Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/11 leq. 19
  • Oache e Emisoang Fatše e Tšoarang Nako

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Oache e Emisoang Fatše e Tšoarang Nako
  • Tsoha!—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bona ’me U Utloe “Nkokonono ea Lioache”
    Tsoha!—2010
  • Lefatše Lee le Habile Hokae?
    Tsoha!—2017
  • Ke Nako Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Litsebi Tsa Mehleng e Bohareng Tsa Mechine
    Tsoha!—2012
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 1/11 leq. 19

Oache e Emisoang Fatše e Tšoarang Nako

● Ho ka etsahala hore ebe oache e itsamaisang e qapiloe Chaena lilemong tse ka holimo ho 900 tse fetileng. Ho tloha nakong eo, lioache li ’nile tsa ntlafatsoa ka litsela tse ngata. Li ile tsa ntlafatsoa ka tsela e ikhethang bohareng ba lilemo tsa bo-1600, ha ho ne ho qaloa ho sebelisa pendulum lioacheng tse itsamaisang. Ka lebaka la ntlafatso eo, lioache li ile tsa nepa nako hoo ho ileng ha kenyelletsoa karolo e ncha ho tsona—e leng lenaka la metsotso! Oache ena ea moetso o mocha—e neng e e-na le pendulum, litšepe le mechine e batlang e le boima—ka tloaelo e ne e kenngoa ka lekeseng le thata, le emeng. Sena se ile sa hlahisa seo batho ba bangata lefatšeng ka bophara ba ileng ba se tseba e le lioache tse emisoang fatše tse tšoarang nako, tseo setsebi se seng sa lioache se li hlalositseng e le “lioache tse tšepahalang haholo le tse tšoarang nako esita le maemong a thata.”

Qalong, lioache tsena tsa bohlokoa li ne li etsoa metseng e meholo feela ea Europe, e kang London le Paris. Empa butle-butle li ile tsa qala ho hlahisoa le likarolong tse ling tse hōle tsa Europe. Kahoo, baetsi ba tsona ba libakeng tse ling ba ile ba qala ho khabisa moetso oo oa pele. Meetso ea lioache tse ling e ne e e-ba e otlolohileng kapa e kobehileng; e meng e e-ba mesesaane kapa e e-ba sephara. E ne e kenngoa ka lekeseng le entsoeng ka lehong la phaene, la motsoeri, la mahogany, la eike kapa la walnut ’me le khabisoa ka lintho tse itseng kapa le sa khabisoe. Ka hona lioache tsena li ile tsa ratoa haholo eseng feela hobane li tšoara nako empa hobane li ne li boetse li khabisa li bile li fa ntlo seriti.

E ka ’na eaba ho na le lebaka le leng le etsang hore batho ba tsoele pele ho khahloa le ho thahasella lioache tsa mofuta ona. Ka tsela e itseng, e shebahala joaloka motho. Dr. Sinikka Mäntylä, eo e leng mofuputsi oa Finland, o re: “E batla e lekana le motho ’me e na le sefahleho se itlhalosang.” Ha e otla, e ntša molumo o kang oa ho otla ha pelo. Kajeno, ho se ho sebelisoa haholo lioache tse tšoarang nako tse bileng li leng theko e tlaase tse tsamaisoang ke quartz ho fapana le tseo tse khōlō tse neng li entsoe ka boqhetseke. Empa le mehleng ena ea rōna e potlakileng, lioache tseo li ntse li etsa hore motho a be le khutso ka tsela e itseng. Buka e bitsoang Keeping Time—Collecting and Caring for Clocks e re: “Oache ena e emisoang fatše, e tsitsitseng le e tsamaeang butle e ka boetse ea re hlabolla moea ka tsela e itseng ’me ea etsa hore re nahane ka mehla ea khotso.”

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Oache eo e ka ’nang eaba ke ea mathoasong a lilemo tsa bo-1800

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela