Lekhotla la Spain le Tiisa Tokelo ea ’Mè ea ho Hōlisa Bana
● U ne u ka ikutloa joang ha motho e mong a ne a ka re ha u tsebe ho hōlisa bana ba hao? U ne u ka re’ng haeba a ne a ka re bana ba hao ha ba tsebe ho phelisana le batho ba bang, ha ba tsebe phapang pakeng tsa se fosahetseng le se nepahetseng ’me ke lithoto—ka lebaka feela la tšusumetso ea hao ho bona?
’Mè e mong oa Spain ea bitsoang Rosa López, ea nang le bana ba babeli ba banana o ile a tobana le liqoso tse joalo ha monna eo a hlalaneng le eena a hlahlela nyeoe ea hore a fuoe tokelo ea ho hōlisa bana. Rosa ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ’me monna eo a hlalaneng le eena o ile a mo qosa ka hore bolumeli ba hae bo etsa hore banana bao ba se ke ba tseba ho phelisana le batho, ba se ke ba sebetsa hantle sekolong hape ba se ke ba e-ba le kahlolo e molemo. Ha lekhotla la lehae le qhelela ka thōko liqoso tsa hae, monna eo o ile a ipiletsa lekhotleng la profinse.
Nyeoeng ea hore na ke motsoali ofe ea abeloang ho hōlisa bana, moahloli ea tsamaisang lintho hantle o leka ho se ee ka leeme; ha a kenelle liphehisanong tsa bolumeli, ha e le hantle ha a ahlole seo motsoali e mong a se lumelang. Ho e-na le hoo, o araba lipotso tse kang: Ke eng se tla tsoela bana molemo? Na motsoali ea filoeng tokelo ea ho hōlisa bana o ba susumetsa ka tsela e itseng e kotsi? Ke motsoali ofe ea khonang ho hlokomela litlhoko tsa bana?
E le ho araba lipotso tsena tabeng ea Rosa, lekhotla le ile la batla setsebi sa kelello hore se buisane le bana le batsoali. Phello e bile efe? Setsebi seo se ile sa fumana hore le hoja bana ba se ba qetile lilemo tse tšeletseng ba hōlisoa ke ’mè oa bona, ba sebetsa hantle likarolong tsohle—sekolong, bophelong le ka lapeng. A itšetlehile ka seo setsebi se se fumaneng hammoho le bopaki ba batsoali, moahloli o ile a fumana hore ha ho na bopaki bo bontšang hore “bana ba kotsing ka tsela leha e le efe khōlong ea maikutlo kapa tabeng ea ho phelisana le batho ba bang ka lebaka la hore ba hōlela bolumeling ba Lipaki Tsa Jehova.” O ile a ba a etsa qeto ea hore liqoso tsa monna ea hlalaneng le Rosa “ha li utloahale ebile ha li na motheo.”
Ka lebaka la ho khetholla malumeli a itseng kapa ho fuoa boitsebiso bo fosahetseng, ba bang ba nka hore bana ba Lipaki Tsa Jehova ba sitisoa ho hōla joaloka “bana ba bang.” Empa bana ba hōlisoang ka melao-motheo ea Bibele ha baa tšoaroa hampe. Ho e-na le hoo, ba thusoa hore e be batho ba leka-lekaneng, ba tsotellang le ba hlomeletsoeng hantle bophelong.—Baefese 6:4; 2 Timothea 3:15-17.
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Rosa López o ile a fuoa tokelo ea hore a tsoele pele a hōlisa barali ba hae ba babeli