Mohlehlo oa Liphoofolo Tse Phelang Maoatleng
Na o Entsoe?
● Bo-rasaense ba qetile lilemo tse mashome ba sa utloisise hore na ke’ng se thusang li-dolphin, ho sesa lik’hilomithara tse ka bang 40 ka hora. Ba ne ba nahana hore liphoofolo tsena ha li na mesifa e ka li thusang hore li etse seo. Empa li-dolphin li na le sephiri, ’me ntho e ’ngoe e li thusang ke mohlehlo, e leng lera le nang le metsoako e rarahaneng le boetseng le fumanehang ka tlas’a letlalo la li-porpoise, maruarua le liphoofolo tse ling tsa maoatleng.
Ak’u nahane: New World Encyclopedia e re: “Mohlehlo ke lera le morumo le nang le lisele tse ngata tse hlophisitsoeng hantle tse bileng li leng mafura.” Mohlehlo o fumaneha hoo e batlang e le likarolong tsohle tsa ’mele oa liphoofolo tsena, ’me “litšika le mesifa e hlophisitsoeng hantle e bōpehileng joaloka fene e o tšoarelletse ka thata mesifeng le masapong a tsona.” Mesifa eo eona e entsoe ka likaroloana tse sarolohang le ka protheine e boetseng e fumanehang letlalong le masapong. Ka hona, mohlehlo hase lera feela le sireletsang liphoofolo tsena mochesong le serameng. O kopantse lisele tse sa tšoaneng tse rarahaneng.
Empa mohlehlo o thusa joang li-dolphin le li-porpoise ho sesa ka lebelo—kaha li-Dall porpoise li sesa lik’hilomithara tse ka bang 56 ka hora? Har’a tse ling, mohlehlo o etsa hore liphoofolo tsena li be le sebōpeho se li thusang ho sesa habonolo. Hape mohlehlo o pakeng tsa mohatla le lepheoana o tšoeroe ke likaroloana tse sarolohang tse bileng li leng morumo—e leng se etsang hore mohatla o tenyetsehe habonolo ’me o boloke matla a li thusang ho sesa. Ka hona, ha mesifa e isa mohatla ka lehlakoreng le leng, mohlehlo o sebetsa joaloka seporing, o thusa ho o khutlisa, ’me ka bobeli li thusa phoofolo ho sesa le ho baballa matla.
Mohlehlo o boetse o li thusa ho phaphamala le ho li sireletsa mochesong le serameng. Mafura a ’ona a boloka lijo tse li matlafatsang nakong ea tlala. Ka ho utloahalang, mohlehlo o hapile thahasello ea ba lekang ho ntlafatsa likepe le tsela eo li sesang ka eona.
U nahana’ng ka see? Na mohlehlo oo o nang le likarolo tse ngata tse hlollang o bile teng ka tšohanyetso? Kapa na o entsoe?
[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 17]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Likaroloana tsa lera
Likaroloana tse sarolohang tse tšoereng mohlehlo