Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/11 maq. 27-31
  • Se Ka Tšohloang ke Lelapa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Se Ka Tšohloang ke Lelapa
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke’ng e sa Tšoaneng Litšoantšong Tsee?
  • Li Bokelleng ’me le Ithute
  • Batho ba Libakeng Tse Ling
  • Bana Batlang Litšoantšo
  • LIKARABO BAKENG SA LEQEPHE LA 30 LE LA 31
  • Se ka Tšohloang ke Lelapa
    Tsoha!—2011
  • Se ka Tšohloang ke Lelapa
    Tsoha!—2012
  • Se ka Tšohloang ke Lelapa
    Tsoha!—2012
  • Se ka Tšohloang ke Lelapa
    Tsoha!—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 9/11 maq. 27-31

Se Ka Tšohloang ke Lelapa

Ke’ng e sa Tšoaneng Litšoantšong Tsee?

Na le ka bolela hore na ke lintho life tse tharo tse sa tšoaneng setšoantšong sa A le sa B? Ngolang likarabo meleng e ka tlaase mona ’me le qetele litšoantšo tsena ka ho li taka.

NTLHA E THUSANG: Balang Exoda 25:23, 30, 31, 37; 30:1-7; Levitike 24:5, 6.

1. ․․․․․

2. ․․․․․

3. ․․․․․

4. Ke setšoantšo sefe se nepahetseng, na ke sa A kapa ke sa B?

SE KA TŠOHLOANG:

Baprista ba ne ba lokela ho etsa’ng pele ba sebeletsa ka tabernakeleng?

NTLHA E THUSANG: Balang Exoda 30:17-21.

Haeba u batla ho thabisa batsoali ba hao le Jehova, ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u hloeke? Ho phaella tabeng ea ho hloeka ’meleng, u ka hloeka hokae hape?

NTLHA E THUSANG: Balang 1 Bakorinthe 6:9-11; 2 Bakorinthe 7:1.

SE KA ETSOANG KE LELAPA:

Kōpa e mong le e mong ka lapeng hore a etse lipatlisiso ka “Sebaka se Halalelang” sa tabernakele. (Baheberu 9:2) Ebe ka mor’a moo lea kopana ’me le buisana ka lintlha tseo le li hlokometseng.

NTLHA E THUSANG: Balang Pesaleme ea 119:105; 141:2; Matheu 4:4; Johanne 4:34; Tšenolo 8:4.

Li Bokelleng ’me le Ithute

E seheng, le e mene ’me le e boloke

KARETE EA BIBELE 9 JEREMIA

LIPOTSO

A. Jehova o ile a sebelisa Jeremia hore a ngole libuka life tse ’nè tsa Bibele?

B. ’Nete kapa bohata? Jeremia o ile a lula e le lesoha.

C. Qetella mantsoe ana a Jeremia: “Ka pelong ea ka [lentsoe la Molimo] la e-ba joaloka . . . ”

[Chate]

4026 B.C.E. 1 C.E. 98 C.E.

Adama oa bōptjoa O phetse lilemong Buka ea ho qetela ea

tsa bo-650 B.C.E. Bibele ea ngoloa

[’Mapa]

O ne a lula Jerusalema. O ile a ea Nōkeng ea Eufrate le Egepeta—Jeremia 13:1-9; 43:8-13

Jerusalema

Eufrate

EGEPETA

JEREMIA

PALE EA HAE EA BOPHELO

O ile a khetheloa ho ba moprofeta pele a tsoaloa. (Jeremia 1:1-5) Jeremia o ile a sebeletsa Molimo ka botšepehi ka lilemo tse fetang tse 65. Le hoja Jeremia a ne a nka hore ha a na phihlelo ebile a tšaba ho bua, Jehova o ile a re ho eena: “U se ke ua [tšoha] . . . , etsoe ‘ke na le uena ho u lopolla.’”—Jeremia 1:6-8.

LIKARABO

A. Marena a Pele le a Bobeli, Jeremia le Lillo Tsa Jeremia.

B. ’Nete.—Jeremia 16:1-4.

C. “. . . mollo o tukang o koaletsoeng masapong a ka.”—Jeremia 20:9.

Batho ba Libakeng Tse Ling

5. Lebitso la ka ke Geoffrey. Ke lilemo li robong ’me ke lula Fiji. Ho na le Lipaki Tsa Jehova tse kae Fiji? Na li 500, 2 500, kapa li 10 500?

6. Ke letheba lefe le bontšang moo ke lulang teng? Etsang selikalikoe ho lona, ebe le etsa letheba ho bontša moo le lulang teng, ’me le bone hore na le haufi hakae le Fiji.

A

B

C

D

Bana Batlang Litšoantšo

Na le ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosang ka mantsoe a lōna se etsahalang setšoantšong ka seng.

● Likarabo tsa “SE KA TŠOHLOANG KE LELAPA” li leqepheng la 27

LIKARABO BAKENG SA LEQEPHE LA 30 LE LA 31

1. Mabone a seluloaneng sa lebone.

2. Mahobe a pontšo.

3. Manaka a hlaheletseng aletareng ea libano.

4. A.

5. Tse 2 500.

6. D.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela