Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/10 maq. 12-14
  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Itlhokomela ’Meleng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Itlhokomela ’Meleng?
  • Tsoha!—2010
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • E-ja Lijo Tse Nepahetseng—U Shebahale Hantle!
  • Ikoetlise Haholoanyane—U be Sehlahlo!
  • Robala Hantle—U Sebetse Hantle!
  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Hlokomela Bophelo ba Ka?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Ke Hobane’ng ha ke Tšaba ho Bolella ba Bang Seo ke se Lumelang?
    Tsoha!—2009
  • Na U Ikoetlisa ka ho Lekaneng?
    Tsoha!—2005
  • Bophelo bo Botle U ka Etsa Eng ka Bona?
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 6/10 maq. 12-14

Bacha Baa Botsa

Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Itlhokomela ’Meleng?

Tšoaea ✔ pakaneng ka ’ngoe eo u ratang ho e finyella.

◯ Ho theola boima ba ’mele

◯ Ho ntlafatsa ponahalo ea letlalo

◯ Ho ba sehlahlo

◯ Ho ba seli haholoanyane

◯ Ho fokotsa ho tšoenyeha

◯ Ho ithiba bohale

◯ Ho itšepa haholoanyane

HO NA le lintho tse ling bophelong tseo uena joaloka mocha u sa ikhetheleng tsona—tse kang batsoali ba hao, bana beno le hore na u lula hokae, ha re bolela tse seng kae feela. Empa u ka ikhethela tabeng ea ho itlhokomela ’meleng. Ebang u koenne ’meleng kapa che, ho itšetlehile ka lefutso le ka tsela eo u khethang ho phela ka eona.a

U ka ’na ua re, ‘Empa ke sa le monyenyane hore nka khathatseha ka taba ea ho itlhokomela ’meleng!’ Na u hlile u nahana joalo? Sheba lipakane tse thathamisitsoeng ka holimo. U tšoaile tse kae? Ha e le hantle, e le hore u finyelle lipakane tseo ke habohlokoa hore u itlhokomele ’meleng.

Ke ’nete hore u ka ’na ua ikutloa joaloka Amber ea lilemo li 17,b ea reng: “Ha ho kamoo nka lulang ke ja lijo tse entsoeng ka koro le tse se nang mafura le tsoekere nako ena kaofela!” Haeba u ikutloa ka tsela eo, u se ke ua tšoenyeha—ha ua tlameha ho chesehela ho ikoetlisa ka ho feteletseng le ho tlohela ho ja lijo tse tsoekere, kapa ho matha sebaka se selelele beke le beke. Bonneteng, ho ka ’na ha hlokahala hore u etse liphetoho tse seng kae feela e le hore u shebahale hantle, u be sehlahlo le hore u sebetse hantle. A re bone kamoo bacha ba bang ba entseng sena kateng.

E-ja Lijo Tse Nepahetseng—U Shebahale Hantle!

Bibele e re khothalletsa hore re itloaetse ho etsa lintho ka tsela e leka-lekaneng. Liproverbia 23:20 e re: “U se ke ua . . . ja ka bonyollo.” (Contemporary English Version) Hase kamehla ho leng bonolo ho latela keletso ena.

● “Joaloka bacha ba bang ba bangata, ke lula ke lapile. Batsoali ba ka ba ’nile ba re ekare mpa ea ka e na le masoba!”—Andrew ea lilemo li 15.

● “Ha e le hantle kaha ha ke bone hore na ho ja lijo tse itseng ho kotsi hakae hona joale, ha ke bone eka seo ke bothata.”—Danielle ea lilemo li 19.

Na u hloka ho itšoara haholoanyane malebana le lijo? A re bone seo bacha ba bang ba reng se ba tsoela molemo.

Mamela ’mele oa hao. Julia ea lilemo li 19 o re: “Ke ne ke tloaetse ho lekanyetsa lijo tseo ke li jang, empa hona joale ke tlohela ho ja ha ke khotše.”

Qoba lijo tse se nang phepo e ntle. Peter ea lilemo li 21 o re: “Ka ho khaotsa ho noa lino-mapholi tse nang le asiti, ke ile ka theola boima ba ’mele ka lik’hilograma tse hlano ka khoeli e le ’ngoe feela!”

Itloaetse mekhoa e metle ea ho ja. Erin ea lilemo li 19 o re: “Ke leka hore ke se ka ipheta ha ke ja.”

Lekunutu la ho Atleha: E-ja ha e le nako ea lijo! Haeba u sa je, u tla lapa ebe u qetella u ja ho feta tekano.

Ikoetlise Haholoanyane—U be Sehlahlo!

Bibele e re: “Koetliso ea ’mele e na le molemo.” (1 Timothea 4:8) Empa bacha ba bangata ba bonahala ba sa thahaselle ho ikoetlisa.

● “U ke ke ua kholoa kamoo bana ba bangata ba neng ba feila kateng ka tlelaseng ea boikoetliso, ha ke ne ke le sekolong se phahameng. E ne e le tlelase e bonolo ka ho fetisisa hoo e ka tšoantšoang le ho ja!”—Richard ea lilemo li 21.

● “Ba bang ba re, ‘Ke hobane’ng ha ke lokela ho matha ka ntle letsatsing le chesang hore ke fufuleloe ke be ke khathale empa nka bapala papali ea video e ntumellang hore ke etse eka kea matha?’”—Ruth ea lilemo li 22.

Na ha ho buuoa ka “ho ikoetlisa” ua khathala? Haeba ho joalo, nahana ka melemo e meraro ea ho ba le kemiso e tsitsitseng ea ho ikoetlisa.

Molemo oa #1. Ho ikoetlisa ho matlafatsa tsamaiso ea hao ea ’mele ea ho itšireletsa mafung. Rachel ea lilemo li 19 o re: “Ntate o ne a tloaetse ho re, ‘Haeba u sa iphe nako ea ho ikoetlisa, u tla tlameha ho ipha ea ho kula.’”

Molemo oa #2. Ho ikoetlisa ho etsa hore boko bo ntše lik’hemik’hale tse etsang hore u khobe matšoafo. Emily ea lilemo li 16 o re: “Ho matha ho mpholisa kelello ha ke nahana ka lintho tse ngata. Ke ikutloa ke khatholohile ’meleng ke bile ke imolohile maikutlong.”

Molemo oa #3. Ho ikoetlisa ho etsa hore u natefeloe ke bophelo. Ruth ea lilemo li 22 o re: “Ke rata ho hahloa ke moea, kahoo ha ke ikoetlisa ke etsa lintho tse kang ho hloa lithaba, ho sesa, ho thellisa lehloeng le ho palama baesekele.”

Lekunutu la ho Atleha: Bonyane qeta metsotso e 20 hararo ka beke u ikoetlisa ka matla, u etsa ntho eo u e thabelang.

Robala Hantle—U Sebetse Hantle!

Bibele e re: “Phomolo e tletseng letsoho e molemo ho feta mosebetsi o boima o tletseng matsoho a mabeli le ho lelekisa moea.” (Moeklesia 4:6) Ha u sa robale hantle, u ke ke ua sebetsa hantle!

● “Haeba ke sa robala ka ho lekaneng, ha ke khone ho sebetsa. Ke thatafalloa ho tsepamisa mohopolo!”—Rachel ea lilemo li 19.

● “Hoo e ka bang ka hora ea bobeli thapama, ke ikutloa ke khathetse hoo nka ’nang ka robala ke ntse ke buisana le batho ba bang!”—Kristine ea lilemo li 19.

Na u hloka nako e eketsehileng ea ho robala? A re bone seo bacha ba bang ba se entseng.

Qoba ho robala bosiu. Catherine ea lilemo li 18 o re: “Ke leka ho robala ka nako.”

Khaotsa moqoqo. Richard ea lilemo li 21 o re: “Ka linako tse ling metsoalle ea ntetsetsa kapa e nthomella melaetsa e se e le bosiu haholo, empa morao tjena ke ithutile ho khaotsa moqoqo ebe kea robala.”

Leka ho ba le kemiso e tsitsitseng. Jennifer ea lilemo li 20 o re: “Morao tjena, ke leka ho robala le ho tsoha ka nako e tšoanang.”

Lekunutu la ho Atleha: Leka ho robala lihora tse robeli ho isa ho tse leshome bosiu ka bong.

Ho hlokahala hore u ntlafatse ntlheng efe ho tse tharo tse tšohliloeng sehloohong see?

◯ lijo ◯ boikoetliso ◯ boroko

Ka tlaase mona, ngola pakane eo u ka ipehelang eona e tla u thusa hore u ntlafatse ntlheng eo.

․․․․․

U tla rua molemo haholo haeba u nka mehato e seng mekae ho itlhokomela ’meleng. U hopole hore ha u itlhokomela ’meleng seo se tla u thusa hore u shebahale hantle, u be sehlahlo ’me u sebetse hantle. Ho fapana le lintho tse ling bophelong, u ka khona ho laola boemo ba hao ba ’mele ho isa bohōleng bo itseng. Erin ea lilemo li 19 o re: “Qetellong, ke uena feela ea ka itlhokomelang ’meleng.”

Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Rea elelloa hore batho ba bangata baa kula kapa ba holofetse ’me ha ho seo ba ka se etsang ho fetola seo. Sehlooho sena se ka ba thusa hore ba intlafatse ho isa moo ba ka khonang.

b Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.

SEO U KA NAHANANG KA SONA

● Ho itlhokomela ’meleng ho ka ama boikutlo ba hao ba ho itšepa joang?

● U ka bontša kahlolo e molemo joang ha ho tluoa tabeng ea ho itlhokomela ’meleng?—Bafilipi 4:5.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 13]

SEO BACHA BA BANG BA SE BUANG

“’Mele oa motho o tšoana le koloi—ke mong’a oona ea lokelang ho o hlokomela. Leo ke lona lebaka le etsang hore ke rate ho ikoetlisa.”

“Ho ba le motho eo u ikoetlisang le eena hoa u susumetsa kaha ha u batle ho mo soabisa.”

“Ke rata tsela eo ke ikutloang ka eona ha ke ikoetlisa. ’Me ha ke qala ho shebahala hantle ka lebaka la hona, seo se etsa hore ke itšepe haholoanyane!”

Ethan

Briana

Emily

[Lebokose le leqepheng la 14]

“Ke Fetotse Tsela Eo Ke Phelang Ka Eona”

“Ha ke le lilemo li tšeletseng, ke ne ke le poropotloana. Ha nako e ntse e ea, ka qala butle-butle ke re ke hlatsoa lehano ka ho ja ntho e itseng ’me seo sa fetoha mokhoa! Ke ne ke sa rate ho etsa letho. Ha ke kena lilemong tsa bocha ke ne ke se ke ikimela, e leng seo ke neng ke sa se batle. Ke ne ke sa rate tsela eo ke shebahalang ka eona le eo ke neng ke ikutloa ka eona! Nako le nako ke ne ke leka ho theola boima ba ’mele ka ho ja lijo tse khethehileng, empa ka mor’a moo ke boetse ke nona. Kahoo ha ke le lilemo li 15, ke ile ka etsa qeto ea hore ho lekane. Ke ne ke batla ho theola boima ba ’mele ka tsela e nepahetseng—eo ke neng ke tla e khomarela bophelo bohle ba ka. Ke ile ka reka buka e buang ka lijo tsa motheo tse nang le phepo e nepahetseng le tsela e loketseng ea ho ikoetlisa eaba ke sebelisa seo ke se balang. Ke ne ke ikemiselitse hore le ha ‘nka khetšemela ka sekoting’ kapa ka nyahama, nke ke ka tela. Liphello e bile life? Ke atlehile! Le pele ho feta selemo, ke ne ke se ke fokolitse boima ba ’mele ka lik’hilograma tse 25. Ho se ho fetile lilemo tse peli ke le boimeng boo ba ’mele. Ke ne ke sa kholoe hore seo se ka etsahala! Ke nahana hore se nthusitseng ho atleha ke hobane ke ne ke sa je lijo tse khethehileng feela—ke fetotse tsela eo ke phelang ka eona. Ka mor’a hore ke amohele ’nete ea hore ho etsa seo ho ne ho tla ama karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba ka, ke ile ka itokisetsa le ho ikemisetsa ho etsa liphetoho tse hlokahalang.”—Catherine ea lilemo li 18.

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

’Mele oa hao o tšoana le koloi—haeba u sa o hlokomele hantle o tla senyeha

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela