O Batla Tsela ka Booona
MOHLOMONG ua tseba hore na ho thata hakae ho fumana tsela sebakeng seo u sa se tloaelang. Joale mosesisi oa sekepe eena a ka fumana tsela joang leoatleng le se nang matšoao? Ho ba le sesupa-tsela ha ho thuse ka letho haeba mosesisi a sa tsebe moo a leng teng le hore na o ea hokae. E bile feela lilemong tsa bo-1730 ha ho ne ho qaptjoa mochine o lekanyetsang bolelele ba sebaka le oache ea likepe, moo basesisi ba ileng ba khona ho lekanyetsa sebaka seo ba leng ho sona le ho rera hore na ba tla tsamaea joang ba itšetlehile ka ’mapa—’me lekhetlo ka leng ba ne ba qeta lihora ba sebetsa lipalo.
Kajeno bakhanni ba linaheng tse ngata ba sebelisa mochine o sa bitseng haholo o hokahantsoeng le sathalaete o bitsoang Global Positioning System (GPS), ho fumana tsela ea moo ba eang teng. Sohle seo ba se etsang ke ho ngola aterese ea moo ba eang. Mochine oo o ba bontša moo ba leng teng. O ntan’o ba lebisa moo ba batlang ho ea teng. O etsa see joang?
Mechine ena e bontšang tsela e itšetlehile ka lisathalaete tse ka bang 30, tseo e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona e hasang melaetsa e bontšang hore na sathalaete eo e hokae le ho lekanyetsa nako ka tsela e nepahetseng haholo. Hang ha mochine o se o hokahane le lisathalaete tse seng kae, o khona ho bala ka nepo hore na molaetsa o nka nako e kae ho tloha sathalaeteng. Ka boitsebiso boo, o khona ho lekanyetsa moo u leng teng. Ka sebele, u ka inahanela hore na eo ke tšebetso e rarahaneng hakaakang ea lipalo! O nka metsotsoana e seng mekae feela ho lekanyetsa sebaka seo lisathalaete tse tharo li leng sona, tseo kaofela li leng bohōle ba lik’hilomithara tse likete ’me li tsamaea ka litsela tse sa tšoaneng le ka lebelo la lik’hilomithara tse ngata ka motsotsoana.
Moprofesa Bradford Parkinson le moprofesa Ivan Getting ba ile ba qapa mochine ona mathoasong a lilemo tsa bo-1960. Le hoja qalong o ne o etselitsoe hore o sebelisoe ke masole, ha nako e ntse e ea batho ba ile ba iphumanela oona, ’me ba qala ho o sebelisa haholo ka 1996. Mochine oa GPS oa tsoteha mechineng ea theknoloji, empa na ke oona mochine oa pele o tsebang ho batla tsela ka booona?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 8]
Globe: Based on NASA photo