Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/09 maq. 12-15
  • Ke Mang ea U Phallelang ha U Kōpa Thuso?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Mang ea U Phallelang ha U Kōpa Thuso?
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo ba Thusang Sechaba Kateng
  • Ba Koetlisetsoa ho Pholosa Bophelo
  • Likotsi le Mathata
  • Ho Bitsetsoa Boemo ba Tšohanyetso—London
    Tsoha!—2006
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2009
  • Baoki ba Tsamaeang ka Likoloi
    Tsoha!—2010
  • Lipetlele—Ha e le Uena Mokuli
    Tsoha!—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 4/09 maq. 12-15

Ke Mang ea U Phallelang ha U Kōpa Thuso?

Ka ho tobetsa konopo feela, mabone a phatsimang a ambulense ea rōna a qala ho bonesa likoloi le mehaho. Lerata le hlabang la ambulense le emisa likoloi le litaso, e le hore re tsoelipane le likoloi ha re ntse re phallela moo ho hlokahalang thuso.

KE bile mooki ea fanang ka thuso ea bongaka maemong a tšohanyetso ka lilemo tse fetang 20, ke hlokomela bakuli le batho ba lemetseng, pele ba fihla sepetlele.a Letsatsi ka leng ke thulana le maemo a tšohanyetso a sa tšoaneng. Ke ’nile ka kopana le maemo a sa tšoaneng, a mang e le a tloaelehileng, a mang e le a sa tloaelehang, ’me a mang a fella ka tsela e thabisang, ha a mang a ile a fella ka litlokotsi tse tšabehang.

Kamoo ba Thusang Sechaba Kateng

Baoki ba fanang ka thuso ea bongaka maemong a tšohanyetso ba phetha karolo ea bohlokoa tlhokomelong ea bophelo, Canada. Tlhokomelo e ntle ea bongaka eo ba fanang ka eona pele mokuli a fihla sepetlele e ka pholosa bophelo kapa bonyane ea kokobetsa bohloko kapa bokuli.b

Libakeng tse ngata baoki ba fanang ka thuso ea bongaka maemong a tšohanyetso ba fumaneha ka lihora tse 24 ka letsatsi, matsatsi a 365 ka selemo. Ba ka ’na ba hiroa ke ’masepala, k’hamphani e itseng, kapa ke mokhatlo o fanang ka litšebeletso tsa bongaka sepetleleng se itseng. Ba bang ba sebetsa lefapheng la liambulense kapa la litima-mollo.

Banna le basali bana ba koetlisitsoeng ka ho khethehileng ba nka khato kapele ka mor’a hore ba fumane molaetsa oa motho ea kōpang thuso. Molaetsa o joalo o ka tla ka nako leha e le efe, ho se na temoso ea letho. Nahana hore na mooki ea fanang ka thuso ea bongaka maemong a tšohanyetso o koetlisetsoa hore a etse’ng.

Ba Koetlisetsoa ho Pholosa Bophelo

Le hoja koetliso ea baoki ba fanang ka thuso ea bongaka maemong a tšohanyetso le mabitso ao ba bitsoang ka ’ona a fapana ho ea ka liprofinse, Canada, ka kakaretso e arotsoe ka mekhahlelo e mene—e leng ea baoki ba nkang bohato hang-hang ha ho hlaha boemo ba tšohanyetso, ba fanang ka kalafo ea motheo, ba fanang ka kalafo ea boemo bo phahameng le ba alafang bakuli ba babe haholo. ’Muso le baokameli ba lipetlele ba hloka hore motho a be le mangolo a mo pakang e le hore e be mooki ea fanang ka thuso ea bongaka maemong a tšohanyetso.

Mona Canada, koetliso ea motheo eo ke e fumaneng e ne e kopanyelletsa ho qeta lihora tse ngata ke le ka tlelaseng, ke le sepetlele ebile ke le ka ambulenseng. Re ile ra ithuta ho hlahloba matšoao a bontšang hore motho o ntse a phela, ho sebelisa thepa e fanang ka oksijene le e thusang motho ho hema le ho tsosolosa pelo hore e otle, hammoho le ho tlamisa maqeba, masapo a robehileng le ho etsa hore lesapo la mokokotlo le se ke la sisinyeha.

Ke ile ka qeta lihora tse ling tse 300 ke fumana koetliso ea bohlokoa lefapheng la boemo ba tšohanyetso le la bakuli ba babe le moo ho pepisoang bo-’mè lipetleleng tse ’maloa. Ke sa hopola ka lekhetlo la pele ha ke ne ke thusa ’mè ea pepang—e ne eka le ’na ke karolo ea mohlolo oo! Ketsahalo ena le tse ling li ile tsa ntokisetsa mokhahlelo o latelang oa koetliso ea ka, e neng e kopanyelletsa ho qeta lihora tse fetang 300 ke le ka ambulenseng, ke hlile ke thusa bakuli, ke tataisoa le ho thusoa ke baoki ba babeli ba nang le phihlelo ba fanang ka thuso ea bongaka maemong a tšohanyetso. Ka mor’a hore ke pase tlhahlobo e ngoloang le ea ho behoa leihlo tšebetsong, ke ile ka fuoa lengolo la hore ke be mothusi oa bongaka maemong a tšohanyetso, e leng seo hona joale ho thoeng ke mooki ea fanang ka kalafo ea motheo maemong a tšohanyetso.

Ke sebelitse mahaeng le litoropong ka lilemo tse ’maloa. Ho e-s’o fete nako e telele, ke ile ka hlokomela kamoo tsebo ea ka ea ho pholosa bophelo e leng bohlokoa kateng ha mosebetsi e mong oa kaho ea neng a e-na le lehlaba sefubeng a fihla lefapheng la boemo ba tšohanyetso, sepetlele. Nakoana ka mor’a hore monna eo a fihle, o ile a ema pelo. Ke ile ka sebetsa le lingaka le baoki ba ileng ba leka ho tsosolosa pelo ea hae hore e otle, ba mo chouka sefubeng ’me ba mo fa litlhare. Ka mor’a metsotso e seng mekae, pelo ea hae e ile ea boela ea otla ’me a qala ho hema ka boeena. Ka mor’a moo o ile a fetisetsoa lefapheng la bakuli ba babe haholo. Ka le hlahlamang ke ile ka isoa lefapheng leo, moo ngaka e ileng ea ntsebisa monna e mong ea neng a lutse betheng a ntse a bua le mosali oa hae. Ke ne ke sa mo hlokomele ho fihlela a re ho ’na: “Na ua nkhopola? Ke uena ea pholositseng bophelo ba ka maobane!” Ke ile ka ikutloa ke thabile haholo.

Karolo ea ho qetela ea koetliso ea ka e ne e akarelletsa ho qeta lihora tse 12 ke sebetsa le ngaka e neng e behile leihlo tsela eo ke hlokomelang bakuli ka eona. Qetellong ke ile ka pasa tlhahlobo e ngoloang le ea ho behoa leihlo tšebetsong ’me ka fuoa lengolo la ho ba mooki ea fanang ka kalafo ea boemo bo phahameng.

Baoki ba fanang ka thuso ea bongaka maemong a tšohanyetso ba sebetsa tlas’a motsamaisi oa tsa bongaka, eo ka tloaelo a sebetsang le litho tsa komiti ea boeletsi litabeng tsa bongaka hore ba etse meralo ea phekolo. Baoki bana ba fana ka tlhokomelo ba itšetlehile ka meralo eo, kapa ha ba sebetsa, ba buisana ka ho toba ka seea-le-moea kapa ka thelefono le lingaka tse itseng tse khethiloeng. Ka lebaka lena, ho ’nile ha hlalosoa hore baoki bana ke mahlo, litsebe le matsoho a ngaka. Phekolo eo ba fanang ka eona malapeng, mehahong ea sechaba kapa likotsing tsa likoloi, e akarelletsa ho fana ka oksijene, ho fana ka meriana le ho chouka mokuli sefubeng, ho kenya mokuli lethopo la ho hema esita le ho mo buoa.—Sheba lebokose le reng, “Mekhoa ea ho Phekola ea Baoki ba Fanang ka Thuso ea Bongaka Maemong a Tšohanyetso,” leqepheng la 15.

Likotsi le Mathata

Likotsi le mathata ke karolo e tloaelehileng ea mosebetsi oa letsatsi le letsatsi oa mooki ea fanang ka thuso ea bongaka maemong a tšohanyetso. Mosebetsi o etsoa maemong a sa tšoaneng a leholimo ’me ka linako tse ling e le libakeng tse kotsi kapa maemong a kotsi. Esita le ho ea fana ka thuso ea tšohanyetso feela ho ka ba kotsi.

Mooki o lula a le kotsing ea ho pepesetsoa mali, mekelikeli e tsoang ’meleng le mafu a tšoaetsanoang. E le hore re itšireletse, re roala lintho tse kang litlelafo, limaske, likokolose kapa lintho tse sireletsang sefahleho le liaparo tse khethehileng ha ho hlokahala.

Ho hlokomela bakuli ho akarelletsa ho sebetsana le beng ka bona, metsoalle esita le batho ba sa tsebaneng le bona, bao ka linako tse ling ba phahamisang maikutlo haholo kapa bao re sa tsebeng hore na ba tla etsa’ng. Ho utloisa bohloko ha monna le mosali ba qetileng lilemo tse mashome ba le hammoho ba arohanngoa ke lefu. Ha ho bonolo ho bolella molekane ea setseng taba eo. Ka letsatsi le leng ke ile ka tlameha ho bolella mosali e mong hore monna oa hae o shoele. Ha a utloa seo, o ile a nkotla ka setebele ’me a tsoa ka tlung a hoelelitse a mathela seterateng, a bokolla. Ke ile ka mo lelekisa ka ba ka mo tšoara, eaba oa reteleha a nhaka ’me a lla sa ’mokotsane a itšetlehile lehetleng la ka.

Ho sebetsana le batho ba ferekaneng maikutlong kapa ba tahiloeng kapa ba sebelisitseng lithethefatsi ho hloka hore motho a be le kutloelo-bohloko, a be masene ’me a be le qenehelo. Ho ka ba thata ho tseba hore na batho bao ba tla etsa’ng. Ha ke ntse ke le mosebetsing, ke ’nile ka longoa, ka tšoeloa ka mathe le ho hlaseloa ke bakuli ba sa khoneng ho laola maikutlo a bona.

Mosebetsi ona o boetse oa khathatsa, nako le nako re nka lintho tse boima, ka linako tse ling re le maemong a tšopholi. Re qeta nako e ngata re khumame re bile re iname ha re ntse re hlokomela bakuli. Re atisa ho hlaheloa ke likotsi ha re le mosebetsing. Hangata re tsoa likotsi mokokotlong, mahetleng le mangoleng. Likotsi tse ling li ka ba mpe hoo li ka sitisang motho ho tsoela pele ka mosebetsi ona. Re boetse re lokela ho sebetsa lichifi ’me ka nako e ’ngoe seo se re khathatsa haholo.

Ho thusa batho ba kulang haholo kapa ba lemetseng haholo ho re bakela khatello kelellong le maikutlong. Mooki ea fanang ka thuso ea bongaka maemong a tšohanyetso o lokela ho lula a khobile matšoafo, a be le kahlolo e molemo ’me a etse liqeto tse utloahalang nakong ea tlokotsi. Baoki ba fanang ka thuso ea bongaka maemong a tšohanyetso ba iponela ka bobona mahlomola le litlokotsi tse hlahelang batho. Ba hlokomela batho ba tsoileng likotsi tse tšabehang. Ke sa hopola hantle mohlankana e mong ea neng a pentsoe ke mochine mosebetsing. A batla a hlenhlane ho tloha thekeng ho ea tlaase, o ile a re kōpa hore ’na le mosebetsi-’moho re se ke ra mo tlohela hore a shoe. Ho sa tsotellehe boiteko ba rōna le ba sehlopha sa lingaka le baoki, ka masoabi o ile a shoa le pele ho feta hora.

Lintho tse ling tseo re li bonang li hlomola pelo. Ka nako e ’ngoe esale hoseng re ile ra fumana molaetsa oa hore ntlo ea cha. Monna o ne a sa tsoa fihla lapeng a tsoa mosebetsing ha mosali oa hae le morali ea lilemo li tharo ba pholoha ntlong eo e chang. Bana ba bang ba bararo, ba pakeng tsa likhoeli tse ’nè le lilemo tse hlano le ntat’a bona moholo ba ne ba qabeletsoe ka hare ho fihlela batho ba timang mollo ba fihla ’me ba ba ntša. Ke ne ke le e mong oa baoki ba ’maloa ba fanang ka thuso ea bongaka maemong a tšohanyetso ba ileng ba sebeletsa lefeela e le ha re leka ho ba pholosa.

Mohlomong mothating ona ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha motho a ka batla ho ba mooki ea fanang ka thuso ea bongaka maemong a tšohanyetso. Ka linako tse ling le ’na ke ’nile ka ipotsa potso eo. Ke hopola papiso ea Jesu ea Mosamaria ea nang le moea oa boahelani ea ileng a ithaopela ho thusa motho ea tsoileng likotsi. (Luka 10:30-37) Ho ba mooki ea fanang ka thuso ea bongaka maemong a tšohanyetso ho akarelletsa ho sebelisa matla a hao a ’mele le a maikutlo ho phallela motho ea kōpang thuso. Mosebetsi oa ho ba mooki ea fanang ka thuso ea bongaka maemong a tšohanyetso e bile o putsang haholo ho ’na, empa ke lebeletse nako eo ka eona ke tlang ho lula ke se na mosebetsi. Hobane’ng? Hobane Molimo o tšepisa hore haufinyane ha ho motho ea tla re: “Kea kula.” Ho feta moo, ‘lefu le bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.’ (Esaia 33:24; Tšenolo 21:4)—Joalokaha ho boletse mooki ea fanang ka thuso ea bongaka maemong a tšohanyetso, Canada.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho fumana boitsebiso bo buang ka lintho tse ka ’nang tsa hohlana le letsoalo la Mokreste eo e leng mooki ea fanang ka thuso ea bongaka maemong a tšohanyetso, sheba Molula-Qhooa oa April 15, 1999, leqepheng la 29 le oa October 1, 1975, leqepheng la 446-447.

b Linaheng tse ling, baoki ba fanang ka thuso ea bongaka maemong a tšohanyetso ha ba tsamaee le liambulense. Ke boikarabelo ba mokhanni oa ambulense hore a potlakisetse mokuli sepetlele kapele kamoo ho ka khonehang.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]

Ke ne ke sa mo hlokomele ho fihlela a re ho ’na: “Na ua nkhopola? Ke uena ea pholositseng bophelo ba ka maobane!” Ke ile ka ikutloa ke thabile haholo

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 14]

Ha ke ntse ke le mosebetsing, ke ’nile ka longoa, ka tšoeloa ka mathe le ho hlaseloa ke bakuli ba sa khoneng ho laola maikutlo a bona

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 15]

MEKHOA EA HO PHEKOLA EA BAOKI BA FANANG KA THUSO EA BONGAKA MAEMONG A TŠOHANYETSO

Mooki ea fanang ka thuso ea bongaka maemong a tšohanyetso o koetlisetsoa ho etsa bonnete ba hore tselana ea moea ea mokuli e bulehile, e le hore moea o ka kena matšoafong. Sena se ka ’na sa akarelletsa hore mokuli a kenngoe lethopo la polasetiki e bonolo ka hanong le mo khantšang ’metsong. Kapa ho ka ’na ha hlokahala hore a sehoe hanyenyane, ho sebelisoa nale, lethopo le lenyenyane, boseka bo tataisang le thipa ea ho buoa e le hore ho kenngoe lethopo le leholoanyane molaleng oa mokuli, ’me le kene ka ho toba ’metsong. Haeba matšoafo a mokuli a sa sebetse ’me a le kotsing ea hore a shoe, o hlajoa ka nale sefubeng ebe ho kenngoa lethopo.

Mokhoa o mong ke oa ho kenngoa mathopo. O phunngoa ka nale e le hore ho kenngoe lethopo mothapong. Kahoo, mokuli a ka tšeloa metsoako e tloaelehileng e kang o letsoai. Kapa ho ka ’na sebelisoa mechine e meng hore mokuli a hle a tšeloe lero ka ho toba mokong.

Mooki ea fanang ka thuso ea bongaka maemong a tšohanyetso a ka ’na a sebelisa mochine o hlahlobang pelo/o choukang sefuba e le ho bona hore na pelo ea mokuli e otla joang. Ho phaella moo, mochine oo o ka ’na oa sebelisetsoa ho chouka sefuba (ka morero oa ho etsa hore pelo e boele e otle ka tsela e tloaelehileng kapa ho fokotsa sekhahla se kotsi seo pelo e otlang ka sona). Mochine ona o ka boetse oa sebelisetsoa ho eketsa sekhahla seo pelo e otlang ka sona haeba e otla butle haholo.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

All photos: Taken by courtesy of City of Toronto EMS

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 12]

Taken by courtesy of City of Toronto EMS

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela