Tsa Mona le Mane
◼ Tlhapi e ’ngoe e tšoasitsoeng bolibeng ba Leoatle la Atlantic, karolong e ka Leboea ea lona, ho thoe “ke phoofolo e phetseng nako e telele ka ho fetisisa e tsejoang.” Bo-rasaense ba ile ba bala makhekhebu a letlalong la eona ’me ba etsa qeto ea hore e lilemo li 405.—SUNDAY TIMES, BRITHANI.
◼ “Ha maemo a moruo a ntse a mpefala, esita le bo-ralimilione baa ameha. Litsebi tsa kelello tse sebetsanang le bona li ka paka seo.”—THE NEW YORK TIMES, U.S.A.
TV e Ama Boitšoaro ba Batho ba ho Kopanela Liphate
Sehlooho se seng se hatisitsoeng koranteng ea Pediatrics, se re: “Ho na le bopaki bo ntseng bo eketseha ba hore ha bacha ba shebella mananeo a thelevishene a bontšang boitšoaro ba ho kopanela liphate, seo se ama tsela eo ba ikutloang ka eona ka ho kopanela liphate le eo ba itšoarang ka eona.” Ha e le hantle, ho ea ka phuputso e ’ngoe e entsoeng, ‘monyetla oa hore bacha ba qetang nako e ngata ba shebeletse mananeo ao ba ime, o feta oa ba sa a shebelleng hakaalo ka makhetlo a mabeli.’ E ka ’na eaba lebaka le leng la seo ke hore TV e fana ka maikutlo a hore boitšoaro ba ho kopanela liphate ha bo kotsi hakaalo, kaha ha e bontše se hlileng se etsahalang ka banana ba imang ba sa rera le ka batho ba tšoaetsoang mafu ka ho kopanela liphate. Ha e le hantle, TV ke e ’ngoe ea lintho tse susumetsang tsela eo bacha ba itšoarang ka eona tabeng ea ho kopanela liphate. Bafuputsi ba boetse ba khothalletsa batho hore ba ele hloko ka ho khetheha limakasine, Inthanete le ’mino.
Litlaleho Tse Ncha Tsa Batho ba Nang le Lepera
Batho ba likete tse tharo, United States, ba okeloa lepera leo hape le bitsoang boloetse ba Hansen. Batho ba ka bang 150 ba fumanoa ba e-na le boloetse bona ka selemo. Ba bangata ba bona ba tsoa linaheng tse ling. Leha ho le joalo, Mokhatlo oa Amerika oa Bongaka le Bophelo bo Botle Libakeng Tsa Tropike, o re Setsing sa Sechaba sa Phekolo ea Boloetse ba Hansen se Baton Rouge, Louisiana, “ho ea baahi ba ka bang 30 ka selemo ba lulang karolong e ka boroa ea Louisiana le ba lulang Gulf Coast, Texas, ba hlahetseng United States ’me ba e-s’o ka ba etela naheng e nang le seoa sa boloetse boo.” Bafuputsi ba ntse ba sa utloisise hantle hore na boloetse bona bo jaleha joang. Lepera lea phekoleha haeba le fumanehile kapele. Empa haeba le se le hlile le kene mothong ha ho sa khoneha ho lokisa tšenyo e methapong.
Masholu a Utsoang Thepa e Ntšang Mahlaseli a Kotsi
Mookameli oa Mokhatlo oa Machaba oa Matla a Athomo, e leng Mohamed ElBaradei, o re: “E ntse e le taba e tšosang haholo hore ebe likhukhuni li ka ’na tsa fumana thepa ea nyutlelie le thepa e ’ngoe e ntšang mahlaseli a kotsi. Litlaleho tseo Mokhatlo ona o li fumaneng tsa ho utsuoa kapa ho lahleha ha thepa ea nyutlelie kapa e ntšang mahlaseli a kotsi li ngata ka tsela e tšosang—ho fumanoe litlaleho tse ka bang 250 likhoeling tse tšeletseng tse qalang ka 2008. Se boetseng se tšoenya ke hore boholo ba thepa ena ha bo fumanoe.” Ha ho tsebahale hore na boemo bona ke phello ea hore ebe ho hlokahala thepa e eketsehileng e ntšang mahlaseli a kotsi kapa bo bakoa ke hore na linaha li tlaleha ka nepo thepa e lahlehileng.
Mengolo ea Boholo-holo e Fumanoe Iseraele
Baepolli ba lintho tsa khale ba Iseraele ba fumane tokomane ea boholo-holo eo ho bonahalang eka e ngotsoe lilemo tse 1 000 pele ho Meqolo ea Leoatle le Shoeleng. Tokomane ena, e nang le mela e mehlano e ngotsoeng ka enke sekotoaneng sa pitsana ea letsopa, e ile ea fumanoa ha ho ntse ho chekoa qhobosheaneng ea lekholong la bo10 la lilemo B.C.E. e Judea, Iseraele e bitsoang Khirbet Qeiyafa. Tlaleho e ntšitsoeng ke Univesithi ea Seheberu e Jerusalema e boletse hore se ngotsoeng tokomaneng eo ha se e-s’o hlalosoe ka ho feletseng, empa ho bonahala eka ke tokomane ea molao e ngotsoeng ke mongoli ea koetlisitsoeng ’me e na le “motso oa mantsoe a kang ‘moahloli,’ ‘lekhoba’ le ‘morena.’”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 30]
Gabi Laron/Institute of Archaeology/Hebrew University © Yosef Garfinkel