Pono ea Bibele
Ho Tšepahala Lenyalong—Ha e le Hantle ho Bolela’ng?
Batho ba bangata ba lebeletse hore balekane ba lenyalo ba tšepahale litabeng tsa ho kopanela liphate. Taba ena ea ho tšepahala lenyalong e lumellana le Bibele, ha e re: “Lenyalo le ke le hlomphehe har’a bohle, le liphate tsa lenyalo li hloke litšila.”—Baheberu 13:4.
NA HO qoba ho kopanela liphate le batho ba bang ke eona feela ntho e amehang ha ho buuoa ka botšepehi lenyalong? Ho thoe’ng ka ho nahana ka ho kopanela liphate le motho e mong eo e seng molekane oa hao oa lenyalo? Na ho ba le setsoalle se haufi le motho e mong oa bong bo fapaneng le hona ho ka nkoa e le “ho se tšepahale”?
Na ho Nahana ka ho Kopanela Liphate ha ho Kotsi?
Bibele e hlalosa hore ho kopanela liphate ke ntho ea tlhaho ho batho ba nyalaneng ebile ke ntho e hlomphehang, e ba tlisetsang thabo le khotsofalo. (Liproverbia 5:18, 19) Empa litsebi tse ngata tsa kajeno li lumela hore ho tloaelehile—ebile ho molemo—hore batho ba lenyalong ba nahane ka ho kopanela liphate le batho ba bang. Na ho nahana ka lintho tse joalo ha ho kotsi hafeela motho a sa li etse?
Motho ea nahanang ka lintho tse joalo o amehile haholo ka ho ikhotsofatsa. Boitšoaro bo joalo ba boithati bo khahlanong le keletso eo Bibele e e fang banyalani. Ha Lentsoe la Molimo le bua ka taba ea ho kopanela liphate le re: “Mosali ha a sebelise matla holim’a ’mele oa hae, empa ho etsa joalo monna oa hae; ka ho tšoanang, monna ha a sebelise matla holim’a ’mele oa hae, empa ho etsa joalo mosali oa hae.” (1 Bakorinthe 7:4) Ho latela keletso ea Bibele ho tla thibela motho ho kopanela liphate hobane feela a susumelitsoe ke takatso e litšila ea lintho tseo a inahanelang tsona le ke boithati. Seo se etsa hore banyalani ka bobeli ba thabe haholoanyane.—Liketso 20:35; Bafilipi 2:4.
Ha motho a nahana ka ho kopanela liphate le motho eo e seng molekane oa hae, seo se akarelletsa ho nahana ka lintho tseo haeba a ka li etsa li ka utloisang molekane e mong bohloko haholo. Na ha motho a nahana ka ho kopanela liphate le motho eo e seng molekane oa hae, seo se ka mo susumelletsa hore a etse bofebe? Karabo ke e. Bibele e bontša hore seo motho a se nahanang se amana le lintho tseo a li etsang, e re: “E mong le e mong o lekoa ke ho huloa le ho ekoa ke takatso ea hae. Joale takatso, ha e emere, e tsoala sebe.”—Jakobo 1:14, 15.
Jesu o ile a re: “E mong le e mong ea ntseng a tsoela pele ho sheba mosali e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le eena ka pelong ea hae.” (Matheu 5:28) Haeba u hanela kelello ea hao ho nahana ka liketso tsa bofebe, u ‘sireletsa pelo ea hao’ le lenyalo la lōna.—Liproverbia 4:23.
Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Lula U Tšepahala Maikutlong?
E le hore lenyalo le atlehe ho hlokahala hore u fe molekane oa hao “boinehelo bo khethehileng.” (Sefela sa Lifela 8:6; Liproverbia 5:15-18) See se bolela eng? Le hoja ho tloaelehile hore motho a be le metsoalle ea banna le basali, molekane oa hao ke eena ea lokelang ho fumana nako ea hao e ngata, tlhokomelo le matla a hao a maikutlo. Kamano leha e le efe e nkelang molekane oa hao seo ka tšoanelo e leng sa hae ke “ho se tšepahale,” le haeba u sa kopanela liphate le motho eo.a
Kamano e joalo e ka hōla joang? Motho e mong oa bong bo fapaneng a ka ’na a bonahala eka o motle ho feta molekane oa hao kapa a bonahala eka o na le kutloelo-bohloko ho mo feta. Ha u qeta nako u e-na le motho eo mosebetsing kapa libakeng tse ling, seo se ka ’na sa etsa hore le qetelle le buile litaba tsa botho, tse akarelletsang mathata ao u nang le ’ona lenyalong. ’Me seo se ka etsa hore le tšepane haholo. Ho buisana le motho eo le shebane mahlong, ka fono, kapa ka Inthanete ho ka etsa hore u senole litaba tsa lekunutu. Ka nepo, balekane ba lenyalo ba lebeletse hore lintho tse itseng ba tla li bua e le bona feela le hore litaba tsa bona tsa “lekunutu” li tla fella pakeng tsa bona ba le bang.—Liproverbia 25:9.
Hlokomela hore u se ke ua ikemela ka hore ha u na maikutlo a lerato empa ha e le hantle u e-na le ’ona! Jeremia 17:9 e re: “Pelo e bolotsana.” Haeba u tloaelane haholo le motho oa bong bo fapaneng, ipotse: ‘Na kea ikemela ha ba bang ba botsa ka kamano ea rōna kapa hona ho e pata? Na nka shashabana haeba molekane oa ka a ka utloa lintho tseo re li buang? Nka ikutloa joang haeba molekane oa ka le eena a ka tloaelana le motho e mong ka tsela eo?’—Matheu 7:12.
Ho tloaelana ho feta tekano ho ka le kenya mathateng, kaha ho ntšana se inong ho ka lebisa ho kopaneleng liphate. Joalokaha Jesu a lemositse, “pelong ho tsoa . . . bofebe.” (Matheu 15:19) Empa le haeba motho a sa etsa bofebe, ho ka ba thata haholo hore a boele a etse hore molekane e mong a mo tšepe. Mosali e mong ea bitsoang Karen,b o ile a re: “Ke ile ka utloa bohloko haholo ha ke fumana hore Mark o ne a buisana ka sekhukhu le mosali e mong ka fono le hona hangata ka letsatsi. Ho thata ho lumela hore ha baa ka ba kopanela liphate. Ha ke tsebe haeba ke sa tla ke ke mo tšepe.”
U se ke ua tloaelana haholo le batho ba bong bo fapaneng. U se ke ua hlokomoloha maikutlo a fosahetseng ao u nang le ’ona kapa ua ikemela ha u e-na le sepheo se sebe. Haeba u hlokomela hore kamano eo e beha lenyalo la hao kotsing, e fokotse hang-hang kapa u e khaotse. Bibele e re: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata.”—Liproverbia 22:3.
Sireletsa Lenyalo la Lōna
’Mōpi oa rōna o ne a rerile hore batho ba babeli ba lenyalong ba be le kamano e haufi-ufi. O ile a re monna le mosali “e tla ba nama e le ’ngoe.” (Genese 2:24) Ho ba nama e le ’ngoe ho akarelletsa ho fetang ho kopanela liphate feela. Ho akarelletsa ho ba metsoalle e ntšanang se inong, ’me ho matlafatsoa ke ho hloka boithati, ho tšepana le ho hlomphana. (Liproverbia 31:11; Malakia 2:14, 15; Baefese 5:28, 33) Ho sebelisa melao-motheo ena ho tla sireletsa lenyalo la lōna mathateng a tlisoang ke ho se tšepahale linthong tseo motho a li nahanang le tseleng eo a ikutloang ka eona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Empa ke habohlokoa ho hlokomela hore lebaka feela leo Mangolo a lumellang tlhalo ka lona ke ha molekane e mong a kopanetse liphate le motho eo a sa nyalanang le eena.—Matheu 19:9.
b Mabitso a fetotsoe.
NA U KILE UA IPOTSA?
◼ Na ho nahana ka ho kopanela liphate le motho ea itseng ho ka lebisa ketsong?—Jakobo 1:14, 15.
◼ Na ho tloaelana haholo le motho oa bong bo fapaneng ho ka beha lenyalo la hao kotsing?—Jeremia 17:9; Matheu 15:19.
◼ U ka etsa’ng ho matlafatsa kamano ea lōna ea lenyalo?—1 Bakorinthe 7:4; 13:8; Baefese 5:28, 33.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]
“E mong le e mong ea ntseng a tsoela pele ho sheba mosali e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le eena ka pelong ea hae.”—Matheu 5:28