Manazi a Hlōlehile ho Mphetola
Joalokaha ho boletse Hermine Liska
TSELA e sireletsehileng eo ke hōtseng ka eona e ile ea fetoha ka tšohanyetso ka 1938, ha Adolf Hitler le mokha oa hae oa Manazi a nka marapo a puso naheng ea heso ea Austria. Ka mor’a nakoana, ’na le bana ba bang ba sekolo re ile ra laeloa hore re etse salute ea “Heil Hitler,” re bine lipina tsa Manazi le hore re kene mokhatlong oa Bacha ba Hitler. Ke ile ka hana ke tiile ho etsa lintho tsena. E-re ke hlalose lebaka la seo.
Ke hōletse polasing ea St. Walburgen e Carinthia, Austria le bo-abuti ba ka ba bane. Batsoali ba ka e ne e le Johann le Elisabeth Obweger. Ka 1925, Ntate e ile ea e-ba Bibelforscher, kapa Seithuti sa Bibele, e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li tsejoa kateng. ’Mè o ile a kolobetsoa ka 1937. Ho tloha bongoaneng, ba ile ba nthuta melao-motheo ea Bibele ’me ba nthusa hore ke rate Molimo le lintho tseo a li bōpileng. Ka mohlala, ba ile ba mpontša hore ho fosahetse ho fa motho leha e le ofe tlhompho ea borapeli. Jesu Kreste o ile a re: “Ke Jehova Molimo oa hao eo u tla mo rapela, ’me ke eena feela eo u tla mo etsetsa tšebeletso e halalelang.”—Luka 4:8.
’Mè le Ntate ba ne ba rata baeti haholo. Lelapa leso la batho ba supileng le ne le eteloa ke baeti ba bangata le bile le lula le batho ba ’maloa ba sebetsang polasing. Re ne re atisa ho bina—e leng mokhoa o ntseng o tloaelehile mona Carinthia—re bile re buisana ka lintho tse ngata tse thahasellisang tse ka Bibeleng. Ke ntse ke hopola ka thabo hore Sontaha se seng le se seng hoseng, lelapa leso le ne le khobokana hammoho ho ithuta Bibele.
Tokoloho ea Fela, ho Qala Tšabo
Jeremane e ile ea hapa Austria ha ke le lilemo li ka bang robeli. Ho tloha ka nako eo, khatello ea hore re etse seo mokha oa Manazi o se laelang e ile ea eketseha, ’me ka mor’a nakoana baahi bohle ba laeloa hore ba lumelisane ka ho etsa salute ea “Heil Hitler.” Ke ile ka hana ho etsa seo hobane ho re “heil” ka Sejeremane ho bolela “poloko,” ’me ke ne ke sa tl’o re poloko e tsoa ho Hitler! Ke ne ke tseba hore Jesu Kreste ke Mopholosi oa ka. (Liketso 4:12) Matichere le bana ba sekolo ba ne ba lula ba ntšoma ka lebaka la qeto eo ke e entseng. Ha ke le lilemo li 11, mosuoe-hlooho oa sekolo sa mathomo seo ke neng ke kena ho sona, o ile a re: “Hermine, ke tlil’o u khutlisetsa sehlopheng sa pele. Ke sitoa ho mamella ngoana ea manganga joaloka uena tjena ka tlelaseng ea ka!”
Kaha ’na le bo-abuti ba ka re ne re hana ho thoholetsa Hitler, Ntate o ile a bitsetsoa khotla. O ile a laeloa hore a saene tokomane e bontšang hore o latola tumelo ea hae. Tokomane eo e ne e boetse e bontša hore o tla ruta bana ba hae lithuto tsa Manazi. Kaha Ntate o ile a hana ho e saena, batsoali ba ka ba ile ba amohuoa tokelo ea ho re hōlisa, eaba ’na ke isoa setsing sa thupelo se lik’hilomithara tse ka bang 40 ho tloha lapeng.
Ka mor’a nakoana ke ile ka qala ho hloloheloa lapeng, kahoo ke lula ke lla. Ka nako eo, motsamaisi oa setsi seo o ne a leka ho nqobella hore ke kene mokhatlong oa Bacha ba Hitler, empa ka hana. Banana ba bang ba ile ba leka ho phahamisa letsoho la ka le letona nakong eo ho lumelisoang folakha ea Manazi, empa ba hlōleha. Ke ne ke ikutloa joaloka bahlanka ba Molimo ba boholo-holo, ba ileng ba re: “Ke ho sa utloahaleng hore re tlohele Jehova e le hore re sebeletse melimo e meng.”—Joshua 24:16.
Batsoali ba ka ba ne ba thibetsoe ho nketela. Leha ho le joalo, ba ile ba fumana litsela tsa ho kopana le ’na ka sekhukhu ha ke ea sekolong le ha ke le sekolong. Ho kopana le bona ka nakoana eo ho ile ha nkhothatsa haholo hore ke lule ke tšepahala ho Jehova. Ka le leng ha ke kopana le bona, Ntate o ile a mpha Bibele e nyenyane, eo ke ileng ka e pata ka hloko betheng ea ka. Ke ne ke thabela ho e bala, le hoja ke ne ke tlameha ho e bala ka sekhukhu. Ha e le hantle, ka letsatsi le leng ke ile ka batla ke tšoaroa, empa ka pata Bibele eo ka potlako ka likobong.
Ke Isoa Lehaeng la Baitlami
Kaha boiteko bohle ba ho ntšokolla bo ne bo hlōlehile, ba boholong ba ile ba belaella hore batsoali ba ka ba ntse ba e-na le tšusumetso ho ’na. Kahoo, ka September 1942, ba ile ba nkenya tereneng ba nkisa Munich, Jeremane, moo ke ileng ka isoa sekolong sa Mak’hatholike se bitsoang Adelgunden, seo e neng e boetse e le lehae la baitlami. Ha ke fihla moo, baitlami ba ile ba bona Bibele ea ka ’me ba nkamoha eona.
Leha ho le joalo, ke ne ke ikemiselitse ho khomarela tumelo ea ka, kahoo ka hana ho ea litšebeletsong tsa kereke. Ha ke bolella moitlami e mong hore batsoali ba ka ba ne ba tloaetse ho mpalla Bibele ka Sontaha, o ile a etsa ntho e ’ngoe e ileng ea ’makatsa. O ile a khutlisa Bibele ea ka! Kamoo ho bonahalang kateng, taba eo e ile ea mo ama maikutlo. Ha e le hantle, o ile a ba a re ke mo balle Bibele.
Ka lekhetlo le leng, tichere e ’ngoe e ile ea re ho ’na: “Hermine u lekhooa le mahlo a hao a maputsoa. U Mojeremane, eseng Mojuda. Jehova ke Molimo oa Bajuda.”
Ke ile ka mo araba, ka re: “Empa Jehova ke eena ea entseng lintho tsohle. Ke ’Mōpi oa rōna kaofela!”
Mosuoe-hlooho le eena o ile a leka ho nkhatella. Ka lekhetlo le leng o ile a re: “Mamela mona Hermine, abuti oa hao e mong o kene bosoleng. O u behetse mohlala o motle hakaakang hore u o latele!” Ke ne ke tseba hore abuti oa ka e mong o kene bosoleng, empa ke ne ke sa ikemisetsa ho latela mohlala oa hae.
Ke ile ka re: “Ha ke molateli oa abuti oa ka. Ke molateli oa Jesu Kreste.” Ka mor’a moo, mosuoe-hlooho eo o ile a ntšokela ka hore o tl’o nkisa sepetleleng sa bakuli ba mafu a kelello, a ba a laela moitlami e mong hore a itokisetse ho nkisa moo. Leha ho le joalo, ha aa ka a etsa seo.
Lehlabuleng la 1943, Munich e ile ea hlaseloa ka libomo ’me bana ba sekolo sa Adelgunden ba isoa sebakeng se ka thōko. Nakong eo ke ne ke atisa ho nahana ka mantsoe ao ’Mè a neng a mpolelle ’ona, a reng: “Leha re ka arohana ’me ua se ke ua fumana mangolo ao ke u ngoletseng ’ona, hopola hore Jehova le Jesu ba tla ba le uena. Ba ke ke ba u lahla le ka mohla. Kahoo lula u rapela.”
Ke Lumelloa ho ea Hae
Ka March 1944, ke ile ka khutlisetsoa Adelgunden, moo re neng re qeta boholo ba nako—bosiu le motšehare—re le sebakeng se sirelelitsoeng, kaha Munich e ne e hlaseloa ka libomo. Ka nako eo, batsoali ba ka ba ne ba lula ba kōpa hore ke khutlisetsoe ho bona. Qetellong, kōpo ea bona e ile ea amoheloa, ’me ka khutlela lapeng mafelong a April 1944.
Ha nako ea hore ke il’o salisa mosuoe-hlooho hantle e fihla, o ile a re: “U re ngolle ha u fihla hae, Hermine. ’Me u tsoele pele u le kamoo u leng kateng.” Ruri o ne a fetohile! Ke ile ka utloa hore ha ke qeta ho tsamaea, banana ba robong le baitlami ba bararo ba ile ba bolaoa tlhaselong ea bomo. Ka sebele, ntoa e baka masisa-pelo!
Ka lehlakoreng le leng, ke ile ka thabela ho boela ke kopana le ba lelapa leso. Ka May 1944, ha ntoa e ntse e kupa, ke ile ka kolobeletsoa ka bateng ho tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Jehova. Ha ntoa e lala ka 1945, ke ile ka kenela tšebeletso ea nako e tletseng, ke labalabela ho bolella ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, e leng oona tšepo feela ea hore batho ba tla ba le khotso le tšireletseho ka ho sa feleng.—Matheu 6:9, 10.
Ka 1950, ke ile ka kopana le mohlankana e mong ea bitsoang Erich Liska, ea neng a etela liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova Vienna, Austria. Re ile ra nyalana ka 1952, ’me ka qeta nakoana ke tsamaea le Erich ha a etela liphutheho ho li matlafatsa moeeng.
Ngoana oa rōna oa letsibolo o ile a hlaha ka 1953, ’me ha latela ba bang ba babeli. Ka lebaka la boikarabelo ba rōna bo eketsehileng, re ile ra khaotsa ho ba tšebeletsong ea nako e tletseng e le hore re hōlise bana. Ke ithutile hore haeba u khomarela Molimo, a ke ke a u soetsa le ka mohla, empa o tla u matlafatsa. Ha ho mohla a kileng a ntšoetsa. Jehova e ’nile ea e-ba mohloli oa matšeliso le matla ho ’na ka ho khetheha ho tloha ha monna oa ka a hlokahala ka 2002.
Ha ke nahana ka lintho tse etsahetseng bophelong ba ka, ke ananela haholo hore ebe batsoali ba ka ba ile ba nthuta ke sa le monyenyane ho rata Molimo le Lentsoe la hae le ngotsoeng, e leng mohloli oa bohlale ba ’nete. (2 Timothea 3:16, 17) Empa ka holim’a tsohle, ke leboha Jehova, ea tsoelang pele ho mpha matla a ho sebetsana le liteko tseo ke tobanang le tsona bophelong.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 19]
“Ha ke molateli oa abuti oa ka. Ke molateli oa Jesu Kreste”
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Ke na le ba lelapa leso polasing eso e St. Walburgen
[Litšoantšo tse leqepheng la 19]
Batsoali ba ka, e leng Elisabeth le Johann Obweger
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Both photos: Foto Hammerschlag
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
’Na le monna oa ka, Erich