’ngoe e na le tsela eo e sebetsanang le bothata ba metsi ka eona. Libakeng tse ling, moo ho lulang ho foka meea e seng matla, mechine e khannoang ke moea e nyolla metsi fatše, ebile e sebelisetsoa ho fehla motlakase. Tsela e ’ngoe eo lichaba tse ruileng li e sebelisang ke ea ho hloekisa metsi a leoatle ka ho a ntša letsoai. Libakeng tse ngata ho na le matamo a maholo a bokellang metsi a nōka le a pula—’me seo se bonahetse se atleha ka tsela e itseng, le hoja matamo a libakeng tse chesang a ka ’na a lahleheloa ke karolo ea 10 lekholong ea metsi ka hore a fetohe mouoane.

Lipaki Tsa Jehova, tse hatisang makasine ena, li lumela hore ke Molimo feela ea ka rarollang bothata ba metsi, eseng batho. Bibele e re: “Lefatše ke la Jehova [Molimo] le se tletseng ho lona, naha e behang le ba lulang ho eona. Etsoe o le thehile ka mokhoa o tiileng holim’a maoatle, o le boloka le tiisitsoe ka thata holim’a linōka.”—Pesaleme ea 24:1, 2.

Ke ’nete hore Molimo o file batho boikarabelo ba hore ba hlokomele lefatše. (Genese 1:28) Leha ho le joalo, tsela eo batho ba sebelisang matlotlo a lefatše hampe ka eona—hammoho le litlokotsi tse bakoang ke seo—e fana ka bopaki bo eketsehileng ba hore “ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.”—Jeremia 10:23.

Jehova o tla etsa’ng ho busetsa lefatše boemong bo phethahetseng? Bibele e re tiisetsa hore o rerile ho “etsa hore lintho tsohle li be ncha.” (Tšenolo 21:5) Nahana ka lefatše leo ho lona ho se nang bofutsana, komello le khaello ea metsi. Ak’u nahane batho ba se ba phela moo ho se nang lipula tsa likhohola, tseo hona joale li bolaeang batho ba likete selemo ka seng. Pusong ea ’Muso oa hae, Molimo o tla phethahatsa litšepiso tsa hae tse ngata! Jehova ka boeena o re: “Le lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka le tla ba joalo. Le ke ke la khutlela ho ’na le se na litholoana, empa ka sebele le tla etsa seo ke se thabelang, ’me ka sebele le tla atleha ho seo ke le rometseng sona.”—Esaia 55:11.

Na u ka rata ho ithuta ho eketsehileng ka morero oa Molimo oa ho tsosolosa lefatše la rōna, joalokaha o boletsoe ka Lentsoeng la hae, e leng Bibele? Sehlooho se latelang se tla tšohla kamoo u ka etsang seo kateng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Selemo le selemo, bana ba limilione tse ka bang 1,6 lefatšeng lohle ba bolaoa ke mafu a amanang le letšollo. Leo ke lenane le fetang la batho ba bolaoang ke AIDS, lefuba le malaria li kopane.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

“Moo ho se nang metsi, ha ho na bophelo. . . . Re phela ka mohau oa metsi.”​—Michael Parfit, mongoli oa National Geographic

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

Hore ho hlahisoe thane e le ’ngoe ea lijo-thollo, ho hlokahala lithane tse 1 000 tsa metsi

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

“Karolo ea 70 lekholong ea metsi a teng lefatšeng e sebelisetsoa ho nosetsa.”—Plan B 2.0, ea Lester R. Brown

[Likrafo/Litšoantšo tse leqepheng la 7]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Ke metsi a makae a ka nooang, a teng?

Metsi a teng kaofela

97.5% Ke metsi a letsoai

2.5% Ke a ka nooang

Metsi a ka nooang

99% E bokellane maqhoeng kapa e ka tlas’a lefatše

1% Ke ea metsi a ka sebelisoang ke batho ba ka bang limilione tse likete tse supileng le lintho tse ling tse ngata tse phelang

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Ho kenngoa liphaephe tsa metsi a hloekileng, Durban, Afrika Boroa

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Courtesy eThekwini Water and Sanitation Programme

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Basali ba sebetsang morerong oa ho bokella metsi a pula, Rajasthan, India, ka 2007

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Robert Wallis/Panos Pictures

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Baahi ba kenya mochine o mocha o fepelang metsi motseng oa bona o haufi le Copán, Honduras

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Sean Sprague/SpraguePhoto.com

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela