Bona ’me U Utloe “Nkokonono ea Lioache”
HA MOLLO o ne o senya Paleise ea Westminster ka 1834, bo-ralipolotiki ba Brithani ba ile ba tšoara tlhōlisano. Ke mang ea neng a tla etsa moralo o motle ka ho fetisisa oa mohaho o mocha oa Paramente? Ho ile ha khethoa moralo oa Sir Charles Barry, oa mohaho o majabajaba, o kang oa lipaleise tsa mehleng ea boholo-holo o neng o e-na le tora e khōlō e nang le oache ka mahlakoreng a mane. Lefapha la Mesebetsi le ile la laela hore ho etsoe “Nkokonono ea Lioache, e khōlō ka ho fetisisa le e e-s’o bonoe lefatšeng.”
Oache ena ke e ’ngoe ea liemahale tse tummeng tsa London ’me molumo oa eona o ikhethang o tsejoa lefatšeng ka bophara. E bitsoa Big Ben—le hoja qalong lebitso leo le ne le bolela tloloko ea eona e khōlōhali feela. Oache ena e tummeng lefatšeng e bontša boenjiniere bo hlollang.
Mosebetsi oa Motonanahali
Mosebetsi oa ho haha tora ena e bolelele ba limithara tse 96 e nang le oache o ile oa qala ka 1843. Lilemo tse tharo ka mor’a moo ho ile ha etsoa letšolo la ho batla setsebi se tla etsa oache e tšoarang nako, hoo le ka mor’a hora e neng e ke ke ea lahla nako le ka motsotsoana feela. Oo e ne e le mosebetsi oa motonanahali. Toreng eo e phahameng ebileng e bulehileng, manaka a oache eo a ne a tla pepesehela moea, lehloa le leqhoa—’me le maeba a ne a tla lula ho ’ona! Litšitiso tseo li ne li tla ama ho tsamaea ha pendulum, eo ho otla ha eona khafetsa ho thusang oache hore e tšoare nako. Ha litsebi li ne li buisana ka hore na li tla rarolla mathata ana joang, setsebi sa lioache se bitsoang Edmund Beckett Denison se ile sa hlahisa moralo oo li lumellanang le oona ’me oa fuoa moetsi ea itlhommeng pele oa lioache hore a etse oache.
Oache eo e ile ea fela ka mor’a lilemo tse peli, empa ea qeta lilemo tse hlano e lutse ka moo moetsi oa lioache a sebeletsang teng, ha ho ntse ho qeteloa mosebetsi oa ho haha tora. Nakong eo, Denison o ile a qapa mokhoa oa ho sireletsa pendulum litšitisong tse ka ntle, e le ho tiisa hore oache eo e tšoara nako.
Ho Etsoa Big Ben
Joale ha oache e se e loketse ho sebetsa, mohato o latelang e ne e le ho etsa litloloko. K’hamphani e ’ngoe e hlahisang thepa ea tšepe e ka leboea-bochabela ho Engelane, e ile ea etsa tloloko e llang ka mor’a hora e ’ngoe le e ’ngoe. E ne e le khōlō ho feta kamoo ho neng ho lebeletsoe kateng ’me e le boima ba lithane tse fetang 16! Tloloko eo e ne e le boima hoo e ileng ea senya mokato oa sekepe se neng se tlil’o e isa London. Hamorao, sekepe seo se ile sa kena leetong. Ha se fihla koung, tloloko eo e ile ea tsamaisoa ka kariki e khethehileng e neng e huloa ke lipere tse 16 tse tšoeu. Ea ntan’o fanyehoa ka pel’a mohaho oa Paramente, ho bona hore na ea sebetsa.
Litloloko tse ngata tse khōlō li na le mabitso ’me ena e ile ea rehoa Big Ben. Hobane’ng? Ha ho ea tsebang. Ba bang ba re e ka ’na eaba tloloko eo e reheletsoe ka Sir Benjamin Hall, e leng monna oa sephankha ea neng a sebetsa Paramenteng. Ba bang bona ba re e reheletsoe ka Benjamin Caunt, e leng ralitebele oa boimahali ea tsebahalang oa mehleng eo. Ho sa tsotellehe hore na lebitso la eona le tsoa hokae, Big Ben—eo e seng e se feela lebitso la tloloko e llang ka mor’a hora e ’ngoe e le e ’ngoe—hona joale e bolela oache eo kaofela le tora eo.
E Senyeha ka Makhetlo a Mabeli
Ho ne ho bonahala eka tšepe eo qalong e neng e otla tloloko ea Big Ben e bobebe haholo, kahoo ho ile ha etsoa e ’ngoe e boima ba lik’hilograma tse 660. Empa ka mor’a ho e hlahloba ka likhoeli ho bona hore na ea sebetsa, e ile ea senyeha. Tloloko eo e ile ea peperana ’me e ne e ke ke ea lokisoa. Big Ben e ile ea tlameha ho qhaqhoa. Tšepe e ka har’a tloloko e ile ea qhibilihisoa ha ntan’o etsoa tloloko e ’ngoe e boima ba lithane tse 13,7. Matšoele a ile a boela a ema matlotlosia literateng ha kariki e nkileng tloloko e ncha e e isa Mohahong oa Paramente.
Ka mor’a likhoeli tse seng kae, tora eo e ne e se e lokile. Lithimi tse ’maloa tsa banna li ile tsa sebetsa ka thata ho nyollela Big Ben toreng. Qetellong, tloloko eo ea tonanahali e ile ea e-ba haufi le litloloko tse ling tse ’nè tse nyenyane tse neng li lla ka mor’a metsotso e 15. Ho ile ha latela tšepe e boima e tsamaisang oache. Qetellong, ho ile ha bonahala eka “Nkokonono ea Lioache” e malala-a-laotsoe hore e kene khabong.
Ka July 1859, Big Ben e ile ea qala ho lla ka mor’a hora. Empa katleho eo e ile ea e-ba ea nakoana. Mathoasong a October, tloloko eo ea tonanahali e ile ea boela ea peperana! Ho ne ho ke ke ha khoneha hore tloloko eo e theoloe moo toreng. Ho e-na le hoo, basebetsi ba ile ba e reteletsa e le hore tšepe e se ke ea e otla moo e peperaneng. E le hore e se ke ea senyeha hape nakong e tlang, ho ile ha kenngoa tšepe e batlang e le bobebe. Le pele ho feta lilemo tse tharo, Big Ben e ne e boetse e sebetsa! Ho peperana hoo ho ntse ho le teng, ’me ke hona ho etsang hore tloloko eo e lle ka tsela e ikhethang, e re bong.
Liketsahalo Tsa Bohlokoa Historing
Ka 1924, BBC, e leng Koporasi ea Khaso ea Brithani, e ile ea kenya microphone o lulang o le toreng eo e nang le oache ’me ea qala hore kamehla e hase molumo oa Big Ben ho tsebisa sechaba hore na ke nako mang. Lilemo tse robeli hamorao, bamameli bohle ba Linaheng Tsa Selekane le Brithani ba ile ba khona ho mamela khaso ea BBC, ’me kajeno lehlaso la Big Ben le utloahala lefatšeng ho pota ka Litšebeletso tsa Khaso tsa BBC.
Le hoja oache le litloloko tsa eona li sa ka tsa senngoa ke libomo nakong ea ntoa ea bobeli ea lefatše, ka 1976, litšepe tse ling tse tsamaisang oache li ile tsa khathala ’me tsa robeha eaba li senya boholo ba tora eo oache e lulang ho eona. Leha ho le joalo, tloloko eo ea tonanahali ha ea ka ea senyeha ’me ka mor’a libeke tse seng kae e ile ea qala ho lla ka mor’a hora. Ho ile ha feta likhoeli tse robong pele oache eo e boela e sebetsa.
Ho na le nako eo ka eona Big Ben e neng e le eona oache e khōlō ka ho fetisisa le e e-s’o bonoe lefatšeng, ’me e ntse e le eona oache ea sechaba e nepang nako ka ho fetisisa. Kaha lehlaso la eona le ikhethang le kopitsoa hangata, le utloahala lioacheng tse nyenyane le tse khōlō linaheng tse ngata. Kahoo, ha ho makatse hore ebe Big Ben e fetohile letšoao la Engelane le motse-moholo oa eona. Ka sebele ke “Nkokonono ea Lioache”!
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 18]
HO ETSA HORE E LULE E TŠOERE NAKO
Hararo ka beke, setsebi se hloa litepisi tse 300 tsa lejoe hore se il’o oaenta ka letsoho k’hebole e tšoereng litšepe tse boima tse tsamaisang oache eo. Setsebi seo se boetse se hlahloba hore na oache e tšoere nako. Pendulum e bolelele ba limithara tse ’nè e ntse e ea pele le morao ka mor’a metsotsoana e meng le e meng e ’meli. Karolong e ka holimo ea eona ho na le tšepe e nyenyane e hlaheletseng, eo ho tšetsoeng lipeni le lihalofo-peni tsa khale tse seng li sa sebelisoe. Haeba oache e lahla nako, setsebi seo se tšela chelete e ’ngoe ea tšepe. Haeba e le pele, se tlosa chelete e ’ngoe.
[Setšoantšo]
Lipeni le lihalofo-peni tsa khale li thusa oache hore e tšoare nako
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Winding clock: AP Photo/Lefteris Pitarakis; coins on ledge: Parliamentary copyright images are reproduced with the permission of Parliament
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Tloloko ea tonanahali (Big Ben), e boima ba lithane tse 13,7 e lla ka mor’a hora e ’ngoe le e ’ngoe
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Popperfoto/Getty Images