Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/10 maq. 4-6
  • Hlaolela ho ba le Pono e Leka-Lekaneng ka Mosebetsi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hlaolela ho ba le Pono e Leka-Lekaneng ka Mosebetsi
  • Tsoha!—2010
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • E-ba le Nako ea ho Sebetsa le Nako ea Hao
  • Etsa Lintho ka Tsela e Leka-lekaneng Mosebetsing le Lapeng
  • U ka Etsa’ng Hore U Thabele ho Sebetsa ka Thata?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Kamoo re ka Bang le Pono e Loketseng ka Mosebetsi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Na U Lula U Phathahane?
    Tsoha!—2017
  • Ho Sebetsa Ka Thata—Ha e le Ntho ea Bohlokoa
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 1/10 maq. 4-6

Hlaolela ho ba le Pono e Leka-Lekaneng ka Mosebetsi

MEHLENG ena eo ho nang le mathata a maholo a moruo, ntho e ka sehloohong eo batho ba amehileng ka eona ke ho ba le mosebetsi o tsitsitseng, o ba lefang chelete e lekaneng ho hlokomela litlhoko tsa malapa a bona. Sena ha se bonolo kamehla, haholo-holo ha batho ba likete ba ntse ba felloa ke mosebetsi. Haeba u e mong oa ba sa tsoa felloa ke mosebetsi, u tobane le phephetso ea ho etsa boiteko bo matla ba ho fumana mosebetsi o mong.—Sheba lebokose le leqepheng la 8 le la 9.

Leha ho le joalo, ho na le lintho tse ngata tsa bohlokoa bophelong ho feta ho sebetsa ka thata. Monna e mong oa Australia, ea nang le lelapa ea bitsoang Glenn, o re: “’Nete ke hore ha ho motho eo e reng ha a le makhatheng a lefu a reng, ‘ke lakatsa eka nka be ke qetile nako e ngata ke le mosebetsing.’” Ho totobetse hore ho phela ka tsela e khotsofatsang le e nang le morero, ho akarelletsa ho fumana nako ea ho sebetsa. Empa ho akarelletsa eng hape? Ho akarelletsa ho ipha nako ea ho ba le lelapa, ea ho ikhatholla le ea ho hlokomela litlhoko tsa moea. U ka etsa’ng ho hlokomela lintho tsee tsa bohlokoa bophelong ka tsela e leka-lekaneng?

E-ba le Nako ea ho Sebetsa le Nako ea Hao

Bibele e re bolella hore re lokela ho sebetsa ka thata e le hore re hlokomele ba malapa a rōna. (Baefese 4:28) Empa e boetse e re khothalletsa hore re ‘je ’me re noe le ho bona se molemo bakeng sa mosebetsi oohle oa rōna o thata.’ (Moeklesia 3:13) Ha e le hantle, ho qeta lihora tse ngata re sebetsa, empa re sa phomole kapa hona ho ikhatholla ka tsela e loketseng ho ka re amoha thabo bophelong. Ho ka boetse ha re bakela mathata a tebileng a ho kula.

Ho lula motho a le tlas’a khatello ea mosebetsi ho ’nile ha amahanngoa le botenya, ho lemalla tahi, lefu la pelo, likotsi tse bang teng mosebetsing, ho lemalla lithethefatsi, ho tšoenyeha, mokhathala, ho tepella maikutlo le maloetse a mang a mangata a tsamaisang le khatello ea maikutlo. Ho sebetsa ka thata ho feta tekano ho ka boetse ha bolaea motho. Tlaleho e ’ngoe e hakanya hore batho ba ka bang 10 000 baa shoa selemo le selemo Japane ka lebaka la ho sebetsa ka thata ho feta tekano, ’me palo eo e lekana le ea ba shoang likotsing tsa likoloi ka selemo naheng eo. Boemo bona bo sa tloaelehang—bo bitsoang karoshi, e leng “ho bolaoa ke mosebetsi o mongata”—ha bo Japane feela empa bo teng le linaheng tse ling.

Hlokomela hore Bibele e eletsa ka bohlale, e re: “Phomolo e tletseng letsoho e molemo ho feta mosebetsi o boima o tletseng matsoho a mabeli le ho lelekisa moea.” (Moeklesia 4:6) Ka sebele, ho etsa lintho ka tsela e leka-lekaneng ke habohlokoa. U se ke ua nkeha haholo ke mosebetsi, ua o etsa ntho e ka sehloohong bophelong. Itšireletse kelellong, ’meleng le maikutlong ka hore u iphe nako ea ho phomola le ho thabela mosebetsi oa matsoho a hao.

Andrew ea nang le mosali le bana ba bararo, o re: “Re lokela ho sebetsa e le hore re phele, eseng hore re phelele ho sebetsa.” Ho leka-lekanya nako ea mosebetsi le ea phomolo le ea boikhathollo ho tla boela ho u thuse hore u hlokomele litlhoko tsa lelapa la hao. Empa sena ha se bonolo, haholo-holo ha u e-na le likoloto tseo u lokelang ho li lefa.

Etsa Lintho ka Tsela e Leka-lekaneng Mosebetsing le Lapeng

Kajeno malapa a mangata a na le lintho tse ngata tseo a lokelang ho li etsa ’me a qeta nako e fokolang a le hammoho. Mosali e mong oa Engelane o re: “Mosebetsi o nqeta matla ’me ha ke be le matla a makaalo a ho etsa lintho le bana ba ka.” Ho bacha ba United States bao ho buisanoeng le bona, a le mong ho ba bahlano o boletse hore ntho e ka sehloohong e mo tšoenyang ke hore “ha a qete nako e lekaneng a e-na le batsoali ba hae.” Phuputso e ’ngoe e entsoeng United States e tlaleha hore ka karolelano, banyalani ba sebetsang ka bobeli ba buisana metsotso e 12 feela ka letsatsi.

Kaha batho ba bangata ba khathetse ke khatello ea mosebetsi e ntseng e eketseha, ba sekaseka bocha lintho tse tlang pele bophelong ba bona ’me ba etsa liphetoho. Timothy ea nang le mosali le bana ba babeli ba banyenyane, o re: “Ke ne ke sebetsa lihora tse ngata ’me mosali oa ka a sebetsa ka mafelo-beke. Re ne re bonana ngope-setšoha. Qetellong, re ile ra sekaseka bophelo ba rōna ’me ra fetola tsela eo re sebetsang ka eona. Hona joale re thabile haholoanyane.” Brian, eo e leng mookameli oa lebenkele o re: “Ha re ntse re lebeletse ngoana oa rōna oa bobeli, ke ile ka batla mosebetsi o mong o neng o tla lumellana le boemo ba lelapa la rōna. E le hore ke sebetse lihora tse batlang li loketse, ke ile ka amohela mosebetsi oo ka selemo o neng o ntefa chelete e ka tlaase ho eo ke neng ke e fumana pele ka R92 000!” Melina o ile a tlohela mosebetsi ha morali oa hae oa pele a hlaha. O re: “Ho ne ho le thata ho boela re tloaela ho phela ka moputso oa motho a le mong. Empa ’na le monna oa ka re ne re nka hore ho molemo hore ke sale le Emily lapeng ho e-na le ho mo isa sebakeng sa tlhokomelo ea bana.”

Leha ho le joalo, re lokela ho hlokomela hore malapa a mangata a sebetsa ka thata e le hore feela a lefelle litšenyehelo tsa khoeli le khoeli. Balekane ba bang ba sebetsa mesebetsi e ’meli e le hore feela ba lefelle litšenyehelo, ’me maemong a mang banyalani ka bobeli baa sebetsa, ba siea bana le batsoali ba bona kapa ba ba isa libakeng tsa tlhokomelo ea bana.

U ka ’na ua fumana litsela tse ling tsa ho leka-lekanya mosebetsi le boikarabelo ba lapeng. Ntlha ea bohlokoa ke hore: U se ke ua hlokomoloha thabo e tlisoang ke bophelo ba lelapa ka ho nkela mosebetsi holimo haholo.

Kholiseha hore ha u leka-lekanya mosebetsi, boikhathollo le litlhoko tsa lelapa, seo se tla u tsoela molemo haholo. Sehloohong se qetellang, re tla tšohla ntlha e ’ngoe ea bohlokoa le ho feta tabeng ea ho phela ka tsela e bonolo, e itekanetseng.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

U se ke ua nkeha haholo ke mosebetsi, ua o etsa ntho e ka sehloohong bophelong

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

“Phomolo e tletseng letsoho e molemo ho feta mosebetsi o boima o tletseng matsoho a mabeli le ho lelekisa moea.”—Moeklesia 4:6

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

U se ke ua hlokomoloha thabo e tlisoang ke bophelo ba lelapa ka ho nkela mosebetsi holimo haholo

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]

U KHETHA CHELETE KAPA BOIKETLO?

Litsebi tse ling tsa lekholong la bo20 la lilemo li ne li lumela hore ho eketseha ha lintho tsa theknoloji ho ne ho tla phomotsa batho mosebetsing o tenang ’me ho tlise “nako ea boiketlo eo ho seng mohla e kileng ea e-ba teng.”

Mathoasong a bo-1930, Moprofesa Julian Huxley o ile a bolela hore nakong e tlang ha ho motho ea tla lokela ho sebetsa matsatsi a fetang a mabeli ka beke. Rakhoebo e mong ea bitsoang Walter Gifford o ile a re, theknoloji e tla fa “motho e mong le e mong monyetla oa hore a etse seo a batlang ho se etsa . . . , nako ea hore a phele ka boiketlo le ho etsa lintho tse mo khotsofatsang.”

Empa ho thoe’ng ka lintho tse bonahalang tseo batho ba li labalabelang? Henry Fairchild, eo e leng setsebi sa kahisano, o ile a bua ka boikakaso a re, lifektheri li ka “hlahisa lihlahisoa tse ngata ho feta tseo re ka tsebang ho li sebelisa ka letsatsi . . . ’me ka karolelano batho ba sebetsa lihora tse ka tlaase ho tse ’nè.”

Lintho tsee tse boletsoeng esale pele li ne li nepahetse hakae? Ka sebele moruo o ile oa phahama ka sekhahla se seholo lekholong la bo20 le la bo21 la lilemo. Ho ne ho nkoa hore lintho tsena li lokela ho fokotsa mosebetsi haholo. Empa ho etsahetse’ng? John de Graaf o ile a ngola, a re: “Sohle seo [batho] ba se fumaneng linthong tseo ba li hlahisitseng ke chelete e ngata le thepa e ngata, ’me ha ho le ea mong oa bona ea thabelang nako e eketsehileng. Ka mantsoe a mang, rōna re le sechaba re khethile chelete ho e-na le ho khetha nako.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela