Ke Ile ka Kena Peisong ea Bohlokoa ka ho Fetisisa Bophelong ba ka
Joalokaha ho boletse Karl-erik Bergman
Ho matha ka sekaja ho ne ho nkhotsofatsa haholo. Kaha ka tlhaho ke motho ea lebelo, ho matha ka sekaja e ne e le ntho e khōlō bophelong ba ka.
KA 1972, ha ke le lilemo li 17, ke ile ka kena mokhatlong o mong oa lipapali. Ka mor’a nakoana, ke ile ka hlokomela hore ke lokela ho sebetsa ka thata e le hore ke be moatlelete ea itlhommeng pele. Ho ba lebelo ka tlhaho ho ne ho sa lekana hore ke be ’mampoli lebelong la sekaja. Empa ke ne ke ikemiselitse ho ikitlaetsa.
Ha ke le lilemo li 22, ke ile ka kena thiming ea naha ea Finland. Selemong se hlahlamang seo, ke ile ka ipabola ka ho matha lebelo la sekaja la limithara tse 100 ka nako e khutšoanyane ho feta baatlelete bohle ba Finland. Empa ka lebaka la ho lemala leqaqailaneng le lengoleng, ke ile ka sitoa ho matha ho latela bokhoni boo ke neng ke e-na le bona. Leha ho le joalo, ke ne ke chesehela ho matha hoo ke ileng ka qala ho koetlisa baatlelete ba nang le talenta. Ka 1982, ke ile ka etsa litokisetso tsa ho fallela California, United States, ho ea ithuta univesithing le ho tsoela pele ke iphelisa ka lipapali, kaha maemo a moo a ne a batla a le matle. Ke ile ka ba ka reka tekete ea sefofane.
Se Ileng sa Fetola Bophelo ba Ka
Mantsiboeeng a mang, pejana ho leeto la ka la ho ea California, motho o ile a kokota monyako. Ha ke bula monyako, ka fumana hore ke basali ba babeli ba Lipaki Tsa Jehova. Ba ne ba khobile matšoafo ba bile ba le seriti, e leng lintho tse lebeletsoeng ho moatlelete. Ke ile ka re ba kene eaba re lula fatše rea bua. Ka mor’a puisano ea rōna e ileng ea mpula mahlo, ba ile ba ntšiela buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng.a Ke ile ka qala ho e bala. Ha ke le bohareng ba eona, ke ile ka hlokomela hore seo e se buang ke ’nete. Basali bao ba ile ba khutla, ’me ka ba botsa hore na ke lokela ho etsa’ng e le hore ke be Paki ea Jehova. Ba ile ba re ke lokela ho ithuta Bibele.
Ke ile ka amohela thuto ea Bibele ka ba ka qala ho ea libokeng tsa Lipaki Holong ea ’Muso e Vantaa, moo ke neng ke lula teng. Ke ile ka hlokomela hore se rutoang moo se thehiloe Bibeleng. Ha e le hantle, linnete tsa Bibele tseo ke neng ke ithuta tsona li ile tsa qala ho fetola pono ea ka butle-butle ka lintho tseo e hlileng e leng tsa bohlokoa bophelong. Kahoo ke ile ka ea k’hamphaning e hlophisang maeto ’me ka kōpa hore ba nkhutlisetse chelete ea ka ea tekete ea sefofane. Ke ile ka sebelisa e ’ngoe ea chelete eo ho reka sutu eo ke neng ke ea libokeng ka eona le mokotla oo ke neng ke tšela Bibele le lingoliloeng tsa Bibele. Ke ile ka kolobetsoa ke le e mong oa Lipaki Tsa Jehova kopanong e neng e tšoaretsoe Helsinki ka 1983.
Baatlelete ba Bang le Bona ba Ithuta Bibele
Ha ke ntse ke ithuta linnete tsa Bibele, ke ne ke chesehela ho li bolella metsoalle ea ka. Qalong e ne e sa kholoe seo ke se buang. Ha e le hantle, ka mor’a nakoana ho ile ha ipetsa menyenyetsi ea hore ke fapane hlooho. Ka ho latellana, metsoalle ea ka e ile ea qala ho nkoekoetla. Ha ke qeta ho kolobetsoa, ke ne ke ee ke kopane le baatlelete ba bang ha ke le lebaleng, kaha ke ne ke ikoetlisa kamehla e le hore ke lule ke shahlile. Ha re ntse re buisana, seo se ile sa ba thusa ho bona hore le hoja ke ne ke fetohile, ke ne ke sa fapana hlooho.
Ha nako e ntse e ea, ba ’maloa ba baatlelete bana ba ile ba elelloa hore taba eo ke e buang ea utloahala ebile e lokela ho hlahlojoa. Ba ile ba hlokomela hore ha ke sa sebelisa puo e litšila le hore ha ke sa le motho ea mabifi. Ba seng bakae ba ne ba ikemiselitse ho ithuta ho eketsehileng ka Bibele. Ke ne ke thabela ho bontša ba bang hore Bibele e bapisa bophelo ba Mokreste le seo baatlelete ba se etsang. Re peisong eo moputso oa eona e leng bophelo bo sa feleng.—2 Timothea 2:5; 4:7, 8.
’Nete ke hore ho fumana morero le thabo ea sebele bophelong ha hoa itšetleha ka ho hlōla mabelong, empa ho itšetlehile ka ho etsa lintho tse khahlisang ’Mōpi oa rōna. Ha ke ntse ke buisana le baatlelete ba bang, seo se ile sa etsa hore ba boele ba hlahlobe lipakane tsa bona, ’me ba ’maloa ba ile ba amohela linnete tsa Bibele tse fetotseng bophelo ba ka. Ho thabisang ke hore ba bangata ba bona ba sebeletsa Molimo ka cheseho e tšoanang le eo ba neng ba e-na le eona mabelong.
E mong oa bona ke Yvonne, eo e neng e le semathi se ipabolang lebelong la limithara tse 800. E ne e le eena semathi sa mosali se lebelo ka ho fetisisa linaheng tsa Scandinavia lebelong leo a bile a itlhomme pele naheng ea Finland. O ile a atleha ho emela Finland mabelong a linaha tsa Europe. Ka mor’a hore ke buisane le Yvonne, o ile a qala ho bona hore ke lefeela ho hahamalla botumo lefatšeng lena. O ile a hlokomela hore joalokaha Bibele e bolela, lefatše lena lea feta, ’me le tla suthela le lecha le tla tlisoa ke Molimo.—1 Johanne 2:17.
Ka mor’a nakoana Yvonne o ile a amohela thuto ea Bibele. Ka nako eo, o ne a ratana le Jouko, ea neng a ipabola thiming ea naha ea mabelo ea Finland. Ha e le hantle, o ne a ile a emela Finland mabelong a bo-’mampoli ba Europe le ba lefatše. Ha nako e ntse e ea, Yvonne le Jouko ba ile ba fallela United States ho ea ntšetsa pele mosebetsi oa bona oa ho matha.
Ha ba le moo, Yvonne o ile a tsoela pele a ithuta Bibele, ’me Jouko le eena a ithuta. O ne a ithuta ka sepheo sa hore a fumane phoso e itseng e le ho etsa hore Yvonne a khaotse ho ithuta. Empa butle-butle, linnete tsa Bibele li ile tsa thopothela pelong ea Jouko ka ho tšoanang. Yvonne le Jouko ba ile ba nyalana, hamorao ba inehela ho Molimo ’me ba tšoantšetsa seo ka kolobetso ea metsing. Kajeno bobeli ba bona ke bo-pula-maliboho, e leng basebeletsi ba nako e tletseng ba Lipaki Tsa Jehova.
Ke ile ka boela ka qalisa thuto ea Bibele le Barbro, eo e neng e le ’mampoli oa Finland lebelong la basali la limithara tse 400. O ne a sa tsoa emela Finland mabelong a linaha tsa Europe. Barbro le monna oa hae, Jarmo, ea neng a bapala papali ea ho tlōla mekoallo ka palo, ba ile ba fallela Sweden. Ha ba le moo, Barbro o ile a tsoela pele ho ithuta Bibele, ’me Jarmo le eena a ithuta. Ka bobeli ba ne ba ntse ba batla morero bophelong, ’me ka mor’a hore ba ithute linnete tsa Bibele, ba ile ba kolobetsoa Sweden. Ha nako e ntse e ea, Jarmo e ile ea e-ba physiotherapist, ’me ka bobeli ba ’nile ba cheseha tšebeletsong. Jarmo ke moholo ka phuthehong ea Bokreste.
Ho ne ho boetse ho e-na le Heidi, eo le eena e neng e le semathi se hloahloa, ’me a sa tsoa kena lilemong tsa bocha. Kaha ke ne ke le mokoetlisi oa hae, ke ile ka hlokomela hore o thahasella lintho tsa moea. Kahoo ka letsatsi le leng ke ile ka buisana le eena ka seo Bibele e se rutang ka ’Muso oa Molimo le litlhohonolofatso tseo o tla li tlisa lefatšeng. Ke ile ka mo botsa, ka re: “Na u lumela hore re tla bona ha litšepiso tsee li phethahala?”—Pesaleme ea 37:11, 29; Matheu 6:9, 10.
O ile a re: “E, kea lumela.” O ile a batla ho khanneloa thuto ea Bibele. Kahoo ke ile ka lokisetsa hore morali e mong oabo rōna oa Mokreste a ithute le eena. Ka mor’a lilemo tse seng kae, Heidi le eena o ile a tšoantšetsa boinehelo ba hae ho Molimo ka hore a kolobetsoe metsing. Ha nako e ntse e ea, o ile a hōla ea e-ba moroetsana e motle ea matla moeeng ’me ka mo nyala. E ’nile ea e-ba molekane ea babatsehang, ea lulang a ikemiselitse ho sebeletsa Molimo—e leng seo haeba a ne a se etsa lipapaling, se neng se tla mo thusa haholo hore e be moatlelete ea itlhommeng pele.
Moen’a ka ea bitsoang Peter, eo le eena a neng a keneletse lipapaling, qalong o ne a sa batle ha ke ithuta Bibele. Ke ile ka mo fa buka ea Phela ka ho sa Feleng. Ka mor’a nako e itseng o ile a tla ho ’na a re: “Ke qalile ho bala buka ena, empa ho na le lintlha tseo ke sa li utloisiseng. Na u ka nthusa?” Ke ile ka lokisetsa hore Paki e ’ngoe e ithute le eena, ’me o ile a kolobetsoa ka mor’a likhoeli tse ’nè. Hamorao o ile a nyala, ’me mosali oa hae ke pula-maliboho.
Peiso e Tsoela Pele
Esita le pele ke kolobetsoa, ke ne ke ikemiselitse hore ke be moromuoa. Nakoana ka mor’a hore ke kolobetsoe, ke ile ka qala ho ba pula-maliboho. Ke ne ke utloisisa hore ha motho a le peisong ea bophelo, o lokela ho ikitlaetsa ka matla. ’Na le mosali oa ka, Heidi, re ile ra etsa kōpo ea ho ea Gileade, e leng sekolo sa baromuoa sa Lipaki Tsa Jehova se New York, ’me ka 1994 re ile ra amoheloa. Ha re qeta ho fumana mangolo sekolong seo, re ile ra abeloa ho ea sebeletsa Latvia, moo batho ba bangata ba buang Serussia.
Ho putlama ha Soviet Union ho ne ho siile batho ba bangata ba nyahame. Pele ho moo, Bibele e ne e nyefoloa ebile e thibetsoe, empa re ile ra hlokomela hore batho ba bangata ba ne ba thahasella ho utloa seo e se buang. Ho ithuta Serussia ke e ’ngoe ea lintho tse thata ka ho fetisisa tseo nkileng ka li etsa. Empa ka mor’a ho sebeletsa ke le moromuoa ka lilemo tse tšeletseng Latvia, ke ile ka khethoa hore ke etele liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova le ho li khothatsa ke le molebeli ea tsamaeang. Ke ntse ke tsoela pele ho etsa mosebetsi ona, hammoho le mosali oa ka ea tšepahalang.
Ho theosa le lilemo, ke atlehile ho koetlisa ba bangata hore ba hatele pele peisong ea bophelo, e leng “bophelo ba sebele” lefatšeng le lecha la Molimo. (1 Timothea 6:19) E le hore motho a koetlise baatlelete hore ba ipabole ka ho feletseng, ho hlokahala hore a ba utloisise. Mokoetlisi o lokela ho ba thusa hore ba ntlafatse bokhoni ba bona ’me ba loantše bofokoli ba bona. O lokela ho ba susumetsa e le hore ba tsoele pele ’me ba ntlafatse bokhoni ba bona ka ho feletseng.
Ke ile ka hlolloa ha ke bona kamoo Mokreste a tšoanang le moatlelete kateng, e leng seo moapostola Pauluse a se totobalitseng lengolong la hae la pele le eang ho Bakorinthe. Moatlelete ea atlehang o ikoetlisa kamehla ’me ha a lule a nahana feela ka hore o tla hlōla. O ipehela lipakane tse utloahalang ’me o sebeletsa ho li finyella. Haeba a fifalloa ke pono ’me a khaotsa ho ikitlaetsa, mosebetsi oohle oa hae e ba oa lefeela. Mokreste oa ’nete le eena o lokela ho lula a tsepamisitse kelello joalo.
Moatlelete ea atlehang o boetse o khomarela mokhoa o itseng oa bophelo, o lula a le hlokolosi ka seo a se jang. Hoa tšoana le ka Mokreste oa ’nete. Ha a iphepe lithuto tsa boitšoaro bo litšila, ha a jele “tafoleng ea bademona,” joalokaha moapostola Pauluse a bontšitse. Ho e-na le hoo, o ja lijo tse matlafatsang tsa moea tseo Molimo a fanang ka tsona ka Lentsoeng la hae, e leng Bibele. (1 Bakorinthe 10:21) Ho feta moo, ha mathata a hlaha, moatlelete ea atlehang o lula a e-na le tšepo. O amohela liphoso tsa hae ’me oa li lokisa. Pauluse o ile a ngola, a re: “Tsela eo ke mathang ka eona hase ka ho se nepisise.” O ile a re, “empa ke teteka ’mele oa ka,” e le hore e se ke ea e-ba ea sa tšoaneleheng.—1 Bakorinthe 9:24-27.
’Na le mosali oa ka re ikoetlisa kamehla e le hore re lule re shahlile ’meleng. Empa ha re lumelle sena ho re sitisa ho sebeletsa Jehova, ea entseng batho ka tsela e babatsehang. (Pesaleme ea 139:14) Re tsepamisitse kelello pakaneng ea ho finyella moputso oa “bophelo ba sebele”—bo “tlang” lefatšeng le lecha la Molimo.—1 Timothea 4:8.
Ka mor’a hore moapostola Pauluse a bue ka ‘leru la lipaki’ tsa mehleng ea pele ho Bokreste, o ile a phehella a re: “A re hloboleng boima bo bong le bo bong le sebe se re tšoasang habonolo, ’me a re matheng ka mamello peisong e behiloeng ka pel’a rōna.” (Baheberu 12:1) Ha ho letho le bohlokoa ho feta ho matha peisong ena. Lebaka ke hore bohle ba atlehang ho e qeta ba tla fumana tlhohonolofatso ea bophelo bo sa feleng.—2 Timothea 4:7, 8.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E ne e hatisoa ke Lipaki Tsa Jehova empa ha e sa hatisoa hona joale.
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Hoo e ka bang ka 1985, ’na le Heid le Yvonne ka holimo le Jouko le morali oa bona ka tlaase
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
’Na le Heidi, tšebeletsong ea tšimo kajeno
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Kopanong ea 2009 ea Lipaki Tsa Jehova e neng e tšoaretsoe Helsinki. Yvonne le Jouko ka ho le letšehali ho rōna ’me Jarmo le Barbro ba ka ho le letona ho rōna
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 12]
Published in Aamulehti 8/21/1979