Tsa Mona le Mane
◼ “Hona joale Russia ho na le lithane tse ka bang limilione tse likete tse peli tsa thepa e kotsi e lahloang, tseo ho se nang tsela e sireletsehileng ea ho e lahla.”—RIA NOVOSTI, RUSSIA.
◼ Lekholong lena la bo21 la lilemo ho bile le keketseho e khōlō ea masholu a utsoang thepa likepeng. Ka mohlala, ka 2007 “ho bile le liketsahalo tse 263 tsa masholu a ileng a utsoa thepa likepeng le a ileng a leka ho e utsoa.”—THE WALL STREET JOURNAL, U.S.A.
Ho Sebelisa Tahi Nakong ea Boimana
Koranta ea Süddeutsche Zeitung e tlaleha hore selemo ka seng ho hlaha bana ba ka bang 10 000 Jeremane, ba e-na le bokooa bo bakoang ke tahi. Ba ka bang 4 000 ba bona ba holofetse hampe ebile ba tla qeta bophelo bohle ba holofetse. Mokomishinara oa Lithethefatsi Sabine Bätzing oa eletsa: “Ha ho na moeli oa hore na moimana a ka sebelisa tahi hakae ka tsela e ke keng ea baka mathata. Re lokela ho hlokomelisa lingaka, bapepisi le baimana hore esita le ha [moimana] a ka noa ho se hokae le hona ka linako tse itseng, seo se ka lematsa ngoana kelellong le ’meleng kapa sa mo bakela mathata a itseng a boitšoaro.”
Ho Lema ho ka U Tsoela Molemo
Makasine e bitsoang Psychology Today e re: “Bafuputsi baa hlokomela hore ho itemela lijo—ebang ke tse seng kae kapa tse ngata—ho ka u tsoela molemo ho feta kamoo ho neng ho nahanoa kateng.” Bafuputsi ba bontša hore haeba motho a ja kapa a hema “mefuta e itseng ea libaktheria tse fumanoang mobung, seo se matlafatsa haholo tsela eo ’mele oa hae o itšireletsang ka eona mafung.” Kahoo, makasine ena e re, “bopaki bo ntse bo eketseha bo bontšang hore ho ja likarolo tse itseng tsa mobu ho ka u tsoela molemo joaloka ho ja litholoana le meroho e atlehileng e tsoang mobung.”
Nonyana e Qetileng Nako e Telele ka ho Fetisisa e Fofa
Bo-rasaense ba United States ba hlahlobang mafika ba tlalehile hore “nonyana e ’ngoe e fofile sebaka se selelele ka ho fetisisa e sa lule fatše.” Ba ile ba sala linonyana tsa li-godwit morao ka sathelaete ha li nka leeto la tsona la selemo le selemo, li fallela ka mose ho Leoatle la Pacific. Nonyana e ’ngoe e tšehali e ile ea nka leeto la lik’hilomithara tse 11 650 ka matsatsi a robeli e tloha Alaska e ea New Zealand. Makasine ea The Week e re e fihlile moo “e lahlehetsoe ke halofo ea boima ba eona ba ligrama tse 700.” Ha li khutla li-godwit li fofa ho tloha New Zealand ho ea Chaena ebe li khutlela Alaska—e leng leeto la lik’hilomithara tse 29 000 kaofela. Bo-rasaense bana ba bontša hore “haeba ka karolelano gotwit e fofa lik’hilomithara tse 29 000 ka selemo, seo se bolela hore ha e hōlileng e shoa, e tla be e fofile sebaka sa lik’hilomithara tse 463 000.”
Ho Tšoaroa Masholu a Lekhala
Masholu a utsoa makhala a mang a bohlokoa Saguaro National Park, e Arizona, U.S.A. Jim McGinnis ea sebetsang ofising e etsang liphuputso tse khethehileng Lekaleng la Temo la Arizona, o re: “Motho e mong le e mong o batla ho ba le lekhala la saguaro jareteng ea hae.” Kahoo, ho tloaelehile ho bona likoloi lehoatateng li nkile makhala. Masholu a rata a bolelele ba mithara ho isa ho tse peli, ao a ka a rekisang liranta tse likete tse leshome kapa ho feta. E le ho loantša bosholu, ba boholong ba rera ho kenyetsa makhala ana lik’homphieutha tse nyenyane. Hamorao li-scanner tsa letsoho li tla bontša haeba makhala a rekisoang libakeng tsa khoebo a utsoitsoe phakeng ena.