Tsela ea 3—Ikoetlise Kamehla
“Haeba ho ikoetlisa e ne e le pilisi, e ne e tla ba pilisi e fanoang ke lingaka tse ngata ka ho fetisisa lefatšeng.” (Emory University School of Medicine) Har’a lintho tsohle tseo re ka li etsang ho ntlafatsa bophelo ba rōna, ke tse seng kae feela tse molemo ho feta ho ikoetlisa.
◯ Ikitlaetse. Ha re lula re ikoetlisa re bile re ja hantle, seo se ka re thusa hore re thabe haholoanyane, re nahane ka tsela e hlakileng, re be matla, re atlehe ho phetha mesebetsi ea rōna haholoanyane ’me re laole boima ba ’mele. Hore boikoetliso bo re tsoele molemo, ha ho hlokahale hore e be bo re utloisang bohloko kapa bo feteletseng. Ho ikoetlisa kamehla ka tsela e itekanetseng ka makhetlo a ’maloa ka beke ho ka re tsoela molemo haholo.
Ho matha butle, ho tsamaea ka potlako, ho soaela baesekele le ho bapala lipapali tse hlokang hore u be mafolofolo—hoo pelo e otlang ka potlako u bileng u fufuleloang—ho ka u thusa hore u be mokoka le ho thibela ho hlaseloa ke lefu la pelo le setorouku. Ho kopanya boikoetliso boo le ba ho phahamisa litšepe tse seng boima haholo le bo bong bo reretsoeng ho tiisa mesifa ho tla u thusa ho tiisa masapo, mesifa ea litho tse ka hare le ea matsoho le maoto. Boikoetliso bona bo boetse bo etsa hore tsela eo ’mele o hlahisang matla ka eona e lule e phahame, e leng se ka etsang hore u laole boima ba ’mele.
◯ Itloaetse ho tsamaea ka maoto. Boikoetliso bo molemo ho batho ba lilemo tsohle, ’me ha ho hlokahale hore motho e be setho sa setsi se itseng sa boikoetliso e le hore a ikoetlise. U ka qala ka hore u tsamaee ka maoto ho e-na le ho palama koloi, bese kapa lifti. Ke hobane’ng ha u ka emela sepalangoang ho e-na le hore u tsamaee ka maoto ’me mohlomong u be u fihle moo kapele? Batsoali, khothalletsang bana ba lōna hore ba kopanele lipapaling tsa boikoetliso, ba bapalle ka ntle ha ho khoneha. Ho etsa joalo ho matlafatsa ’mele ea bona ebile ho thusa hore litho tsa bona tsa ’mele li sebelisane hantle, e leng se sa etsahaleng ho bana ba ithabisang ba lutse fatše, joaloka ho bapala lipapali tsa video.
Ho sa tsotellehe hore na u na le lilemo tse kae ha u qala ho ikoetlisa, u ka rua molemo ha u ikoetlisa ka tsela e itekanetseng. Haeba u se u hōlile kapa u na le mathata a bophelo ’me u qetile nako e itseng u sa ikoetlise, u lokela ho kōpa ngaka ho u thusa hore na u qale joang. Empa u hle u qale! Ho qala ho ikoetlisa hanyane ka hanyane le hona motho a sa ikoetlise ka matla haholo ho ka thusa esita le ba hōlileng haholo hore ba tiise mesifa le ho ntlafatsa boleng ba masapo a bona. Ho ka boetse ha thusa batho ba hōlileng hore ba se ke ba oa.
Rustam ea boletsoeng sehloohong sa pele letotong lena la lihlooho o ile a thusoa ke ho ikoetlisa. Lilemong tse supileng tse fetileng, eena le mosali oa hae ba ile ba qala ho matha butle hoseng ho hong le ho hong, matsatsi a mahlano ka beke. O re: “Qalong re ne re ipehela mabaka a hore re se ke ra ea. Empa re ne re khothatsoa ke ho ikoetlisa re le babeli. Hona joale re se re tloaetse ho ikoetlisa ebile hoa re thabisa.”
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Ho ikoetlisa e ka ba ntho e thabisang