Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/10 leq. 11
  • Baoki ba Tsamaeang ka Likoloi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Baoki ba Tsamaeang ka Likoloi
  • Tsoha!—2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Bitsetsoa Boemo ba Tšohanyetso—London
    Tsoha!—2006
  • Ke Mang ea U Phallelang ha U Kōpa Thuso?
    Tsoha!—2009
  • Na U Itokiselitse Bokuli ba Tšohanyetso?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Na U se U Loketse ho Tobana le Boemo ba Phekolo ea Meriana bo Lekang Tumelo?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 3/10 leq. 11

Baoki ba Tsamaeang ka Likoloi

● Mosali e mong oa moimana o ne a lutse ka holong e khōlō a mametse ka hloko lenaneo la thupelo ea Bibele. Eaba ka tšohanyetso o ba le mahlaba. Empa boemo boo ba tšohanyetso bo ne bo le tlas’a taolo. Ho ne ho e-na le ambulense haufinyane ’me ka mor’a metsotso e seng mekae feela, mosali eo le monna oa hae ba ile ba fihla sepetlele. O ile a fumana lesea le letle la ngoanana.

Kajeno liambulense tse tsamaisang bakuli ba hlokang tlhokomelo e khethehileng li phetha karolo ea bohlokoa litabeng tsa phekolo linaheng tse ngata. Likoloing tsena ho na le lingaka, baoki le bakhanni ba koetlisitsoeng le ba tšoanelehang.a Ba koetliselitsoe ho sebetsana le maemo a tšohanyetso a kang likotsi tsa ’mileng, batho ba hlaseloang ke lefu la pelo, setorouku kapa baimana ba makhatheng a ho pepa. Selemo le selemo, baoki bana ba phallang ka liambulense ba pholosa batho ba likete.

Ka 2004, ha ho ne ho hlaseloa literene tse ’nè tsa baeti Madrid, Spain, batho ba ka bang 400 ba ile ba pholosoa kaha basebeletsi ba liambulense ba ile ba ba phallela ka potlako ’me ba sebetsa ka tsela e hlophisehileng.b Dr. Ervigio Corral Torres, e leng motsamaisi oa lefapha le sebetsanang le maemo a tšohanyetso Madrid, o ntse a hopola ketsahalo eo e bohloko. O re: “Liketsahalo tse kang tsena li hohela batlalehi ba bangata, empa re khona ho sebetsa ka tsela e hlophisehileng hantle ha re sebetsana le maemo a tloaelehileng a letsatsi le letsatsi, re thusa batho literateng. Eo ke eona ntho e thabisang ka mosebetsi ona, e leng ho pholosa batho ba makhatheng a ho shoa.”

Ha Dr. Corral Torres a ne a botsoa hore na ke eng e ka ba nolofaletsang mosebetsi, o ile a re: “Re lokela ho hlokomelisa batho hore ba lokela ho re letsetsa ha ho hlile ho hlokahala.” O ile a phaella ka ho re: “Sepheo sa rōna ke ho fana ka tlhokomelo e khethehileng ea meriana ho batho ba sebakeng leha e le sefe, ka nako leha e le efe ha ho hlokahala le ho etsa seo kapele kamoo re ka khonang kateng ka mor’a hore re letsetsoe.” Metseng e meholo, hangata batho ba fumana thuso pele ho feta metsotso e leshome.

Metseng e nang le tšubuhlellano, e kang São Paulo, Brazil, sephethephethe se sitisa bakhanni ba liambulense, kahoo baoki ba bang ba tsamaea ka lithuthuthu. Ba lithuthuthu ba fihla pele ho ambulense ebe ba hlahloba se etsahetseng le ho leka ho tsitsisa bakuli. Metse e meng e sebelisang mokhoa ona o potlakang ke London, Engelane; Kuala Lumpur, Malaysia; le Miami, United States.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakhanni ba lokela ho tseba ho sebelisa thepa ea kalafo e ka ambulenseng ’me ba lokela ho khanna ka tsela e loketseng boemo ba mokuli ea potlakisetsoang sepetlele.

b Sheba Tsoha! (ea Senyesemane) ea November 8, 2004, leqepheng la 14.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 11]

KAMOO U KA THUSANG KATENG

Lintho tse ling tseo u ka thusang baoki ba tsamaeang ka likoloi hore ba phethe mosebetsi oa bona oa ho pholosa bophelo maemong a tšohanyetso li akarelletsa:

1. Ho letsetsa ba fanang ka thuso maemong a tšohanyetso hang-hang. Linaheng tsa Europe u ka letsetsa nomorong ea 112, United States ea 911, Afrika Boroa ea 10177 ’me Lesotho ea 112.

2. Ho hlalosa ka ho hlaka hore na kotsi e etsahetse hokae.

3. Ho hlalosa matšoao a totobetseng. Ka mohlala, na motho o ntse a hema? Na o akhehile? Na o tsoa mali?

4. Haeba motho eo a e-na le likotsi tse mpe, u se ke ua mo phahamisa kaha ho etsa joalo ho ka ’na ha mpefatsa boemo le ho feta.

5. Haeba a hlatsa, mo robatse ka lehlakore e le hore a se ke a khangoa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela