Ibn Battuta o Senola Lintho Tseo a li Entseng
KA SELEMO sa 1325, mohlankana e mong o ile a tloha Tangier, Morocco, a kena leetong la pele ho a ’maloa ao a neng a tla a nka ho ea libakeng tse hōle-hōle tse neng li tsejoa ka nako eo, tse neng li akarelletsa Chaena, India, Indonesia, Mali, Persia, Russia, Syria, Tanzania, Turkey le linaha tsohle tsa Arabia. Mohlankana eo e ne e le Abu Abdallah ibn Battuta, ’me o ile a tsamaea sebaka sa lik’hilomithara tse ka bang 120 700—e leng sebaka seo ho neng ho se motho ea kileng a se tsamaea pele ho mehla ea mechine e neng e tsamaisoa ka mouoane oa metsi a belang.
Ibn Battuta o ’nile a bitsoa mohahlauli oa linaheng tsa Boislamo le mohahlauli e moholo ka ho fetisisa oa mehleng ea khale. Tlaleho eo a e ngotseng ha a khutla leetong la hae la ho qetela ka mor’a lilemo tse ka bang 30 a hahlaula, e re thusa ho utloisisa lintlha tse ngata ka bophelo le meetlo ea batho ba lekholong la bo14 la lilemo, haholo-holo linaheng tsa Bomosleme.
O Etela Mecca Leetong la Bolumeli
Ibn Battuta o ile a tloha motseng oa Tangier ho etela libakeng tse halalelang le ho nka leeto leo Mamosleme a le nkang ho ea Mecca, e leng se lebeletsoeng ho Momosleme e mong le e mong e moholo, eo maemo a hae a lichelete le a bophelo a mo lumellang hore a etse joalo. Mecca e lik’hilomithara tse ka bang 4 800 ka bochabela ho Tangier. Joaloka balumeli ba bang ba bangata ba nkang leeto leo, Ibn Battuta le eena o ile a imatahanya le ba bang e le hore a fihle moo a eang a sireletsehile.
Kaha ntate oa hae e ne e le qadi, kapa moahloli, Ibn Battuta o ile a rupelloa ho ba moahloli, ’me eo e ne e le thupelo e phahameng ka ho fetisisa eo motho a neng a ka e fumana Tangier. Ha bahahlauli-’moho le eena ba utloa seo, ba ile ba mo khetha hore ebe moahloli oa bona ha ba e-ba le liqhoebeshano tseleng.
O ea Alexandria, Cairo le Karolong e ka Holimo ea Nile
Bahahlauli bao ba ile ba iphaphatha ka lebōpo la Afrika Leboea ho ea Egepeta. Ha Ibn Battuta a le moo, o ile a bona tora e tummeng ea Alexandria, e neng e khantšetsa basesisi ba likepe ebile e tsotoa mehleng eo ea boholo-holo empa ka nako eo e se e fetoha lithako. O ile a re Cairo e ne e “tletse mehaho, e le ntle ka tsela e ikhethang, batho ba kena ba tsoa ba bile ba nyolosa ba theosa joaloka maqhubu a leoatle.” O ile a khahloa haholo ke likepe, lirapa, mabenkele, mehaho ea bolumeli le meetlo ea batho ba motseng oo o moholo. Joalokaha a ne a tloaetse ho etsa, ha a le Egepeta o ile a batla tšehetso ea baruti, litsebi le batho ba bang ba hlaheletseng ’me a e fumana.
Ha a tloha Cairo o ile a nyolosa ka Nile ho ea karolong e ka holimo ea Egepeta, ’me ha a le tseleng a amoheloa ka mofuthu mahaeng a baeta-pele ba bolumeli, matlong a baitlami, lihosteleng le lik’holejeng tse tšehetsoang ke baithaopi—tseo ka nako eo li neng li atile metseng ea Mamosleme. Sepheo sa hae e ne e le hore a haole lehoatata a ee Leoatleng le Lefubelu, a ntan’o tsamaea ka sekepe ho leba ka bophirimela ho Arabia, ebe o fetela Medina, moo ho neng ho e-na le mohaho oa Mamosleme oo moprofeta Muhammad a neng a rapella ho oona, ’me ho tloha moo a fetele Mecca. Empa ntoa e ile ea mo sitisa ho tsoela pele, kahoo a tlameha ho khutlela Cairo.
Tsela e Potolohang
Kaha Ibn Battuta o ne a ntse a ikemiselitse ho ea fihla Medina le Mecca, o ile a leba leboea a ea Gaza, ho tloha moo a ea Hebrone, a ntan’o ea sebakeng seo ho lumeloang hore Abrahama, Isaka le Jakobo ba patetsoe ho sona. Ha a le tseleng e eang Jerusalema le sebakeng se seng moo seo ho nkoang hore sea halalela, o ile a emisa Bethlehema, moo a ileng a hlokomela hore ba ipolelang hore ke Bakreste ba hlompha ka tsela ea borapeli sebaka seo Jesu a hlahetseng ho sona.
Ho tloha moo Ibn Battuta o ile a leba leboea a ea Damaseka, moo a ileng a ithuta le litsebi tse hlaheletseng tsa Mamosleme ’me a fumana mangolo a mo pakang hore ke mosuoe. O ile a re mohaho oa kereke ea Mamosleme o motseng oa Umayyad ke “o motle ka ho fetisisa” lefatšeng. Mabenkeleng a moo ho ne ho rekisoa mabenyane, masela, lintho tsa ho ngola, libuka le likhalase, ha libakeng tseo bahlapantši ba sebeletsang ho tsona ho ne ho e-na le “lipaki tse hlano kapa tse tšeletseng le motho ea khethiloeng ke qádí hore e be monyalisi.” Ha e le hantle, ha Ibn Battuta a le Damaseka o ile a nyala. Empa mosali eo, e bile e mong oa basali ba hae ba bangata le lirethe bao a buileng hanyane feela ka bona.
Ha a le Damaseka, Ibn Battuta o ile a tsamaea le balumeli ba bang ho ea Mecca. Ha ba le tseleng, ba ile ba emisa selibeng seo ba khang metsi ho sona, ba neng ba sebelisa matlalo a linare ho etsa lifaki kapa litanka tse khōlō. Bahahlauli bao ba ile ba noesa likamele tsa bona le ho tlatsa linkho ka metsi ao, pele ba haola lehoatata. Qetellong, o ile a fihla Mecca. Lena e ne e le lekhetlo la pele ho a supileng ao a ileng moo ka ’ona. Balumeli ba bangata ba ile ba khutlela mahae ha ba qeta ho phetha moetlo. Empa eseng Ibn Battuta. Mongoli e mong oa pale ea hae ea bophelo o re o ile a tloha moo a ea Baghdad “e le hore a ke a utloe feela hore na ho joang.”
O Qala ho Hahlaula ka ho Pharaletseng
Ha a le Baghdad, eo ka nako eo e neng e hlaheletse linaheng tsa Boislamo, Ibn Battuta o ile a khahloa ke libaka tsa sechaba tseo ho sesetsoang ho tsona. O ile a re: “Sebaka ka seng se ne se e-na le likamore tse ’maloa tse khōlō tseo ho hlapeloang ka ho tsona, ’me sekhutlong sa kamore ka ’ngoe ho e-na le beisine e nang le lipompo tse peli tse ntšang metsi a chesang le a batang.” Mohlankana e mong ea botsoalle eo e neng e le molaoli oa mabotho, o ile a mo thusa hore a kopane le Abu Sa’id, eo e neng e le morena oa Mamosleme. Ibn Battuta o ile a tloha moo a fuoe limpho tsa bohlokoahali—e leng pere, seaparo sa mokete le lengolo le neng le bolella ’musisi oa Baghdad hore na ke mang le bile le mo kōpa hore a mo fe likamele le lintho tse ling tseo a li hlokang.
Ka mor’a moo, Ibn Battuta o ile a tsamaea ka sekepe ho ea koung ea Mogadishu, Mombasa le Zanzibar tse Afrika Bochabela a ntan’o fetela Arabia le Koung ea Persia. Hamorao o ile a hlalosa batho, meetlo le lintho tseo a li boneng ha a ntse a hahlaula—tsela e mofuthu eo bahoebi ba neng ba amoheloa ka eona Somalia, batho ba Yemen ba hlafunang betel-nut le ba lemang kokonate, hammoho le ba batlang liperela leoatleng le Koung ea Persia. A ntan’o tsamaea ka tsela e matsoelintsoeke ho ea India—a feta Egepeta, Syria le Anatolia (Turkey); a tšela Leoatle le Letšo; a potoloha karolo e ka leboea ea Leoatle la Caspian; a ntan’o theosetsa moo kajeno ho thoeng ke Kazakhstan, Uzbekistan, Afghanistan le Pakistan.
O Tloha India o ea Chaena
Ha a le India, Ibn Battuta o ile a qeta lilemo tse robeli a sebeletsa e le qadi ea morena oa Delhi. Kaha morena eo o ne a tseba hore Ibn Battuta o rata ho hahlaula, o ile a mo roma ho moemphera oa Chaena oa Momongolia ea bitsoang Togon-temür. Ha a fihla ho eena, o ne a lokela ho mo fa mpho e neng e akarelletsa “lipere tse lekholo tsa boleng bo holimo, makhoba a lekholo a makhooa, banana ba lekholo ba Mahindu ba tantšang le ba binang, masela a sekete le makholo a mabeli a mefuta e sa tšoaneng, likandelare le likotlolo tsa khauta le tsa silevera, liaparo tsa silika, likatiba, likhohlopo, lisabole, litlelafo tse khabisitsoeng ka liperela le maqhalaha a leshome le metso e mehlano.”
Ha Ibn Battuta a le koung ea Calicut e ka boroa ho India, o ile a bona likepe tse ngata tsa barekisi tse tsamaeang ka tsela eo a neng a rerile ho tsamaea ka eona ha a ea Chaena. Likepe tseo li ne li e-na le liseile tse ka bang 12, kaofela ha tsona li entsoe ka lehlaka la bamboo, li e-na le basebetsi ba ka bang 1 000—basesisi ba 600 le banna ba 400 ba hlometseng. Ibn Battuta o re ba malapa a basesisi ba ne ba lula ka likepeng tseo, ’me “ba [lema] meroho le ginger ka libateng tsa lehong.”
Ho robeha ha sekepe ho ile ha sitisa Ibn Battuta ho phetha thomo ea hae ea ho ea Chaena. Ho e-na le hoo, o ile a sebeletsa ’musisi oa Momosleme oa Maldives ’me ke eena motho oa pele oa hore a hlalosetse batho ba libakeng tse ling meetlo e etsoang ke batho ba moo. Qetellong o ile a fihla Chaena. Le hoja ha a le moo a ile a bona lintho tseo a lumellanang le tsona, o ile a boela a bona lintho tse neng li le khahlanong le lithuto tseo a li lumelang. Lintlha tse seng kae tseo a li tlalehileng ka Chaena li etsa hore ba bang ba belaelle taba ea hore o ile libakeng tse ngata moo joalokaha eena a bolela. Mohlomong o ile feela likoung tse karolong e ka boroa ea Chaena.
Mesarelo ha a le Tseleng e Eang Hae
Ha a le Damaseka, Ibn Battuta o ile a utloa hore e se e le lilemo tse 12, mora oa hae eo a mo siileng lilemong tse ka bang 20 tse fetileng a hlokahetse le hore ho se ho fetile lilemo tse 15, ntate oa hae ea neng a lula Tangier, le eena a hlokahetse. Ka nako eo e ne e le ka 1348, ’me lefu la seoa le hlasetse Bochabela bo Hare. Ha e le hantle, Ibn Battuta o ile a tlaleha hore seoa seo se ne se bolaea batho ba 21 000 ka letsatsi, Cairo!
Selemo hamorao, mohahlauli eo ea lilemo li 45, o ile a fihla Morocco, ’me ha a fihla a utloa hore ’mè oa hae o bolailoe ke seoa seo likhoeling tse seng kae tse fetileng. Ha a tloha lapeng o ne a le lilemo li 21. Na lilemo tse 24 tseo a li qetileng a hahlaula li ile tsa khotsofatsa takatso ea hae ea ho ithuta lintho tse ncha? Ha ho bonahale joalo, kaha nakoana ka mor’a moo o ile a ea Spain. Lilemo tse tharo hamorao, o ile a nka leeto la ho qetela, le ileng la mo lebisa Nōkeng ea Niger le motseng oa Tombouctou (Timbuktu), o naheng ea Afrika eo kajeno e tsejoang ka hore ke Mali.
O Laeloa Hore a Ngole Tlaleho ea Hae
Ha morena oa Fez e Morocco a utloa ka libaka tseo Ibn Battuta a ileng ho tsona, o ile a mo laela hore a ngolle lekhotla tlaleho e khathollang ’me a mo fa mongoli, e leng Ibn Juzayy. Likopi tsa tlaleho eo ha li ea ka tsa ajoa ka bongata ka Searabia, ’me tlaleho eo e ile ea qala ho fetoleloa lipuong tse buuoang linaheng tsa Bophirimela ka mor’a hore e sibolloe ke litsebi tsa Europe tsa lekholong la bo19 la lilemo.
Ibn Juzayy o re tlaleho eo ke khutsufatso ea maeto a mohahlauli eo, empa ho bonahala eka mongoli oa eona o tsamaile a fetola litaba kae-kae. Leha ho le joalo, tlaleho eo e fana ka boitsebiso bo re thusang ho utloisisa bophelo, tsamaiso ea khoebo, meetlo, bolumeli le lipolotiki linaheng tseo Ibn Battuta a ileng ho tsona, ka ho khetheha linaha tsa Boislamo tsa boholo-holo.
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Setšoantšo sa al-Wasiti sa lekholong la bo13 la lilemo, se bontšang balumeli ba Maislamo ba boholo-holo ba le leetong la bolumeli
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Scala/White Images/Art Resource, NY
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Atlelase ea Catalonia ea 1375, e bontšang karolo ea libaka tseo Ibn Battuta a ileng ho tsona
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Snark/Art Resource, NY