Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/06 maq. 10-11
  • Ho Bitsetsoa Boemo ba Tšohanyetso—London

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Bitsetsoa Boemo ba Tšohanyetso—London
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Lekanya Hore na Mohala ka Mong o Potlakile Hakae
  • Thuso Sebakeng sa Kotsi
  • Tšebeletso e Ntseng e Atoloha
  • Baoki ba Tsamaeang ka Likoloi
    Tsoha!—2010
  • Ke Mang ea U Phallelang ha U Kōpa Thuso?
    Tsoha!—2009
  • Ho Senyeha ha Mekhoa e Metle
    Tsoha!—1994
  • “Ntate-moholo Thames”—Lefa la Bohlokoahali la Engelane
    Tsoha!—2006
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 3/06 maq. 10-11

Ho Bitsetsoa Boemo ba Tšohanyetso—London

KA MONGOLI OA TSOHA! BRITHANI

MOOKAMELI oa litsi tsa liambulense, Rob Ashford, oa Litšebeletso Tsa Liambulense, London, o ile a hlalosa: “Sepheo sa rōna ke hore re fihle ho batho ba kulang haholo le ba lemetseng hampe pele metsotso e robeli e fela, sebakeng leha e le sefe, London e boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse 1 600. Maemong a fetang liphesente tse 75, re khona ho finyella sena, ho sa tsotellehe ho eketseha ha liketsahalo tsena selemo le selemo.”

Ke ile ka memeloa hore ke etele Setsi sa London sa Tsamaiso ea Liambulense se Waterloo, lebōpong le ka boroa la Nōka ea Thames. E le sona se seholo ka ho fetisisa Europe, setsi sena se fumana mehala ea maemo a tšohanyetso e ka bang 3 000 ka letsatsi. Mehala ena e tsoa baahing ba ka bang limilione tse supileng, ba buang lipuo tse fetang 300. Basebetsi ba 300 ba sebetsang setsing see ba hlophisitsoe joang hore ba phethe mosebetsi oo?

Ho Lekanya Hore na Mohala ka Mong o Potlakile Hakae

Ke ile ka sheba motho ea amohelang mehala ha a ntse a arabela “mehala ea boemo ba tšohanyetso ea 999” kamoo e bitsoang kateng Brithani—999 ke nomoro e letsetsoang ha ho e-na le boemo ba tšohanyetso. Ka potlako motho enoa o fumana hore na bothata bo sebakeng sefe le hore na ke seterata sefe se haufi le moo. Ka potlako ho hlaha ’mapa oa litsela k’homphieutheng ea hae. E le hore a fumane hore na boemo ke bo potlakileng hakae, o botsa letoto la lipotso: Ke batho ba bakae ba hlokang thuso? Ba lilemong life ’me bong ba bona ke bofe? Ha baa ilibana? Na ba ntse ba hema? Na ba na le mahlaba sefubeng? Na ba tsoa mali?

Ha motho enoa a kenya boitsebiso bona k’homphieutheng, hang feela e lihela boemo sehlopheng se bo loketseng: ’mala o mofubelu—motho a ka lahleheloa ke bophelo neng kapa neng, ’mala o mosehla—boemo bo bobe empa bophelo ha bo kotsing haholo, kapa ’mala o motala—bophelo ha bo kotsing hape boemo ha bo bobe hakaalo. Joale motho enoa o fetisetsa boitsebiso bona ho mosebetsi-’moho le eena eo e leng eena ea tla romela batho ho ea thusa.

Thuso Sebakeng sa Kotsi

Tšebeletso ena e na le liambulense tse 395 le likoloi tse 60 tsa ho ea hang-hang moo tlhokahalo e leng hona teng. Ha boemo ba tšohanyetso bo tlalehoa, koloi e haufi le ketsahalo e romeloa hona teng. Ba thuso ea bongaka ba maemo a tšohanyetso ba sebelisang lithuthuthu ba lula e le malala-a-laotsoe, etsoe tsona li ka khona ho tsoelipana habonolo pakeng tsa likoloi ha sephethephethe se le sengata. Ho phaella moo, lingaka tse 12 li lula e le malala-a-laotsoe lihora tse 24 ka letsatsi hore li ka ea thusa ba thuso ea bongaka ba maemo a tšohanyetso haeba ho ka hlokahala.

Ha ke ntse ke le setsing moo, lepolesa le ile la tlaleha kotsi e mpe e hlahileng ’mileng o moholo o phetheselang. Ambulense e ne e se e fihlile sebakeng seo kotsi e hlahileng ho sona, empa lepolesa leo le ile la ’na la letsetsa ntlo-khōlō ea liambulense. Hobane’ng? Ho lemosa basebetsi hore ho ka ’na ha hlokahala hore ba romele helikopthara. Seroala-nkhoana sena se sekhubelu se sebetsana le maemo a tšohanyetso a ka bang 1 000 ka selemo. Sona se tsamaea le mothusi oa bongaka ba boemo ba tšohanyetso le ngaka, bao ka tloaelo ba romelang batho ba tsoileng likotsi tse mpe Sepetlele sa Royal London, moo ba fumanang thuso hang-hang.

Ka 2004 ho ile ha lekoa leano le leng—sehlopha sa liambulense tsa libaesekele Boema-fofane ba Heathrow, London, e leng katoloso ea tšebeletso e neng e se e ntse e le teng West End. Sehlopha sa litheknishiene tsa bongaka le bathusi ba bongaka ba boemo ba tšohanyetso se arolelana mosebetsi ona, ka tsela ena se lokolla liambulense bakeng sa ho ea phetha mesebetsi e meng. Baesekele e ’ngoe le e ’ngoe e na le lebone le leputsoa le phala e tlatsang lerata, e na le k’heriale e nkang thepa e boima ba lik’hilograma tse 35, ho akarelletsa le mochine oa motlakase o choukang o sebelisoang ho etsa hore pelo ea motho e otle hantle, oksijene le meriana e kokobetsang mahlaba.

Ka mor’a matsatsi a se makae se qalile ho sebetsa, sehlopha sa liambulense tsena tsa libaesekele se ile sa ipaka e le sa bohlokoa. Mosali e mong ea lilemo li 35 o ile a kula a le Seteisheneng sa bone sa Heathrow seo baeti ba theohang le ho palama sefofane ho sona ’me a khaotsa ho hema. Bathusi ba babeli ba bongaka ba boemo ba tšohanyetso ba ile ba tlōla matjato ka mor’a ho fumana mohala oa 999 ’me nakong ea metsotsoana feela, ba mo fa oksijene, ba ba ba qala ho mo thusa hore a boele a heme. Ambulense e ile ea mo potlakisetsa sepetlele se haufi. Ka mor’a hore a hlaphoheloe, o ile a leboha bathusi bao ba bongaka ba boemo ba tšohanyetso ka seqo bakeng sa ho pholosa bophelo ba hae.

Tšebeletso e Ntseng e Atoloha

Ha batho ba letsetsang 999 ba sa tsebe Senyesemane, ba fetisetsoa ho toloko. Ke ’nete hore ho fumana hore na motho ea letsitseng o bua puo efe ho batla ho se bonolo, haholo-holo ha motho a bua ka potlako hobane a tšoenyehile kapa a imetsoe kelellong!

E le ho ruta sechaba ka tlhokomelo ea bophelo maemong a tšohanyetso, ho entsoe filimi e khutšoanyane e ngolang mantsoe a Senyesemane ha litšoantšo li ntse li hlaha, e fumanehang ka DVD. Sepheo ke ho khothalletsa baahi ba London ba tsoang Asia Boroa “hore ba ithute ho thusa motho hore a boele a heme haeba pelo ea hae e khaolitse ho otla,” ho rialo LAS News, sengoliloeng sa Litšebeletso Tsa Liambulense London. DVD ena e boetse e bontša hore na ho etsahala eng ha mohala oa 999 o kena.

Baahi ba motse-moholo oa Engelane ba entsoeng ka batho ba tsoang linaheng tse fapa-fapaneng ba thabela tsela e potlakileng eo basebeletsi ba boemo ba tšohanyetso ba nkang khato ka eona ha ba hlokoa, ebang ke boemo bo amang motho a le mong kapa ba bangata, ebang bo etsahala ka tlas’a lefatše kapa holimo mohahong o phahameng. Ngaka e ’ngoe ea moithaopi e buile tjena ka banna le basali ba Litšebeletso Tsa Liambulense London: “Ke tse ling tsa litsebi tse ipabolang ka ho fetisisa lefapheng la bongaka tseo nkileng ka sebetsa le tsona.” Ana ke mantsoe a matle a pabatso bakeng sa basebetsi ba tšebeletso e khōlō ka ho fetisisa lefatšeng ea liambulense e sa lefiseng.

[Lebokose le leqepheng la 11]

Mathata le Maemo a sa Thabiseng

Se bakelang ba litšebeletso tsa boemo ba tšohanyetso mathata ke mehala e sa hlokahaleng e batlang boitsebiso ka motho ea itseng le e buang ka bokuli bo fokolang le ka likotsi tse sa reng letho, hammoho le batho ba letsetsang 999 ka phoso kapa ka morero oa ho bapala. Ho hobe le ho feta, bakuli ba bang hammoho le batho ba bang, ho kopanyelletsa le ba malapa a bona, ba ’nile ba hlekefetsa ka mantsoe esita le ho loantša batho ba lefapha la bongaka ba tlileng ho tla ba thusa! Bohale ba batho bana e ka ’na eaba bo bakoa ke ho imeloa kelellong kapa ke ho sebelisa lithethefatsi hampe kapa ka lebaka la ho fela pelo hobane ba nka hore thuso e liehile ho fihla. Ha ho na tharollo e bonolo mathateng ana, empa ho ruta sechaba ho thusitse.

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Setsi sena se arabela mehala e ka bang 3 000 ea boemo ba tšohanyetso letsatsi le letsatsi

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 10]

All photos: Courtesy of London Ambulance Service NHS Trust

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela