Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 2/11 maq. 19-21
  • Ba Ile ba Fumana Lehae, ha ba Ntse ba Batla Khauta

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Ile ba Fumana Lehae, ha ba Ntse ba Batla Khauta
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thaba e Ncha ea Khauta
  • Ba Sebetsa ka Thata Libakeng Tse Nang le Khauta
  • Ha Khauta e Fela
  • “Ke ’Na Enoa, Roma ’Na!”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Batla ho Hong ho Molemo ho Feta Khauta
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Na Letlotlo la Morena Solomone Lea Fetelletsoa?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Tsoha!—2011
g 2/11 maq. 19-21

Ba Ile ba Fumana Lehae, ha ba Ntse ba Batla Khauta

MOTSE oa Machaena. Libakeng tse ngata lefatšeng ho pota, poleloana eo e hopotsa batho mabenkele a phetheselang a Machaena, lireschorente, mekete ea ’ona le tantši ea ’ona. Empa motse o mong le o mong oa Machaena o na le pale ea oona. Bajaki ba pele ba sebete ba Machaena ba ileng ba fihla mabōpong a karolong e ka boroa, ba tšepile hore ba tla fumana leruo libakeng tseo ho sa tsoa sibolloa hore li na le khauta, ba entse ho hongata ho thusa baahi ba Australia kajeno.

Thaba e Ncha ea Khauta

Qalong Machaena a neng a fallela Australia a ne a fokola ka palo, empa a ile a qala ho fallela moo ka bongata ka 1851 ha ho ne ho sibolloa hore ho na le khauta sebakeng seo. Banna ba likete ba ile ba tloha Nōkeng ea Pearl, Profinseng ea Guangdong, Chaena, ba tsamaea leeto le boima ka sekepe ba leba boroa. Pejana ho moo ho ne ho sibolotsoe khauta California, U.S.A., ’me Machaena a buang Secanton a ne a ile a bitsa libaka tseo tse nang le khauta Thaba ea Khauta. Ka hona, libaka tsa Australia tse nang le khauta li ile tsa bitsoa Thaba e Ncha ea Khauta.

Se ileng sa etsa hore banna bao ba falle naheng ea habo bona, e ne e se feela hore ba tšepile ho fumana khauta libakeng tseo. Ho ne ho bile le ntoa ea lehae, likoluoa tsa tlhaho le bofuma Chaena, ’me seo se ne se bakile mathata a mangata.

Ho utloisang bohloko ke hore ba bang ba batho ba pele ba neng ba le leetong le lebang Australia, ba ile ba shoa le pele ba ka fihla mabōpong a eona. Ba ile ba bolaoa ke maloetse a ileng a hlasela batho ba neng ba petetsana ka likepeng tseo tse neng li le leetong leo le lelelele. Ha baphonyohi ba fihla sebakeng seo ba ile ba fumana hore bophelo bo thata ho feta kamoo ba neng ba lebeletse kateng.

Ba Sebetsa ka Thata Libakeng Tse Nang le Khauta

Ka mor’a nakoana ba ile ba qala ho jeoa ke bolutu, kaha ho ea ka moetlo ba ne ba tlameha ho siea basali le bana Chaena e le hore lelapa le ’ne le be haufi le ba leloko. Ka 1861, ho ne ho lula banna ba Machaena ba fetang 38 000, Australia, empa ho e-na le basali ba 11 feela ba Machaena. Leha ho le joalo, ba bangata ba ne ba sa ikemisetsa ho lula moo. Boholo ba bona bo ne bo ikemiselitse ho khutlela mahaeng a bona le ho ba malapa a bona e se e le barui ba bile ba hlomphuoa.

Takatso ena e ile ea ba khannela hore ba batle khauta. Basebetsi bao ba ’maeneng ba ne ba lula litenteng ’me ba qeta lihora tse ngata ba sebetsa ka thata letsatsing le chesang. Qalong, ba bang ba ne ba tšaba ho epa ka mokoting o ka tlas’a lefatše ka lebaka la litumela-khoela tse itseng. Kahoo, ba ile ba qala ho epa mekoti ka holim’a lefatše le ho batla khauta, ’me ba hlatsoetsa majoe ao ba a fumaneng ka libateng tsa lehong. Boiteko ba bona bo ile ba atleha. Litlaleho li bontša hore pakeng tsa 1854 le 1862, khauta e neng e fumanoe seterekeng sa Victoria, ea boima bo ka tlaasenyana ho lik’hilograma tse 18 660, e ile ea romeloa Chaena.

Ka masoabi, karolo e ’ngoe ea leruo lena leo ba neng ba sa tsoa le fumana ba ile ba e qeta ka ho becha le ho lemalla matekoane—e leng lintho tseo batho ba jeoang ke bolutu ba atisang ho li etsa. Lintho tseo li ile tsa kulisa ba bangata le ho ba senyetsa chelete esita le ho ba thatafalletsa ho khutlela hae. Ba bang ba ile ba thusoa ke mekhatlo ea Chaena le ke batho ba mosa, empa ba bang ba ile ba shoa pele ho nako, ba sotlehile ba bile ba se na mang-oee!

Machaena a ne a boetse a tlameha ho phela le basebetsi ba bang ba ’maeneng bao e neng e se Machaena, ba neng ba le mōna ba bile ba a belaella, ba nka hore batho bao ba tsoang linaheng tse ling ba ikentse khokanyana-phiri le hore ba atleha ho ba feta. Bora bona bo ile ba etsa hore ho be le merusu le hore Machaena a hlaseloe. A ile a utsoetsoa khauta a ba a chesetsoa litente le thepa ea ’ona. Qetellong bora bona bo ile ba kokobela. Leha ho le joalo, lilemo tse ka bang 50 ka mor’a hore ho sibolloe khauta moo, Molao oa 1901 o Thibelang Bajaki o ile oa koala monyetla oa hore batho ba Asia ba fallele Australia—’me oa ba thibela ho fihlela ka 1973.

Ha Khauta e Fela

Ha limmaene li khaotsa ho sebetsa, Machaena a mang a ile a khetha ho sala Australia. Ka lebaka leo, Machaena a ile a etsa libaka tsa ho hlatsoetsa, lireschorente le lipolasi tse nyenyane, metseng eo pele batho ba neng ba ea ho eona ka bongata ho ea batla khauta. Machaena a ile a boela a tuma ka ho etsa thepa ea ka tlung le ka ho rekisa litholoana le meroho e sa tsoa khuoa. Ka lebaka leo, qetellong ea lekholo la bo19 la lilemo, ho ne ho e-na le Machaena a lulang metseng e mengata ea Australia, ho akarelletsa Atherton, Brisbane, Broome, Cairns, Darwin, Melbourne, Sydney le Townsville.

Kaha Australia ho ne ho e-na le basali ba seng bakae feela ba Machaena, banna ba bangata ba ile ba lula e le masoha. Leha ho le joalo, ba bang ba ile ba nyala basali ba Australia, le hoja manyalo a joalo a ne a khesoa. Ha nako e ntse e ea, litloholo tsa banyalani bao li ile tsa fetoha karolo e ka sehloohong ea baahi ba Australia.

Kajeno, ho na le bajaki ba bangata ba Machaena ba lulang Australia ho feta leha e le neng pele. Ba bangata ba tlile e le ha ba batla ho ntšetsa pele thuto ea bona e phahameng le ho batla menyetla ea ho theha khoebo. Ho phaella moo, hona joale bajaki bao ba akarelletsa basali ba bangata. Kaha ho bile le phetoho e sa tloaelehang boemong ba moruo, banna ba bangata ba sebetsang e le hore ba phelise ba malapa a bona ba a isa Australia, ebe bona ba khutlela Asia ho ea sebetsa Chaena, Hong Kong, Singapore, kapa Taiwan.

Ka sebele, mehla e fetohile. Empa ntho e ka sehloohong e ntseng e etsa hore batho ba fallele likarolong tse ling tsa lefatše ke hore ba batla ho fumana tšireletseho le katleho linaheng tseo.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 20]

BA ILE BA FIHLA HŌLE MOO BA NENG BA SA NAHANE HORE BA TLA FIHLA

Baeti ba Machaena ba ne ba theoha libakeng tse hōle le likou tse khōlō tsa Australia tse bileng li leng lik’hilomithara tse likete hōle le libaka tse nang le khauta, e le hore ba qobe ho lefa lekhetho. Se seng sa libaka tseo ke Robe e Australia Boroa. Robe e ne e e-na le baahi ba 100 ho isa ho ba 200, ’me ka likhoeli tse hlano feela ka 1857, motseng oo ho ile ha feta bonyane Machaena a ka bang 12 000.

Ka nako e ’ngoe banna ba makholo ba ne ba haola sebakeng se se nang baahi ba bangata ha ba ea libakeng tse nang le khauta, ’me seo se ne se hloka hore ba be le mamello le ho sebelisana hammoho ka tsela e hlollang. Leha ho le joalo, libaka tseo li ne li le hōle ho feta kamoo ba neng ba nahanne kateng ’me ba ne ba nka libeke tse ka bang hlano ho fihla ho tsona. Bajaki bao ba ne ba nka mofaho oa limela tsa leoatleng ’me ba ja likankaru le liphoofotsoana tse ling tsa Australia. Ba ne ba boetse ba cheka liliba ’me ba siela ba bang mohlala hore ba o latele.

Ba lohile moriri ho latela sehahabo bona ba bile ba roetse likatiba, banna bao ba ne ba atisa ho tsamaea ba salane morao, ba ntse ba bina. Ho ’nile ha fumanoa chelete ea Chaena tseleng eo. Banna bao ba fihlang ba ile ba lahla chelete eo ha ba elelloa hore ha e na thuso ha ba le Australia.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Image H17071, State Library of Victoria

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 21]

HO HONG HO MOLEMO HO FETA KHAUTA

Wayne Qu o ne a sebetsa e le rasaense oa tikoloho Setsing sa Thuto e Phahameng ea Saense, Chaena. E le hore a ntlafatse tsebo ea hae, Wayne o ile a ea Europe le mosali oa hae, Sue, lilemong tsa bo-1990, moo a ileng a ntšetsa pele thuto ea hae teng. Ha ba ntse ba le moo, banyalani bao ba ile ba kopana le Lipaki Tsa Jehova tse ileng tsa buisana le bona ka Bibele. Ka 2000, Wayne le Sue ba ile ba fallela Australia, moo ba ileng ba tsoela pele ka lithuto tsa bona tsa sekolo teng—Sue a ithutela baeloji ea limolek’hule. Ba ile ba tsosolosa thuto ea bona ea Bibele.

Wayne o re: “Re qetile lilemo tse mashome re batla mangolo a phahameng a univesithi. Leha ho le joalo, ke ne ke ee ke re ka pelong: ‘Qetellong, bohle rea tsofala, rea kula, ’me rea shoa. Na oo ke oona morero oa bophelo?’ Tsohle li ne li bonahala eka ke lefeela. Empa ha ’na le Sue re ntse re ithuta Bibele, re ile ra fumana likarabo tse utloahalang le tse khotsofatsang lipotsong tsena tsa bohlokoahali bophelong.

“Ho ithuta ha rōna Bibele ho ile ha boela ha re thusa hore re hlahlobe taba eo re neng re e-s’o ka re e hlahloba—ea hore na ’Mōpi o teng kapa che. Ke ile ka bala buka ea Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? e hatisitsoeng ke Lipaki hammoho le buka e ngotsoeng ke Charles Darwin e buang ka ho iphetola ha lintho. Ho bala libuka tsena, hammoho le seo ke se fumaneng ha ke etsa patlisiso, ho ile ha nkholisa hore ’Mōpi o teng. Sue le eena o ile a etsa qeto e tšoanang.

“Ntho e ’ngoe e ileng ea re kholisa hore Molimo o teng ke matla a Bibele a ho ntlafatsa bophelo ba batho. Ha e le hantle, buka ena e hlollang e re file tšepo ka bokamoso le ho re fa metsoalle ea sebele eaba ea matlafatsa lenyalo la rōna. ’Na le Sue re ile ra kolobetsoa ka 2005, ’me re thabetse hore ebe re fumane ntho e ’ngoe ea bohlokoa ho feta thuto e phahameng le ‘khauta e timelang.’”—1 Petrose 1:7.

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Lechaena le neng le sebetsa ’maeneng oa khauta, lilemong tsa bo-1860

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 19]

Sydney Chinatown: © ARCO/G Müller/age fotostock; gold miner: John Oxley Library, Image 60526, State Library of Queensland

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela