Re Kopana le Lichimpanzi Tse Phelang Naheng
HA RE ntse re tsamaea tselaneng e kenang morung oa tropike naheng e equator, Afrika, butle-butle mahlo a rōna a ile a ’na a tloaela khanya e phatsimang makhasing le makaleng a teteaneng a lifate. Molumo o sa khaotseng, o sa hlakang oa matjeketjane le ho bona lifate tsa litonanahali tse koahetsoeng ke lihlahla—tse ling li le bolelele ba limithara tse fetang 55—li ile tsa etsa hore re hlolloe ’me re lule re lebeletse se tlang ho etsahala. Re ile ra hlokomela hore tikolohong ena, re lokela ho tsamaea ka hloko re bile re khutsitse. Ka tšohanyetso, ra utloa lintho tse llelang holimo li re hoo, ebile li hemela holimo ka potlako. Molumo ona o ile oa ’na oa eketseha ka matla hoo o ileng oa re thiba litsebe ’me ka tšohanyetso ha ntan’o thola ha re tu! Ho ile ha fihla motsotso o thabisang oo re neng re o lebeletse leetong lena la rōna le khathatsang—re ile ra fumana sehlopha sa lichimpanzi.
Lerata la thabo e kang ena—le akarelletsang ho lla, ho hoeletsa le hore ka linako tse ling li otle likutu tsa lifate—ke tsela eo lichimpanzi li buisanang kapa li bitsanang ka eona. Ho bonahala eka matletsetletse a lifeiga tse monate, tse butsoitseng ke ’ona a entseng hore mohlape ona o kopane. Ha re sheba tsullung sefateng sa feiga se selelele, se sephara re ile ra bona lichimpanzi tse ngata, mohlomong li ne li ka ba 20 kapa 30, li ntse li itjella lifeiga ka khotso. Boea ba tsona bo botšo bo benya ka bokhabane ha bo utloa khanya ea letsatsi. E ’ngoe ea tsona e ile ea qala ho re betsa ka makala, eaba tse ling le tsona lia re betsa—e le pontšo e hlakileng ea hore ha li batle ho re fa lijo tseo tsa tsona.
Nako e ntle ka ho fetisisa ea ho fumana lichimpanzi ke ha litholoana li le ngata. Ka linako tse ling ha ho bonolo ho li bona kaha e ka ’na eaba li ee be li qhalakane har’a lihlahla, ka lihlotšoana. Lichimpanzi tse phelang naheng li rata ho lula li e-ja, ha li ntse li tsamaea libakeng tse khōlō tse etsang lisekoere-k’hilomithara tse ’maloa. Ntle ho litholoana, li boetse li ja makhasi, lipeō le metso. Hape li ja likokoanyana, mahe a linonyana le bohloa. Ka linako tse ling, li tsoma liphoofolo tse nyenyane le ho li bolaea, tse akhang litšoene.
Kaha joale e ne e batla e le har’a mpa ea motšehare, lichimpanzi li utloa mocheso o ntseng o e-ba matla. E ’ngoe e qala ho theoha sefateng ’me ka mor’a nakoana tse ling lia latela. Joale, li ile tsa kena ka morung o teteaneng haholo ka ho latellana. Lelinyane le leng le letona le setoutu le ile la tsoa sehlopheng, la itšoarella makaleng hore le atamele ho tla re sheba. Re ile ra tšeha haholo ha re ntse re shebeletse phoofotsoana ena e ratang ho bapala le e bohelehele.
Mekhoa ea Tsona e Qabolang
Ha re le tseleng re khutla, motho e mong sehlopheng sa rōna o ile a re: “Shebang ka morao.” Ha re hetla, re ile ra bona chimpanzi e ntse e re nyarela e le ka mor’a sefate. E ne e eme ka maoto ’me e ka ba bolelele ba mithara. Eitse ha re e sheba, ea ipata ka mor’a sefate, ka mor’a metsotsoana ea boela ea re nyarela. Ke bohelehele bo bokaakang! Ha e le hantle, lichimpanzi li khona ho ema ka maoto a mabeli li be li tsamaee sebakanyana. Leha ho le joalo, ka tloaelo li tsamaea ka maoto a mane e le hore li tšehetse boima ba ’mele ea tsona. Lesapo la mokokotlo la lichimpanzi ha lea kobeha nkotong, e leng sona se thusang batho hore ba eme ba otlolohile. Ho feta moo, kaha mesifa ea tsona ea marao e batla e se matla le matsoho a tsona a malelele a bile a matla ho feta maoto, seo se etsa hore li tsamaee ka ’ona a le mane kapa li hloe le ho iporomanka lifateng, ka tsela e lumellanang haholoanyane le sebōpeho sa ’mele ea tsona.
Matsoho a tsona a malelele a li thusa haholo ha li nanabela litholoana tse makaleng a masesaane ao li neng li ke ke tsa khona ho lula ho ’ona ka lebaka la boima ba tsona. Matsoho a tsona le maoto a entsoe hantle hore li shakarele makala le ho itšoarella ho ’ona. Menoana e meholo ea maoto e batla e shebile ka lehlakoreng ’me e sebetsa joaloka menoana e metona ea letsoho ho thusa phoofolo ena hore e hloe lifate kapa esita le ho tšoara le ho nka lintho ka maoto habonolo feela joalokaha eka ke ka matsoho. Sena sea e thusa mantsiboea ha e hahela moo e robalang teng. Ka mor’a ho qeta metsotso e seng mekae e sotha le ho koba makhasi le makala, chimpanzi e iketsetsa sebaka seo e ka khatholohang ho sona bosiu.
Ka sebele hoa thahasellisa ho shebella lichimpanzi le ho ithuta ka tsona li le moo li phelang teng le ho bona mekhoa ea tsona e qabolang esita le tsela eo li bōpehileng ka eona le eo li itšoarang ka eona, eo ho totobetseng hore e tšoana le ea batho. Leha ho le joalo, batho ba bang ba thahasella lichimpanzi feela ka sepheo sa ho etsa liteko e le ho tšehetsa khopolo ea hore li amana le motho ka ho iphetola ha lintho. Kahoo, ho ka ’na ha hlaha lipotso tse kang tsena: Hantle-ntle ke eng e etsang hore batho ba fapane le lichimpanzi hakaale? Ke ka tsela efe motho a entsoeng “ka setšoantšo sa Molimo,” ho fapana le liphoofolo?—Genese 1:27.
Ketsahalo e sa Lebaleheng
Ha ho bonolo ho bona lichimpanzi ha li le naheng, hangata lia ipata hang feela ha li bona motho a tla sebakeng sa tsona. Leha ho le joalo, molemong oa ho li sireletsa le ho li pholosa, lihlopha tse ling tsa lichimpanzi li tloaelitsoe batho.
Ho etela ka nakoana morung oo lichimpanzi li phelang ho oona e bile ketsahalo e sa lebaleheng. Bonyane ho re thusitse ho utloisisa ka tsela e itseng hore na ha e le hantle lichimpanzi li joang—hore li fapane haholo le tse koaletsoeng libakeng tsa polokelo ea liphoofolo kapa lilaboratoring. Ruri ke liphoofolo tse hlollang ’me ke tse ling tsa ‘liphoofolo le libata tsa lefatše’ tseo Molimo a ileng a bona hore li molemo—tse etselitsoeng hore li phele tikolohong eo li e reretsoeng.—Genese 1:24, 25.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 14, 15]
LICHIMPANZI LE BATHO
Bukeng ea hae e bitsoang In the Shadow of Man, Dr. Jane Goodall, e leng setsebi sa bophelo ba liphoofolo, o ngotse hore lintho tseo a li hlokometseng lilemong tsa bo-1960 ka lichimpanzi “tse etsang lithulusi li ile tsa kholisa litsebi tse ngata tsa saense hore ho ne ho hlokahala hore motho a hlahlojoe bocha ka tsela e batlang e rarahane ho feta pele.” Hore ebe lichimpanzi li sebelisa makhasi e le seponche, li sebelisa majoe kapa makala ho thuha linate le ho fohla makhasi pele li kenya makala ka seolong e le hore li ntše bohloa, ruri e ne e le lintho tse hlollang tse sibolotsoeng. Leha ho le joalo, morao tjena ho se ho tsebahala hore liphoofolo tse ngata li bontša bokhoni bo tsotehang ba ho etsa lithulusi. Dr. T. X. Barber, ea ngotseng buka e bitsoang The Human Nature of Birds—A Scientific Discovery With Startling Implications, o re: “Liphoofolo tsohle tseo ho ithutiloeng tsona ka botlalo, tse akhang litšoene le li-dolphin hammoho le bohloa le linotši, li bontšitse temoho ea motheo e neng e sa lebelloa ho hang ’me li bontša hore li bohlale.”
Ho hang sena ha se fetole taba ea hore motho oa ikhetha. Joalokaha Moprofesa David Premack a ngotse, “sebōpeho-puo kapa mokhoa oa ho hokahanya lipolelo puong ea batho, ka sebele ke ntho e ikhethang.” Ha e le hantle, ho rarahana ha puo ea batho esita le boleng ba setso sa batho, e leng moo puo le ho bua li phethang karolo ea bohlokoa teng, ka sebele ho etsa hore re fapane le liphoofolo.
Ka mor’a hore Jane Goodall a qete lilemo a ithuta ka lichimpanzi tse phelang naheng, o ile a ngola a re: “Ha ke nahane hore lichimpanzi li ka bontšana maikutlo, tsa tšoarana ka mosa, tsa sireletsana, tsa mamellana le ho thabela ho bontšana lerato, e leng litšobotsi tse khethollang lerato le matla la sebele leo batho ba nang le lona.” O ile a boela a ngola, a re: “Ho itemoha ha motho ho feta hōle ho lemoha ha phoofolo hore e na le ’mele. Motho o batla ho tseba ka sephiri sa hore ebe o teng le ka lintho tse hlollang tse mo pota-potileng le tse holimo maholimong.”
Bibele e hlalosa phapang e teng pakeng tsa batho le liphoofolo ka ho re motho o entsoe “ka setšoantšo sa Molimo.” (Genese 1:27) Kahoo, ho fapana le liphoofolo, motho o ne a tla bonahatsa setšoantšo sa Moetsi oa hae, a bontše litšobotsi tsa moea tsa Hae, tseo ho tsona lerato e leng e hlaheletseng ka ho fetisisa. Motho o ne a tla boela a khone ho ithuta lintho tse ngata a be a etse lintho ka bohlale bo fetang hōle ba phoofolo leha e le efe. Hape motho o ile a etsoa a e-na le bokhoni ba ho etsa lintho ho ea ka bolokolohi ba hae ba ho ikhethela, ho e-na le ho laoloa haholo ke tšekamelo ea tlhaho.
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Lichimpanzi ke liphoofolo tse ratang ho bapala le tse bohelehele, tse etselitsoeng hantle hore li phele tikolohong ea tsona
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Chimpanzees, top right: Corbis/Punchstock/Getty Images; lower left and right: SuperStock RF/SuperStock; Jane Goodall: © Martin Engelmann/age fotostock
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 13]
© Photononstop/SuperStock