Tsa Mona le Mane
Liphoofolong tsa metsing tse limilione tse 95,2 tse tšoasoang selemo le selemo, tse ka bang limilione tse 38,5 ke tse sa batloeng. Setsebi sa khoebo ea ho tšoasa litlhapi sa Letlōle la Lefatše la Liphoofolo le Limela Tsa Naha, e leng Karoline Schacht, se re: “Hafeela re nka hore karolo ea 40 lekholong ea litlhapi tseo re li tšoasang ha e hlokahale, lenane la litlhapi le tla tsoela pele ho fokotseha.”—BERLINER MORGENPOST, JEREMANE.
“Ho ka ’na ha bonahala eka likhomo, linku le lipōli li ke liphofu tse se nang molato tsa takatso ea batho ea nama, empa . . . lefatšeng ka bophara, mehlape ea liphoofolo ha e bohla e ntša karolo ea 18 lekholong ea khase e futhumatsang lefatše [haholo-holo ea methane]—ho feta mefuta eohle ea lipalangoang ha e kopane.”—NEW SCIENTIST, BRITHANI.
Sekhomaretsi se Tšoarang ka Thata sa Mehleng ea Khale
Bo-rasaense ba sebetsang profinseng ea KwaZulu-Natal, Afrika Boroa, ba sibollotse sekhomaretsi se tšoarang ka thata se neng se sebelisoa lilemong tse likete tse fetileng. Koranta ea Johannesburg e bitsoang The Star e re: “Sekhomaretsi seo . . . se sebetsa hantle joaloka tse ling tse fumanehang mabenkeleng a thepa ea ho sebetsa kajeno.” Ho lumeloa hore litsomi tsa mehleng ea khale li ne li sebelisa sekhomaretsi seo ho etsa metsu ea liqha kapa marumo. Boiteko ba bo-rasaense ba ho etsisa mokhoa oo oa boholo-holo—ba kopanya letsoku, mafura a liphoofolo, boka ba sefate sa leoka le lehlabathe—hammoho le ba ho fumana mocheso o lekaneng oa mollo bakeng sa ho omisa sekhomaretsi seo, bo ile ba etsa hore ba tsote batho ba mehleng ea khale ba neng ba se sebelisa.
Batho ba sa Robaleng ka ho Lekaneng, ba Tšoaroa ke Sefuba Khafetsa
Tlaleho ea Univesithi ea Carnegie Mellon e Pittsburgh, Pennsylvania, U.S.A. e re: “Batho ba robalang lihora tse ka tlaase ho tse supileng ba ka ’na ba tšoaroa ke sefuba ka makhetlo a mararo ho feta ba robalang lihora tse robeli kapa ho feta.” ’Me ba nkang ‘hoo e ka bang karolo ea 8 lekholong ea nako eo ba e qetang ba le likobong ba falimehile, ba ka ’na ba tšoaroa ke sefuba ka makhetlo a mahlano le halofo ho feta ba eang le sephume sa boroko.’ Mongoli ea ka sehloohong phuputsong eo, e leng Sheldon Cohen, o re: “Le hoja ho e-na le boitsebiso bo pakiloeng ba hore tsela eo motho a robalang ka eona e ama tsamaiso ea hae ea ’mele ea ho itšireletsa mafung, lena ke lekhetlo la pele ho fumanoa bopaki bo bontšang hore esita le ho hlobaela ho se hokae ho ka ama tsela eo ’mele o loantšang likokoana-hloko tsa sefuba ka eona. Lena ke le leng la mabaka ao ka ’ona batho ba lokelang ho ipha nako ea hore ba phomole ka ho lekaneng bosiu.”
Ho na le Masimo a Mangata a Macha
Makasine ea New Scientist e re: “Lefatše le na le sebaka se lekaneng ho hlahisa lijo tse ling tse hlokahalang ho fepa baahi ba ntseng ba eketseha. Ho fapana le se neng se lebeletsoe, boholo ba sebaka se ka sebelisoang se Afrika.” Makasine eo e ne e qotsa tlaleho e mabapi le likhakanyetso tsa temo tse phatlalalitsoeng ke Mokhatlo oa Tšebelisano Moruong le Tsoelo-peleng hammoho le Mokhatlo oa Lijo le Temo oa Machaba a Kopaneng. Ho ea ka tlaleho eo, ho ka khoneha hore sebaka seo hona joale se sebelisoang e le masimo a temo lefatšeng ka bophara, se eketsoe ka makhetlo a fetang a mabeli. Tlaleho eo e re: “Karolo e ka holimo ho halofo ea sebaka se ka sebelisoang e Afrika le Latin America.”