Liithuti Tse Imetsoeng Kelellong
JENNIFER ea lilemo li 17 e ne e le e mong oa bana ba ipabolang ka tlelaseng. O ne a kopanela mesebetsing e mengata e etsoang pele le ka mor’a nako ea sekolo, ’me matichere le baeletsi sekolong sa habo ba ne ba mo hlompha. Empa selemo pele a qeta sekolong, o ile a qala ho tšoaroa ke hlooho e bohloko ’me o ne a lula a nyekeloa ke pelo. O nahana hore o ne a kulisoa ke ho qeta lihora tse ngata a shebane le mosebetsi oa sekolo ebile a se na nako e lekaneng ea ho robala.
Jennifer ha a mong tabeng ena. Ho bonahala palo ea liithuti tse imetsoeng kelellong e ntse e eketseha, ’me tse ling li bile li hloka thuso ea lingaka tsa mafu a kelello. Ka lebaka leo, sehlopha se seng sa barupeli naheng ea Amerika se thehile lenaneo le reretsoeng ho fokoletsa liithuti khatello likolong. Lenaneo leo le bitsoa Ho Ikitlaelletsa Katleho.
Haeba u kena sekolo, mohlomong le uena u tlas’a khatello joaloka Jennifer. Kapa haeba u motsoali, mohlomong u bona khatello e sa khaotseng eo mora kapa morali oa hao a tobanang le eona hore a atlehe sekolong. Na ho na le mohloli o fanang ka tataiso e molemo o ka thusang liithuti le batsoali?