Sekhomaretsi sa Sebōkō sa Sandcastle
Na se Entsoe?
● Lingaka li sebelisa literata, lipoleiti tse tšehetsang masapo le likurufu ho busetsa masapo a robehileng sebakeng sa ’ona, empa ho thata ho sebelisa lintho tsena likarolong tse nyenyane tsa masapo. Ka nako e telele, bafuputsi ba ne ba sa khone ho etsa sekhomaretsi se ka tieang ka har’a ’mele oa motho moo ho leng metsi. Ba fumane seo e ka ’nang ea e-ba tharollo ka hore ba ithute ka sebōkō sa sandcastle!
Ak’u nahane: Sebōkō sena se haha ntlo ea sona ka tlas’a metsi se sebelisa lehlabathe le likhetla. Se kopanya lintho tsena ka sekhomaretsi se hlahisoang ke tšoelesa e sefubeng sa sona. Sekhomaretsi sena se matla ho feta likhomaretsi tse entsoeng ke batho tse sebelisoang kajeno. Se na le liprotheine tse ikhethang tseo ha li kopana, li etsang hore sekhomaretsi seo se tiee ka metsing—le hona ka potlako! Sebōkō sa sandcastle se ’nile sa bitsoa setsebi sa kaho, le hona e le ka lebaka le utloahalang. Russell Stewart oa Univesithi ea Utah, o re sebōkō sena se rarolotse “mathata a tebileng a ho khomaretsa.”
Bafuputsi ba entse likhomaretsi tse kang se hlahisoang ke sebōkō sena tse bileng li leng matla le ho feta. Sekhomaretsi se tla qetella se sebelisoa liphaposing tsa ho etsa opereishene se tla lokela hore le sona e be se ka bolang habonolo ka tlhaho e le hore ha se sebelisetsoa ho busetsa masapo a robehileng sebakeng sa ’ona, se ka nyamela butle-butle ha lesapo le ntse le fola. Haeba sekhomaretsi sena se ka sebetsa bathong, e tla be e le katleho e khōlō litabeng tsa bongaka.
U nahana’ng ka see? Na sekhomaretsi se ikhethang sa sebōkō sa sandcastle se bile teng ka tšohanyetso? Kapa na se entsoe?
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Bafuputsi ba nahana hore ba tla busetsa masapo sebakeng sa ’ona ba sa sebelise literata
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 26]
Sandcastle worm: © Peter J. Bryant, University of California, Irvine