Ntho ea Bohlokoa ho Feta Bophelo Boo re bo Phelang Hona Joale
Joalokaha ho boletse Murat Ibatullin
Ka 1987, Lefapha la Bophelo la Russia le ile la nthomela Uganda, Afrika. Ke ne ke lumetse ho ea sebetsa moo ke le ngaka ka konteraka ea lilemo tse ’nè. Ha e le hantle, ke ne ke sa batle ho khutlela Russia, empa ke ne ke nahanne hore seo se tla etsa hore ke fumane phihlelo e tla nthusa hore ke sebetse linaheng tse kang Australia, Canada, kapa United States of America. Empa ka 1991, ke ile ka fetola maikutlo eaba ke khutlela Russia. E-re ke hlalose lebaka la seo.
KE HLAHILE ka 1953 motseng oa Kazan’, e leng motse-moholo oa Rephabliki ea Tatarstan e Russia Bohareng. Batsoali ba ka ke Matatar, ’me Matatar a mangata ke Mamosleme. Ke hopola hore ha ke sa le ngoana ke ne ke ee ke bone nkhono le ntate-moholo ba khumama ’me ba rapela Allah. Bana ba bona, ho kopanyelletsa batsoali ba ka, ba ne ba re re se ke ra ba khathatsa ’me re tsoe ka tlung. Batsoali ba ka ba ne ba bonahala ba soabisoa ke seo, hobane e ne e le Makomonisi ’me ka nako eo ba re ha ba lumele hore Molimo o teng.
Ha ke le lilemo li ’nè, ke ile ka tšoaroa ke pholio eo e neng e le seoa, ’me leo e ne e le lekhetlo la ho qetela ho e-ba le seoa sa eona Soviet Union. Ke hopola hore ha ke sa le ngoana ke ne ke atisa ho ea lipetleleng le litsing tsa kokelo ho ea hlahlojoa. Ke sa hopola ha ntate-moholo a ne a nthapella hore ke fole. Ke ne ke batla ho phela hantle joaloka bana ba bang, kahoo le hoja ke ne ke holofetse leotong, ke ne ke bapala bolo, hockey le lipapali tse ling.
Ha ke ntse ke hōla, ke ile ka lakatsa ho ba ngaka. Ke ne ke se motho ea ratang bolumeli, leha ho le joalo ke ne ke lumela hore Molimo o teng. Empa ho ne ho se mohla ke nahanang ka Molimo. Ka nako eo ke ne ke nyatsa likhopolo tsa Bokomonisi ’me ke lula ke phehisana khang le Ntate le mohats’a ’Mangoane. Mohats’a ’Mangoane o ne a ruta filosofi univesithing ’me Ntate a sebeletsa Komiti ea Tšireletso ea Naha ea Soviet Union, e neng e tsejoa ka hore ke KGB. Ha ke qeta lithuto sekolong sa bongaka, ke ile ka ikemisetsa ho ba ngaka e itlhommeng pele ea methapo ea kutlo le ho fallela naheng e ’ngoe.
Ke Batla Bophelo bo Nang le Morero
Ka 1984, ke ile ka qeta ho ithutela bongaka ba lihlahala tsa boko. ’Me ka 1987, ka romeloa Uganda, sepetleleng se Mulago. Ke ile ka fallela naheng ena e ntle le mosali oa ka, Dilbar le bana ba rōna, e leng Rustem ea neng a le lilemo li supileng ka nako eo le Alisa ea neng a le lilemo li ’nè. Re ne re sebetsa ka thata tleleniking eo re bile re buoa bakuli ba nang le kokoana-hloko ea HIV. Ke ne ke atisa ho ea litleleniking tse ling ho pholletsa le naha eo, kaha ho ne ho e-na le lingaka tse peli feela tsa methapo ea kutlo, Uganda.
Ka le leng, ha re le sebakeng seo ho rekisoang libuka ho sona Uganda, ’na le Dilbar re ile ra bona Bibele ea Serussia ka lekhetlo la pele. Re ile ra reka Libibele tse ’maloa hore re li romelle metsoalle ea rōna e Soviet Union, kaha ka nako eo ho ne ho le thata ho li reka moo. Re ile ra bala likhaolo tse ’maloa Bibeleng empa ra thatafalloa ho li utloisisa hoo ka mor’a nakoana re ileng ra khaotsa ho e bala.
Leha ho le joalo, re ile ra qeta lilemo tse tharo re ea likerekeng tse sa tšoaneng Uganda, re leka ho utloisisa hore na batho ba moo ba lumela eng le hore na ke eng e ba susumetsang bophelong. Ke ile ka boela ka etsa qeto ea ho ithuta Koran ka puo eo e neng e ngotsoe ka eona qalong. Ha e le hantle, ’na le Rustem re ile ra ingolisa litlelaseng tsa Searabia. Ka mor’a likhoeli tse seng kae, re ne re se re khona ho bua Searabia.
Hoo e ka bang ka nako eo, re ile ra kopana le Heinz le Marianne Wertholz, e leng baromuoa ba rutang batho Bibele, e mong a tsoa Jeremane ha e mong a tsoa Austria. Qalong, ha rea ka ra bua ka bolumeli. Re ne re itšoanela feela le batho ba bang ba tsoang Europe ba kopanang Afrika. Re ile ra ba botsa hore na ba etsa’ng mona Uganda ’me ba re bolella hore ke baromuoa ba Lipaki Tsa Jehova, ’me ba tlile mona ho tla thusa batho hore ba ithute Bibele.
Joale ke ile ka hopola hore ha ke le tlelaseng ea filosofi univesithing eo ke neng ke le ho eona Russia, re ile ra bolelloa hore Lipaki ke lequloana le hore li ne li etsa mahlabelo ka bana ebe li noa mali a bona. Ke ile ka bolella Heinz le Marianne seo, kaha ke ne ke sa kholoe hore ba ka lumellana le ntho e joalo. Ba ile ba mpha buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, ba fa le Dilbar e ’ngoe ’me ra nka lihora tse seng kae feela ho bala boholo ba eona. Ha ke e beha fatše, ke ile ka botsa Dilbar hore na o ikutloa joang, ’me a re o hloletsoe ke seo a se balang. Ke ile ka mo bolella hore le ’na ke ikutloa ka tsela e tšoanang.
Ka mor’a moo, re ile ra labalabela ho bua le Heinz le Marianne hape. Ha re kopana le bona, re ile ra buisana ka lintho tse ngata. Lintho tseo re ileng ra ithuta tsona Bibeleng li ile tsa re ama maikutlo le ho feta. Seo se ile sa re susumelletsa ho bolella metsoalle le basebetsi-’moho le rōna lintho tseo re ithutileng tsona. Ba ne ba akarelletsa baemeli ba Russia le ba linaha tse ling hammoho le oa Vatican. Re ile ra makala ha moemeli oa Vatican a re ‘lintho tsohle tse ngotsoeng ka Testamenteng ea Khale ke tšōmo feela.’
Re Khutlela ha Habo Rōna
’Na le Dilbar re ile ra etsa qeto ea hore re be Lipaki Tsa Jehova ka 1991, khoeli pele re khutlela Russia. Re ne re nahanne hore ha re khutlela Kazan’, re tla qala ho ea libokeng hang-hang. Empa re ile ra tšoenyeha haholo ha ho feta likhoeli tse tharo re sa fumane Holo ea ’Muso kapa balumeli-’moho le rōna! Kahoo re ile ra etsa qeto ea ho ea ka ntlo le ntlo, joalokaha Lipaki Tsa Jehova li tloaetse ho etsa lefatšeng ka bophara, le hoja re ne re etsa seo re le bang. Phello e ile ea e-ba hore re qale ho ithuta Bibele le batho ba ’maloa, ho akarelletsa mosali e mong eo hamorao e ileng ea e-ba Paki.
Ka mor’a moo, re ile ra eteloa ke ntate-moholo e mong oa Paki, ea neng a fuoe aterese ea rōna ke Lipaki tsa Uganda. Joale re ile ra qala ho kopanela le sehlopha sa batho ba 15 ba neng ba tšoarela liboka ntlong e nyenyane e nang le kamore e le ’ngoe. Re ile ra ’na ra ngollana le Heinz le Marianne ’me hamorao ba re etela Kazan’. Ka mor’a moo, re ile ra ba etela Bulgaria, e leng naha e latelang eo ba ileng ba abeloa ho ea sebeletsa ho eona, moo e ntseng e le baromuoa le kajeno.
Ho ba le Litholoana Tse Ntle Naheng ea Heso
Neng le neng ha ke fumana monyetla, ke bolella basebetsi-’moho le ’na linnete tsa Bibele sepetleleng seo ke sebetsang ho sona Russia. Ha nako e ntse e ea, ba bangata ba ile ba amohela linnete ’me ba fetoha Lipaki Tsa Jehova, ho akarelletsa lingaka tse ’maloa. Ka 1992, selemo ka mor’a hore re fihle moo, Lipaki tsa Kazan’ li ile tsa eketseha tsa e ba 45; ’me selemong se latelang tsa feta 100. Kajeno ho na le liphutheho tse supileng tsa Lipaki, Kazan’—tse hlano ke tsa Serussia, e le ’ngoe ke ea Setatar ha e ’ngoe e le ea puo ea matsoho. Ho boetse ho na le lihlopha tsa Searmenia le Senyesemane.
Ka 1993, ke ile ka ea sebokeng sa lingaka se neng se tšoaretsoe New York City, moo ke ileng ka ba le monyetla oa ho etela ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova e Brooklyn. Ke ile ka kopana le Lloyd Barry, ea neng a thusa ho hokahanya mosebetsi oa boboleli oa Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ka bophara. Le hoja a ne a phathahane, o ile a ipha nako ea ho bua le ’na.
Re ile ra buisana ka hore ho hlokahala lingoliloeng tsa Bibele ka Setatar. Lilemo hamorao, ho ile ha thehoa thimi ea bafetoleli ba Setatar, Russia, ’me ba qala ho hlahisa lingoliloeng ka puo eo. Ha nako e ntse e ea, re ile ra thaba haholo ha re qala ho fumana Molula-Qhooa kamehla, e leng makasine e reretsoeng ho ruta batho Bibele! Nakoana ka mor’a moo, ho ile ha thehoa phutheho ea pele ea Setatar.
Ho Sebelisa Mekhoa ea ho Baballa Mali
Ke latela melao eohle ea Molimo ea boitšoaro, e akarelletsang o ho Liketso 15:20, o reng bahlanka ba Molimo “ba ile . . . mali.” Temana ea 29 e phaella ka hore bahlanka ba Molimo ‘ba ile lintho tse hlabetsoeng litšoantšo tse rapeloang le mali le lintho tse fenethiloeng le bohlola.’
Kahoo, ha Lipaki Tsa Jehova li hloka phekolo, li kōpa lingaka hore li hlomphe maikutlo a tsona tabeng ea phekolo e sa hlokeng tšelo ea mali. Ka nakoana, ke ne ke le Komiting ea Bohokahanyi le Lipetlele ea Lipaki, Kazan’.a Ka 1997, ha Pavel ea neng a le selemo oa motseng oa Novosibirsk, a ne a lokela ho buuoa ka potlako, ’mè oa hae o ile a kōpa hore re mo thuse. Ka nako eo, ho ne ho e-na le lingaka tse fokolang Russia tse neng li ikemiselitse ho buoa batho li sa sebelise mali. Re ile ra lumela ho mo thusa hore a fumane ngaka e neng e sa tl’o sebelisa mali.
Ka mor’a nakoana, re ile ra fumana tleleniki eo ho etsoang liopereishene tsa pelo ho eona, Kazan’, ’me lingaka tsa lumela ho buoa Pavel e monyenyane. Ka la 31 March, 1997, lingaka li ile tsa atleha ho mo buoa li sa sebelise mali, ho koala lesoba le pelong. Ka la 3 April, koranta e bitsoang Vechernyaya Kazan e ile ea tlaleha: “Moshanyana eo o bonahala a phetse hantle ’me ha a sa hloka meriana ea pelo . . . ’Mè oa Pavlik [e leng theneketso ea Pavel] o ile a ikutloa a imolohile ka lekhetlo la pele ka mor’a likhoeli tse leshome le motso o le mong.” Ka mor’a ho buuoa, Pavel o ile a hlaphoheloa ka potlako ’me a qala ho tlosa leoto a le phasejeng ea sepetlele seo.
Hona joale Pavel o iphelela hantle. O rata ho sesa, ho thellisa lehloeng le ho bapala bolo. O sehlopheng sa borobeli ’me o kopanela le ’mè oa hae phuthehong ea Lipaki Tsa Jehova, motseng oa Novosibirsk. Ka mor’a hore a buuoe, lingaka tsa tleleniking eo li ile tsa atleha ho buoa bakuli ba ’maloa ba Lipaki Tsa Jehova ba tšoeroeng ke pelo, li sa sebelise mali. Lingaka li ntse li hatela pele phekolong ea meriana Tatarstan ’me li atisa ho buoa batho li sa sebelise mali.
Mosebetsi oa ka Kajeno
’Na le mosali oa ka, hammoho le Lipaki tse ling re sebetsa tleleniking eo ho phekoloang bakuli ba nang le mathata a methapo ea kutlo le a pelo, ho sebelisoa theknoloji e phahameng. Re etsa liopereishene tse sa tšoaneng, haholo-holo ho bakuli ba sebelisang mekhoa e baballang mali. Ke ngaka ea methapo ea kutlo e sebelisang litšoantšo tsa X-ray ho hlahloba bakuli ’me ke thahasella ho sebelisa mokhoa oa phekolo o sa hlokeng hore bakuli ba buuoe ba be ba tšeloe mali. Kaha ke moprofesa Lefapheng la Phekolo ea Methapo ea Kutlo Univesithing ea Bongaka ea ’Muso, Kazan’, ke rupela liithuti le lingaka ’me ke li thusa hore li bone melemo ea ho phekola li sa sebelise mali.b
Mosali oa ka o sebetsa le ’na tleleniking eo e le setsebi se hlahlobang ka mochine oa ultrasound. Re thabela mosebetsi oa rōna hobane re khona ho thusa batho. Empa ntho e re khotsofatsang haholo ke ho bona kamoo linnete tsa Bibele li phekolang batho moeeng kateng. Re thabela ho bolella batho tšepiso ea Molimo ea hore haufinyane “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”—Esaia 33:24.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Likomiti Tsa Bohokahanyi le Lipetlele ke lihlopha tsa Lipaki Tsa Jehova tse thusang basebeletsi ba lipetlele le bakuli hore ba sebelisane hammoho ha ho ameha taba ea tšelo ea mali.
b Phekolo e sa sebeliseng mali ke e sa hlokeng hore motho a tšeloe mali. Ka lebaka la likotsi tse amanang le tšelo ea mali, ho phekola bakuli le ho ba buoa ho sa sebelisoe mali, ho ntse ho ata lefatšeng. Ho tšeloa mali ho ka ’na ha beha motho kotsing ea hore a tšoaroe ke HIV le mafu a mang a tšoaetsanoang esita le ho mo kulisa.
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Ha ke ne ke le ngaka, Afrika
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Ha re qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, ka 1990
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Ke na le Lloyd Barry ha ke ne ke etetse Brooklyn, New York, ka 1993
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Pavel le ’mè oa hae kajeno
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ke tšebeletsong ea tšimo le mosali oa ka, Dilbar