Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 2/1 leq. 13
  • Bashoela-tumelo ba Kajeno ba Fana ka Bopaki Sweden

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bashoela-tumelo ba Kajeno ba Fana ka Bopaki Sweden
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Polao e Sehlōhō e ka Etsahala Hape?
    Tsoha!—2001
  • Ke Hobane’ng ha Bajuda ba Ile ba Bolaoa ka Sehlōhō Ntoeng ea II ea Lefatše? Ke Hobane’ng ha Molimo a sa ka a Thibela Seo?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lipaki Tsa Jehova le Bajuda ba Ileng ba Bolaoa ka Sehloho Ntoeng ea II ea Lefatše—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?
    Lihlooho Tse Ling
  • Bopaki ba Tumelo ea Bona
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 2/1 leq. 13

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

Bashoela-tumelo ba Kajeno ba Fana ka Bopaki Sweden

LENTSOE la Segerike le bolelang “paki” ke martyr, leo ho lona ho tsoang lentsoe la Senyesemane “martyr,” le bolelang “ea fanang ka bopaki ka lefu la hae.” Bakreste ba bangata ba lekholong la pele la lilemo ba pakela Jehova ka ho shoela tumelo ea bona.

Ka ho tšoanang, Lekholong la bo20 la lilemo, Lipaki tse likete li ile tsa bolaoa ke batšehetsi ba tšepahalang ba Hitler ka lebaka la ho se nke lehlakore litsekisanong tsa lipolotiki le tsa bochaba. Bashoela-tumelo bana ba kajeno le bona ba fana ka bopaki bo matla. Sena se sa tsoa etsahala Sweden.Moketjaneng oa ho ikhopotsa lilemo tse 50 ka mor’a hore Ntoa ea II ea Lefatše e lale, ’muso oa Sweden o ile oa qala letšolo la thuto la naha ka bophara mabapi le Polao e Sehlōhō. Morero ona o ile oa bitsoa hore ke Histori ea ’Nete. Lipaki tsa Jehova li ile tsa mengoa hore li be teng le ho bolella ba bang liphihlelo tsa tsona.

Lipaki li ile tsa arabela ka hore li etse pontšuoa e nang le sehlooho se reng Bahlaseluoa ba Lebetsoeng ba Polao e Sehlōhō. E ile ea qala ho bontšoa Holong ea Kopano ea Lipaki tsa Jehova ea Strängnäs. Lipaki tse pholohileng Polao e Sehlōhō li ne li le teng ho bolela liphihlelo tsa tsona ho baeti ba fetang 8 400 ba ileng ba tla letsatsing la pele! Bofelong ba 1999, pontšuoa ena e ne e bontšitsoe limusiamong tse fetang 100 le lilaebraring tsa sechaba ho pholletsa le Sweden, ’me e ne e bonoe ke batho ba ka bang 150 000. Baeti ba neng ba le teng ba ne ba kopanyelletsa palo e khōlō ea liofisiri tsa ’muso tse ileng tsa buella seo li se boneng ka mokhoa o amohelehang.

Ha ho na ketsahalo e ’ngoe e amanang le Lipaki tsa Jehova Sweden e kileng ea phatlalatsoa ka mokhoa o pharaletseng hakana ’me ea amoheloa ka mofuthu hakaalo. Baeti ba bangata ba ne ba botsa: “Ke hobane’ng ha le sa ka la re bolella ka liphihlelo tsa lōna tsa Polao e Sehlōhō esale pele?”

Ka mor’a hore lipontšuoa tsena li bonoe sebakeng seo, phutheho e ’ngoe e ile ea tlaleha keketseho ea karolo ea 30 lekholong ea lithuto tsa mahae tsa Bibele! Paki e ’ngoe e ile ea mema mosebetsi-’moho le eona ho tla bona lipontšuoa tsena. Mosebetsi-’moho o ile a lumela ka thabo ’me a tla le motsoalle oa hae. Ka mor’a moo, motsoalle oa hae o ile a re ho thata ho utloisisa hore na ho tla joang hore batho ba be le tumelo e matla haholo hakaalo hoo ba neng ba ka bolaoa ho e-na le hore ba saene tokomane ea ho sekisetsa tumelo ea bona. Ntlha ena e ile ea etsa hore ho be le lipuisano tse eketsehileng, ’me ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele le eena.

Joaloka metsoalle ea bona ea lekholong la pele la lilemo, bashoela-tumelo bana ba lekholong la bo20 la lilemo ba fane ka bopaki ka sebete hore Jehova ke eena feela Molimo oa ’nete, ea tšoaneloang ke tumelo e sa sisinyeheng le botšepehi bo sa sekisetseng.—Tšenolo 4:11.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 13]

Camp prisoner: Państwowe Muzeum Oświęcim-Brzezinka, courtesy of the USHMM Photo Archives

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela