“Kea Leboha ka Sehlooho Sena!”
● Batho ba likarolong tsohle tsa lefatše ba boletse kamoo ba ananelang kateng letoto la lihlooho tse hlahang Tsoheng!, tlas’a sehlooho se reng “Se ka Tšohloang ke Lelapa,” leqepheng la 30 le la 31 makasineng ka ’ngoe. Lelapa lea ithuta ebile le thabela ho tšohla litšoantšo le lipotso tse reretsoeng puisano, likarete tsa Bibele tse lokelang ho sehoa le ho bolokoa, litšoantšo tseo bana ba lokelang ho li batla le lintlha tse karolong ea se ka etsoang ke lelapa. Nahana ka lintlha tse latelang tse builoeng ke ba bang:
“Ke khannela litloholo tsa ka tse peli tse lilemo li 12 thuto ea Bibele ka ngollano. Ke li kōpa hore li arabe lipotso tse sehloohong se reng ‘Se ka Tšohloang ke Lelapa,’ ebe li nthomella likarabo tseo. Ho bonahala eka litloholo tsa ka li thabela thuto ea rōna, ’me ngollano ea rōna e mpha monyetla oa hore ke hlalose ka ho eketsehileng lintlha tse sehloohong seo. Kea leboha ka sehlooho sena!”
V. C., United States
“Haufinyane tjena, mora oa ka ea lilemo li hlano o ile a nkōpa hore re hlahlobe boitsebiso bo karolong e reng ‘Ke Eng e Fosahetseng Setšoantšong See?’ pele a robala. Ke ile ka fumana makasine e ’ngoe, ’me ra qala ho buisana ka setšoantšo se ho eona. Mora oa ka o ile a mamela ka hloko ha ke ntse ke mo balla tlaleho eo ka Bibeleng. Hona joale o se a batla hore re bale hoo e batlang e le mantsiboea a mang le a mang. ’Na le ba lelapa la ka re le leboha ho tloha botebong ba pelo ka ho thusa bana ba rōna hore ba thabele ho ithuta Bibele.”
M. F., Fora
“Ke ile ka kopana le David ea lilemo li 12 le Jennifer ea lilemo li 6, seteisheneng sa libese. Ntate oa bona o ile a hlokomela hore ke ntse ke fa baeti makasine ea Tsoha!, kahoo a re ba il’o bona hore na ke ntse ke etsa’ng. Ha ntate le mora ba qala ho bala limakasine, ’na le Jennifer re ile ra thabela ho buisana ka litšoantšo tse ntle tsa linonyana le liphoofolo. Re ile ra buisana ka lintho tsohle tse ntle tseo Jehova Molimo a re etselitseng tsona hore re li thabele. Ha re phetla leqepheng la 31, re ile ra leka ho fumana litšoantšo tse karolong e reng ‘Bana Batlang Litšoantšo.’ Ha ke ntse ke sheba sa pele, Jennifer o ile a se fumana ka potlako ka mor’a metsotsoana e seng mekae feela. Re ile ra leka ho sheba sa bobeli le sa boraro, ’me le tsona tsa fumanoa ke eena pele. Ha e le hantle, Jennifer o ne a batla ho sheba litšoantšo tse ling ’me re ile ra li sheba limakasineng tse leshome! Qetellong, Jennifer o ile a kōpa limakasine tse ling tse peli e le hore a il’o li fa ntate le abuti oa hae. Ha ke se ke tsamaea, ka boraro ba bona ba ile ba leboha boitsebiso bo babatsehang boo ke ba fileng bona.”
M. C., Ecuador