Buka ea Bashoela-Tumelo ea Jean Crespin
KA 1546, banna ba 14 ba Meaux, Fora, ba ile ba fumanoa ba le molato oa hore ke bakhelohi ’me ba ahloleloa ho chesoa ba ntse ba phela. Ba ne ba entse’ng? Ba ne ba kopana malapeng a batho, ba rapela, ba bina lipesaleme, ba tšoara Selallo sa Morena ’me ba bolela hore ha ho mohla ba tla amohela “litšoantšo tsa Mopapa” borapeling ba bona.
Letsatsing leo ba neng ba bolaoa ka lona, moruti oa Roma e K’hatholike ea bitsoang François Picard o ile a botsa banna bao ba neng ba ahlotsoe mabapi le seo ba se lumelang ka Selallo sa Morena. Ba ile ba arabela ka hore ba mo botse ka thuto ea K’hatholike e bolelang hore bohobe le veine tse sebelisoang tšebeletsong ea selallo, ka mohlolo li fetoha nama le mali a Jesu. Banna bao ba ahlotsoeng ba ile ba mo botsa, ba re: ‘Na bohobe boo bo latsoeha joaloka nama? Kapa na veine e latsoeha joaloka mali?’
Le hoja a ile a sitoa ho araba lipotso tseo, banna bao ba 14 ba ile ba tlamelloa lipalong eaba ba chesoa ba ntse ba phela. Ba neng ba sa khaoloa maleme ba ile ba bina lipesaleme. Baprista ba neng ba eme sebakeng seo sa polao, ba ile ba binela holimo ba leka ho koahela pina ea bona. Ka le hlahlamang, a le hona sebakeng seo, Picard o ile a phatlalatsa hore banna bao ba 14 ba ahloletsoe ho cha liheleng ka ho sa feleng.
Lilemong tsa bo-1500, Europe e ne e le sebaka se kotsi ho batho ba hanyetsang kereke. Ba bangata ba neng ba hanyetsa lithuto tse amoheloang ke kereke ba ne ba hlorisoa habohloko ke bahanyetsi ba bona. Buka e ’ngoe e buang ka tlhokofatso e joalo ke Le Livre des martyrs (Buka ea Bashoela-tumelo) ea Jean Crespin, e hatisitsoeng ka 1554 Geneva, Switzerland. E boetse e tsejoa ka hore ke Histoire des martyrs.a
Ramolao o Ikopanya le Bafetoheli ba Khahlanong le Lithuto Tsa K’hatholike
Crespin ea hlahileng hoo e ka bang ka 1520, motseng oa Arras oo hona joale o leng ka leboea ho Fora, o ile a ithutela molao Louvain e Belgium. Ho ka etsahala hore ebe o ile a qala ho utloa likhopolo tsa batho ba neng ba le Khahlanong le Lithuto Tsa K’hatholike ha a le moo. Ka 1541, Crespin o ile a ea Paris ho ea ba mongoli oa ’muelli e mong oa molao ea tummeng. Hoo e ka bang nakong eo, o ile a bona ha Claude Le Painctre ea neng a ahlotsoe ka hore ke mokhelohi, a chesetsoa Place Maubert, Paris. Crespin o ile a khahloa ka ho teba ke tumelo ea mocha enoa eo e neng e le setei sa khauta, ea ileng a bolaeloa seo Crespin a neng a se bitsa “ho phatlalatsa ’nete ho batsoali ba hae le metsoalle.”
Hoo e ka bang nakong eo, Crespin o ile a qala ho ba ramolao Arras. Empa nakoana ka mor’a moo, o ile a qosoa ka hore ke mokhelohi ka lebaka la lintho tse ncha tseo a neng a se a li lumela. E le hore a qobe ho qosoa, o ile a balehela Strasbourg, Fora, ’me hamorao a lula Geneva, Switzerland. Ha a le moo, Crespin o ile a ikopanya le batho ba bang ba tšehetsang Phetohelo Khahlanong le Lithuto Tsa K’hatholike. O ile a tlohela mosebetsi oa ho ba ramolao ’me ea e-ba mohatisi.
Crespin o ile a hatisa libuka tsa bolumeli tsa Bafetoheli ba kang John Calvin, Martin Luther, John Knox le Theodore Beza. O ile a hatisa mangolo a Segerike a Bibele ao ka tloaelo a bitsoang Testamente e Ncha le Bibele e feletse kapa e sa fella ka Sefora, Selatine, Senyesemane, Sepanishe le Setaliana. Leha ho le joalo, Crespin o ile a tuma ka buka ea hae e bitsoang Buka ea Bashoela-tumelo. Ho eona o ile a thathamisa batho ba bangata ba ileng ba bolaoa pakeng tsa 1415 le 1554, ba ahloletsoe hore ke bakhelohi.
Sepheo sa ho Boloka Tlaleho ea Bashoela-tumelo e ne e le Sefe?
Lingoliloeng tse ngata tse neng li hlahisoa ke batho ba buellang Phetohelo Khahlanong le Lithuto Tsa K’hatholike li ne li nyatsa liketso tse sehlōhō tse etsoang ke ba boholong Kerekeng e K’hatholike. Li ne li khothatsa batho ka ho hlahisa bashoela-tumelo ba Maprostanta e le “bahale” ba tsoelang pele ho mamella mahlomola ao bahlanka ba Molimo ba nakong e fetileng ba ileng ba tobana le ’ona, ho akarelletsa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo. Crespin o ile a etsa lethathamo la batho ba ileng ba shoela tumelo ea bona, e le mohlala oo Maprostanta a mang a habo a ka o latelang.b
Buka ea Crespin e ne e bokeletse litlaleho tsa linyeoe, tsa tsamaiso ea lekhotla le otlang bakhelohi le tsa batho ba boneng liketsahalo tseo, hammoho le bopaki bo ngotsoeng ke baqosuoa ha ba ntse ba le teronkong. E ne e boetse e akarelletsa mangolo a khothatso a ngoletsoeng ba teronkong, ’me ho a mang a ’ona ho qotsitsoe litemana tse ngata tsa Bibele. Crespin o ne a lumela hore tumelo ea bangoli bao e ne e “lokela ho hopoloa kamehla le mehla.”
Boitsebiso bo bongata bo ngotsoeng bukeng ea Crespin bo ne bo tšohla liqhoebeshano tse neng li le pakeng tsa Mak’hatholike le Maprostanta. Ka mohlala, bahlorisi le ba hlorisoang ba ne ba phehisana ka litaba tse kang tšebeliso ea litšoantšo borapeling, pelekatori le ho rapella bafu, hammoho le hore na sehlabelo sa Jesu se ne se phetoa nako le nako ha ho tšoeroe ’Misa oa K’hatholike kapa che esita le hore na mopapa e ne e le moemeli oa Molimo kapa che.
Buka ea Bashoela-tumelo ke bopaki ba hore mehleng eo e mabifi batho ba ne ba phehisana ba bile ba sa mamellane. Le hoja Crespin a ile a bua haholo ka hore Mak’hatholike a ne a hlorisa Maprostanta, re lokela ho hopola hore Maprostanta le ’ona a ’nile a hlorisa Mak’hatholike ka tsela e tšoanang e sehlōhō.
Ho theosa le histori, bolumeli ba bohata bo ’nile ba qaphaletsoa ke “mali a baprofeta le a bahalaleli le a bohle ba bolailoeng lefatšeng.” Ka sebele, mali a bao Molimo a ba nkang e le bashoela-tumelo ba hae ba tšepahalang a ntse a hoeletsa hore a pheteletsoe. (Tšenolo 6:9, 10; 18:24) Ho ka etsahala hore ebe ba ileng ba hlokofatsoa le ho bolaeloa tumelo ea bona mehleng ea Jean Crespin ba ne ba batla ’nete ea bolumeli ka tieo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Buka e ’ngoe ea Crespin e na le sehlooho se reng Buka ea Bashoela-tumelo, e Leng, Pokello ea Bashoela-tumelo ba ’Maloa ba Ileng ba Bolaeloa Lebitso la Morena oa Rōna Jesu Kreste, ho Tloha ka Jan Hus ho Fihlela Selemong Sena sa 1554. Libuka tse ’maloa tse nchafalitsoeng le tse bileng li leng khōlō, tse nang le lihlooho le litaba tse sa tšoaneng li ile tsa hatisoa mehleng ea Crespin; ’me tse ling tsa hatisoa ka mor’a lefu la hae.
b Litlaleho tse ling tse peli tsa bashoela-tumelo li ile tsa hatisoa ka 1554—e leng sona selemo seo Crespin a hatisitseng buka ea hae e bitsoang Buka ea Bashoela-tumelo—tlaleho e ’ngoe e ne e ngotsoe ke Ludwig Rabus ka Sejeremane, ha e ’ngoe e ne e ngotsoe ke John Foxe ka Selatine.
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Sekoahelo sa buka ea Crespin e bitsoang “Buka ea Bashoela-tumelo” (Khatiso ea 1564)
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Polao ea Maprostanta ka pel’a Morena Henry II oa Fora le lekhotla la hae
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 13]
Images, both pages: © Société de l’Histoire du Protestantisme Français, Paris