Bokhoni ba Razor Clam ba ho Epa
Na bo Entsoe?
● Le hoja ho sa bonahale eka e matla hakaalo hore e ka epa lehlabatheng, razor clam e epa ka potlako lehlabatheng le thata hoo e ’nileng ea bitsoa “Ferrari ea ka tlas’a metsi e epang.” Bafuputsi ba ile ba hlolloa. Anette Hosoi, eo e leng moprofesa ea boemong bo bohareng Setsing sa Theknoloji sa Massachusetts, o re: “Re ile ra elelloa hore e etsa ntho e bontšang bohlale.” Sephiri sa razor clam ke eng?
Ak’u nahane: Razor clam e fata ka leoto lehlabatheng, ho cheka mokoti o monyenyane o tlalang metsi le lehlabathe ka potlako. E ntan’o isa ’mele holimo le tlaase ha ka nako e tšoanang e bula khetla ea eona e bile e e koala. Sena se etsa seretse seo clam e ka epang ho sona habonolo. Razor clam e ka epa lisenthimithara tse ka bang 70, e epa senthimithara e le ’ngoe ka motsotsoana. Hang ha clam e se e kene ka mokoting, ho thata ho e ntša. Ha e le hantle, ha re nahana ka sekhahla seo e itlhomang ka sona le matla ao e itsetsepelang ka ’ona, clam e sebetsa hantle ka makhetlo a leshome ho feta liankora tse matla haholo tse entsoeng ke batho.
Lienjinere li susumelitsoe ke razor clam hore li etse seo li se bitsang ankora ea pele “e tsoetseng pele.” Hosoi o re: “Ea bula le ho koala, ’me e ea holimo le tlaase, joaloka clam ea sebele.” Ankora e matla joalo, e sebetsang hantle, e ka sebelisoa likepeng tsa ho etsa liphuputso ka tlas’a metsi, mechineng e phaphamalang ka holim’a metsi e rafang oli le e epang e senyang merafo.
U nahana’ng ka see? Na bokhoni ba razor clam ba ho epa bo bile teng ka tšohanyetso? Kapa na bo entsoe?
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Ankora ena “e tsoetseng pele” ea mohlala e etsisa bokhoni ba “razor clam” ba ho epa
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Razor clams: © Philippe Clement/naturepl.com; “smart” anchor: Courtesy of Donna Coveney, Massachusetts Institute of Technology