Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 11/09 maq. 6-7
  • Batsoali—Tataisang Bana ba Lōna

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batsoali—Tataisang Bana ba Lōna
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Qalellang!
  • Bana ba Hloka “Bohlale bo Sebetsang le Matla a ho Nahana”
  • Ha Bana ba Sebelisa Inthanete—Seo Batsoali ba ka se Etsang
    Tsoha!—2008
  • Ho Thusa Bacha ho Hlōla Bothata Bona
    Tsoha!—2007
  • Ke Joang Theknoloji e ka Amang Bana ba Hao?
    Tsoha!—2021
  • Theknoloji e Hloa Mekoalaba
    Tsoha!—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 11/09 maq. 6-7

Batsoali​—Tataisang Bana ba Lōna

“Nakong e fetileng, ntho feela e neng e re tšoenya ke ha ba qeta nako e ngata ba shebeletse TV. Hona joale ho na le lipapali tsa video, lik’homphieutha le liselefouno. Lintho tsena li ferekanya bana ba banyenyane ’me li etsa hore ba itšoare joalokaha eka ba li lemaletse . . . Boko ba bona bo tloaela ho utloa mantsoe le ho bona lintho—’me ha lintho tseo li le sieo ha ba tsebe hore na ba etse’ng.”—Mali Mann, M.D.

RE PHELA lefatšeng le “hokahantsoeng” ka litsela tse tsoetseng pele tsa puisano le ka Inthanete. Bacha ba bangata ha ba khone ho tsamaea ba sa nka libapala-’mino kapa liselefouno. ’Me kaha lisebelisoa tsena li ntse li e-ba matla ’me li khona ho etsa lintho tse ngata le ho feta ebile ha li sa bitsa haholo, seo se etsa hore li fumanehe ka bongata, e leng se thatafalletsang batsoali le ho feta hore ba behe bana leihlo, ba ba koetlise le ho ba khalemela.

Batsoali ba ka sebetsana le mathata ao ka hore ba etse lintho tse peli tsa bohlokoa. Ntlha ea pele: Elang hloko bonnete ba mantsoe a latelang a Bibele a ho Liproverbia 22:15, e reng: “Bana bohle ke maoatla, empa khalemelo e tiileng e tla ba fetola.” (Contemporary English Version) Ntlha ea bobeli: Elelloang kamoo theknoloji e nang le tšusumetso e matla kateng baneng, ebang e ba susumetsa hantle kapa hampe, ’me le leke ka matla ho e sebelisetsa lintho tse molemo.

Qalellang!

Malapeng a mangata, ntho ea pele ea theknoloji eo ngoana a e tsebang ke TV. Ha e le hantle, TV ke eona e atisang ho hlokomela bana. Empa litsebi tse ling tsa kelello li lumela hore ho shebellisa bana TV haholo le hona ba sa le banyenyane haholo ho ka etsa hore ba tsoafe ho ikoetlisa, ba ferekanye lintho tsa sebele le tse inahaneloang, ba be le mathata maikutlong ’me hamorao ba sitoe ho mamela ha ba le ka tlelaseng. Dr. Mali Mann o re ‘ka phoso lingaka li ka ’na tsa re bana ba bang ba na le Bothata ba ho Tsepamisa Mohopolo Nako e Telele, kapa Bothata ba ho ba Mahlahahlaha le ho Sitoa ho Tsitsisa Mohopolo kapa ka phoso tsa re ba na le bothata ba ho ferekana kelellong.’ Ke kahoo, ba bang ba boholong ba buellang hore bana ba ka tlaase ho lilemo tse peli ba se ke ba shebella thelevishene.

Dr. Kenneth Ginsburg, e leng ’muelli oa mokhatlo oa American Academy of Pediatrics, o re: “Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa e etsahalang lilemong tse qalang tsa ngoana ke ho theha kamano e haufi le batsoali.” Kamano eo e thehoa ha batsoali ba buisana le bana ba bona le ho bapala le bona ba bile ba ba balla. ’Me joalokaha batsoali ba bangata ba tseba, bana ba atisang ho balloa ba thahasella ho bala, e leng e ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa.

Ke ’nete hore ho ka ’na ha e-ba molemo hore bana ba limilione ba tsebe lik’homphieutha le lintho tse ling tsa theknoloji tse tsamaisanang le eona, ebile ho ka ’na ha hlokahala hore ba li tsebe. Empa haeba le lemoha hore bana ba lōna ba se ba rata lik’homphieutha, lipapali tsa elektronike, Inthanete le lintho tse ling tse kang tseo ka tsela e sa tloaelehang, e ka ’na ea e-ba bohlale hore le ba rute lintho tse ling tseo ba ka li thahasellang. Le ka etsa seo joang? Le ka ’na la ba ruta ho etsa ntho leha e le efe e molemo, e hapang thahasello e bileng e hlasimollang, eo ba ka e thahasellang kapa la ba ruta ho letsa seletsa se itseng.

Ha le khethile hantle seo ngoana a ka se etsang, seo ha se na ho mo tlosa bolutu feela. Se ka ’na sa boela sa mo ruta hore a hlaolele mamello, a be le boikemisetso, a khone ho itšoara a be a khone ho iqapela lintho—e leng litšobotsi tseo motho a li hlokang e le hore a atlehe bophelong, moo theknoloji e ke keng ea rarolla mathata ’ohle a hae.

Bana ba Hloka “Bohlale bo Sebetsang le Matla a ho Nahana”

Ka Bibeleng, bana le batho ba baholo ba khothalletsoa hore ba hlaolele “matla a ho nahana.” (Baroma 12:1; Liproverbia 1:8, 9; 3:21) Sena ha se re nolofalletse feela ho khetholla se nepahetseng ho se fosahetseng, empa se boetse se re nolofalletsa ho khetholla lintho tse bontšang bohlale ho tse booatla. Ka mohlala, hase tlōlo ea molao ho qeta lihora u bapala lipapali tsa elektronike kapa u shebeletse TV, empa na ke bohlale ho etsa joalo? Hase tlōlo ea molao ho reka lisebelisoa tsa morao-rao tsa theknoloji, empa na le teng ke bohlale? Joale le ka etsa’ng ho thusa bana ba lōna hore ba etse liqeto tse bontšang bohlale ha ho tluoa litabeng tsa theknoloji?

◼ Ba hlalosetseng likotsi. Bana ba ka ’na ba ithuta kapele ha ho tluoa linthong tsa theknoloji le Inthanete, empa kaha ha ba na bohlale le phihlelo, ba atisa ho etsa lintho tse bontšang ho hloka tsebo. Kahoo ba bontšeng likotsi tseo ba lokelang ho li qoba le hore na ba li qobe joang. Ka mohlala, nahana ka mecha eo batho ba qoqang ho eona ka Inthanete. Ke ’nete hore mecha e joalo e ka ’na ea lumella bacha hore ba itlhalose le hore ba kopane le bacha ba bang, empa mecheng eo ke hona moo batho ba hlekahlekang bana ka tsa thobalano le batho ba bang ba nang le sepheo se sebe ba boetseng ba batlang liphofu tsa bona teng.a (1 Bakorinthe 15:33) Ka hona, batsoali ba masene ba khothalletsa bana ba bona hore ba se ke ba fana ka boitsebiso ba bona Inthaneteng.b

Ke ’nete hore bana ba lokela ho fuoa boinotši ho latela hore na ba bontša khōlo hakae. Empa joaloka motsoali, u na le tokelo le boikarabelo boo u bo filoeng ke Molimo ba hore u koetlise bana ba hao le ho ba hlokomela. (Liproverbia 22:6; Baefese 6:4) Re tšepa hore ba tla lemoha hore u amehile ka bona hobane u ba rata ka lerato le se nang boithati, eseng hobane u itšunya-tšunya litabeng tsa bona ho sa hlokahale.

U ka ’na ua re: “Empa nka thusa bana ba ka joang, ha ’na ke sa tsebe lintho tsee tseo ba li sebelisang?” Joale ke hobane’ng ha u sa ithute lintho tsa motheo ka tsona? Melba ea nang le lilemo tse fetang 90, o qalile ho sebelisa k’homphieutha ha a se a fetile lilemo tse 80. O re: “Ha ke qala ho sebelisa ntho ena, ho ne ho re ke e lahlele ka ntle ka fensetere. Ka mor’a likhoeli tse seng kae, ke ile ka tseba ho e sebelisa, ’me hona joale ke nolofalloa ho ngola melaetsa ea e-mail le ho e bala le ho etsa lintho tse ling tse seng kae.”

◼ Behela ngoana meeli e loketseng ha a sebelisa theknoloji. Haeba ngoana oa hao a qeta lihora tse ngata a itšehlile thajana a shebeletse TV, a le Inthaneteng, kapa a bapala lipapali tsa elektronike, ke hobane’ng ha u sa mo behele nako eo a ka sebelisang lintho tsee ka eona le libaka tseo a ka li sebelisetsang ho tsona? Sena se ka ’na sa thusa mora kapa morali oa hao hore a ithute bohlokoa ba ho latela molao-motheo ona oa Bibele, o reng: “Ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe.” Seo se bolela hore ho na le nako ea ho ba le ba lelapa, ea ho ba le metsoalle, ea ho etsa mosebetsi oa sekolo, ea ho ja, ea ho ikoetlisa le ea ho etsa lintho tse ling tse joalo. (Moeklesia 3:1) Ha u behela bana melao e loketseng, ’me u tiisa hore ba e latela kamehla, seo se etsa hore lelapa e be le hlophisehileng ’me se thusa bana hore ba ithute mekhoa e metle, ba nahanele ba bang le hore ba thabele botsoalle le batho ba bang.

Sehloohong se latelang sa ho qetela, re tla tšohla melao-motheo e ka ’nang ea re thusa kaofela ha rōna—ba baholo le ba banyenyane—hore re sebelise theknoloji ka tsela e bontšang ho nahanela le e baballang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Batsoali ba tla fumana lintlha tse ka ba thusang sehloohong se reng “Ha Bana ba Sebelisa Inthanete—Seo Batsoali ba Lokelang ho se Tseba,” Tsoheng! ea October 2008. Tsoheng! ea March le ea December 2007 le ea January 2008, le tla fumana lihlooho tse buang ka litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro, lipapali tsa video le Inthanete.

b Bacha ba bang ba bile ba inka litšoantšo tse tsoileng tseleng ebe ba li romella metsoalle ea bona ka liselefouno. Mokhoa ona o litšila ebile o booatla, kaha ho sa tsotellehe hore na motho ea li romelang o li romela ka sepheo sefe, litšoantšo tseo li atisa ho fetisetsoa ho ba bang.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Bana ba lokela ho etsa lintho tse ngata tse tla ba chorisa likelello le ho ba thusa ho hlaolela mamello le ho ba le boikemisetso

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela