Tsa Mona le Mane
Ho fumanoe hore lihlahisoeng tse 5 296 tse hlahlobiloeng Canada le United States ’me ho thoe ha li senye tikoloho, tse etsang karolo ea 95 lekholong “ha ho na bopaki bo tšehetsang taba ea hore ha li senye tikoloho.”—TIME, U.S.A.
Basebetsi ba tšireletso boema-fofaneng ba machaba ba Bangkok “ba ile ba belaetsoa ke ntho e ’ngoe” ha ba hlahloba thoto ea mosali e mong oa moeti ka mochine oa X-ray. Ha ba bula mokotla o mong oa hae, ba ile ba fumana lelinyane le phelang la nkoe le robalitsoe ka lithethefatsi.—WORLD WILDLIFE FUND, THAILAND.
Lintho Tsa Mefuta-futa Tse Phelang Amazonia
Sebaka se haufi le Nōka ea Amazon ke se seng sa libaka tseo ho tsebahalang hore ho phela lintho tsa mefuta-futa ho sona lefatšeng. Tlaleho ea Letlōle la Lefatše la Liphoofolo le Limela Tsa Naha e re lilemong tse fetang leshome tse fetileng, ho sibolotsoe le ho behoa ka mahlopho mefuta e fetang 1 200 ea limela le liphoofolo, tse kang litlhapi, lihahabi, linonyana le liphoofolo tse anyesang. Sena se bolela hore ka karolelano, ka mor’a matsatsi a mang le a mang a mararo, ho sibolloa semela kapa phoofolo Amazonia. Sarah Hutchison, eo e leng mohokahanyi oa mokhatlo oo Brazil, o re: “Lenane la limela le liphoofolo tse sibolloang moo lea hlolla, ’me ha le kenyelletse la likokoanyana tse ntseng li sibolloa.”
Basebetsi ba Imetsoeng Kelellong
Motho a le mong ho ba bahlano ba Finland o nahana hore o sitoa ho sebetsa hantle mosebetsing ka lebaka la ho thatafalloa ho tsepamisa mohopolo le ho hopola lintho. Ho ea ka tlaleho ea Mokhatlo oa Finland oa Occupational Health, mathata ana a eketseha ho batho ba ka tlaase ho lilemo tse 35, e leng nakong eo e lokelang hore ebe boko bo sebetsa hantle le ho feta. Har’a lisosa tse ling ho nahanoa hore ke boitsebiso bo bongata bo fanoang le liphetoho tse ngata tse etsahalang lik’homphieutheng. Moprofesa Kiti Müller o re: “Batho ba bangata ba nka hore ba fuoa boitsebiso bo bongata hoo ba thatafalloang ho tseba boo ba bo hlokang mosebetsing oa bona.” Helsinki Times eona e re: “Haeba re qeta nako e telele re imetsoe kelellong, boko bo tloaela boemo boo ’me bo ka ’na ba se ke ba hlola bo re hlokomelisa ha re le tlas’a khatello e matla. Kahoo, qetellong rea kula.”
Na ho Nahana ka Lipapali Tsa Video ho Etsa Hore Batho ba be Mabifi?
Motho o qeta nako e kae a le mabifi ka mor’a hore a bapale lipapali tsa video tse hlahisang liketso tse mabifi? Bafuputsi ba ile ba khetha liithuti tsa banana le bashanyana hore li bapale lipapali tsa video ka metsotso e 20, tse ling li bapala lipapali tse mabifi ha tse ling tsona li ne li bapala tse seng mabifi. Ka mor’a moo, ba etsang halofo sehlopheng ka seng ba kōptjoa hore ba nahane ka se etsahalang papaling eo ba e bapetseng. Tlaleho e re: “Ka le hlahlamang, liithuti tseo li ile tsa hlōlisana le motho eo li neng li nahana hore li qothisana lehlokoa le eena ’me li nahana hore kotlo e tla fuoa ea tla hlōloa, ke hore a kenye li-headphone ebe mohlōli o mo etsetsa lerata le thibang litsebe.” Ho ile ha hlokomeloa hore bashanyana ba neng ba boleletsoe hore ba nahane ka lipapali tse mabifi tseo ba li bapetseng ba ne ba le mabifi le ho feta. Joalokaha makasine ea Social Psychological and Personality Science e tlaleha, batsamaisi ba phuputso eo ba re: “Hangata batho ba bapalang lipapali tsa video tse mabifi, ba qeta metsotso e fetang 20 ba li bapala ’me ba atisa ho nahana ka tsona ka mor’a moo.” Ho ne ho se na phetoho e kaalo ho banana, kaha ba bangata ha ba rate lipapali tse mabifi.