Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 5/8 leq. 3
  • Bahlaseluoa Kapa Bashoela-tumelo—Phapang ke Efe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bahlaseluoa Kapa Bashoela-tumelo—Phapang ke Efe?
  • Tsoha!—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Polao e Sehlōhō—Bahlaseluoa Kapa Bashoela-tumelo?
    Tsoha!—1989
  • Lebaka Leo ka Lona Likereke li Ileng Tsa Khutsa
    Tsoha!—1995
  • Batšepehi ba Sebete ba Hlōla Mahloriso a Manazi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Ntoa e Rinya Bana ba Bangata
    Tsoha!—1997
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 5/8 leq. 3

Bahlaseluoa Kapa Bashoela-tumelo—Phapang ke Efe?

HO PHOLLETSA le histori, ho hloka botho ha moloko oa motho ho monna, mosali, le ngoana ho bakile ho utloa bohloko ho sa khaotseng ’me ha fella ka bahlaseluoa ba limillione. Ho sa tsotellehe hore na ke ka mabaka a bopolotiki, bochaba, morabe, kapa bolumeli, mali a se nang molato a ile a tšolloa ebile a ntse a tšolloa. Lehloeo le pupelitse lerato le kutloisiso. Mamello e hlōloa ke leeme. Ho bolaea ho ntse ho tsoela pele.

Makholong a lilemo a fetileng, ntoa e ne e ama mabotho a sesole, ’me ho ameha ha baahi ho ne ho batla ho fokola haholo. Lekholong la rōna la bo20 la lilemo, ka ho hlaha ha litlhaselo tsa moeeng ka libomo, lithunya tse thunyang libakeng tse hōle le limisaele, lenane la baahi bao e leng mahlatsipa le ile la phahama hoo phuputso e ’ngoe e boletseng tjena: “Baahi ke bona bahlaseluoa ba ka sehloohong ba lintoa. Lekholong lena la lilemo baahi ba bangata ka ho eketsehileng ba sa hlomelang ba ’nile ba shoa lintoeng ho feta masole ao e leng litsebi tse rupetsoeng.” Batho ba se nang molato bao bophelo ba bona bo nkiloeng e se ba bohlokoa ba ’nile ba bolaoa lintoeng tse ileng tsa qaloa ke baeta-pele ba lipolotiki. Lekholong la rōna la lilemo feela, palo ea bahlaseluoa ba ntoa e phahame haholo, ’me ba fetang limillione tse lekholo ba shoele ’me ba limillione tse makholo ba ile ba hlokofatsoa ke likotsi le ho shoa ha baratuoa ba bona.

Ho phaella ho bahlaseluoa ba lintoa tsa mehleng ena, ho boetse ho bile le bashoela-tumelo.a Phapang ke efe pakeng tsa bahlaseluoa ba ntoa le bashoela-tumelo? Ba limillione—Bajode, Maslav, Magypsy, basodoma, le ba bang—ba ile ba shoa e le bahlaseluoa ba Nazi ea Jeremane ka lebaka la seo ba neng ba le sona. Ho ne ho se moo ba ka retelehelang teng, ba ne ba se na boikhethelo. Ka tlas’a tsamaiso eo e khopo, lefu la bona e ne e le ntho e ke keng ea qojoa. Ka lehlakoreng le leng, ba bang ba ne ba sa tlameha ho shoa. Ba ne ba ka qoba lefu, empa leha ho le joalo, ka lebaka la melao-motheo ea bona, ba ile ba ikhethela ho shoa.

Mohlala o mong o tsebahalang ke oa moprista oa Mok’hatholike Maximilian Kolbe, ea ileng a thusa baphaphathehi ba Bajode nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Ka 1941 o ile a “isoa [kampong ea mahloriso ea Nazi] Auschwitz, moo a ileng a nehelana ka bophelo ba hae sebakeng sa Franciszek Gajowniczek ea neng a ahloletsoe ho lula teronkong. Pele o ile a bolaisoa tlala ’me eaba qetellong o entoa ka phenol ’me a chesoa.” (Encyclopædia Britannica) E ile ea e-ba moshoela-tumelo ea ikentseng sehlabelo—e leng mokhelo molaong o tloaelehileng bolumeling ba Boprostanta le K’hatholike.

Nakong ea Nazi Jeremane (1933-45), Lipaki tsa Jehova li ile tsa hlorisoa ka sehlōhō ka baka la ho leka ho ema li sa nke lehlakore le ka baka la ho hana ho sebeletsa boiteko ba ntoa ba Hitler. Lipaki tse likete li ile tsa isoa likampong tsa mahloriso tse tšajoang, moo tse ngata tsa tsona li ileng tsa bolaoa ’me tse ling tsa shoa ke ho tšoaroa hampe. Leha ho le joalo, li ne li sa lokela ho utloa bohloko le ho shoa. Li ne li na le khetho. Li ile tsa fuoa khetho ea hore li se bolaoe. Ha feela li ne li ka saena pampiri ea ho latola tumelo ea tsona, li ne li ka lokolloa. Boholo ba tsona bo ile ba khetha ho se saene ’me ha ea ka ea e-ba bahlaseluoa ba sehlōhō sa Nazi feela empa e ile ea boela ea e-ba bashoela-tumelo. Kahoo, le hoja bashoela-tumelo bohle e le bahlaseluoa, ke bahlaseluoa ba seng bakae feela ba ka khethang ho ba bashoela-tumelo le ba ileng ba khetha ho ba bona. E ile ea e-ba bahlōli leha ba talimane le lefu.

Bopaki bo se nang leeme ba ba bangata bao eseng Lipaki bo tiisa taba ena. “Moruti Bruppacher oa Switzerland o ile a hlokomela ka 1939 hore ‘Ha banna ba ipitsang Bakreste ba ile ba hlōleha litekong tse thata, Lipaki tsena tsa Jehova tse sa tsebahaleng, e le bashoela-tumelo ba Bakreste, li boloka ho fapana ho sa sisinyeheng le ho hatelloa ha letsoalo le borapeli ba bohetene . . . Ba utloa bohloko le ho bolaoa hobane, joaloka Lipaki tsa Jehova le litho tsa ’Muso oa Kreste, ba hana ho rapela Hitler le Swastika.’”

Leha ho le joalo, hase Jeremane ea Nazi feela moo Lipaki tsa Jehova li ileng tsa boloka botšepehi leha li talimane le lefu. Li ’nile tsa tlameha ho bontša sebete sa tsona ha li talimane le Bokomonisi, Puso ea Bohatelli, le mefuta e meng ea mebuso ea bopolotiki, esita le khanyetso ea bolumeli. Esita le linaheng tseo ho thoeng ke tsa tsamaiso ea lentsoe la sechaba tsa Bophirimela, Lipaki li ’nile tsa talimana le pefo. Sehlooho sa rōna se latelang se tla hlalosa ka botebo liketsahalo tse ling tse ’nileng tsa ama Lipaki tseo e ileng ea e-ba bahlōli leha li talimane le lefu.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mohlaseluoa o hlalosoa e le “ea ntšoang kotsi kapa ea bolaoang ke e mong . . . Ea ntšoang kotsi kapa ea utloisoang bohloko ke ketso, maemo, motho, kapa boemo.” Ka lehlakoreng le leng, moshoela-tumelo ke “ea ikhethelang ho shoa ho e-na le ho latola melao-motheo ea bolumeli. . . . Ea etsang sehlabelo se seholo kapa ea utloang bohloko haholo ho ntšetsa pele tumelo, sepheo, kapa molao-motheo.”—The American Heritage Dictionary of the English Language, Khatiso ea Boraro.

Neue Berliner Illustrierte

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, makhotla a molao a Jeremane Bochabela a ile a qosa Lipaki tsa Jehova ka bohata ka hore ke lihloela tsa Amerika

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Neue Berliner Illustrierte

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela