Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 12/11 maq. 20-31
  • Se ka Tšohloang ke Lelapa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Se ka Tšohloang ke Lelapa
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke’ng e sa Tšoaneng Litšoantšong Tsee?
  • Li Bokelleng ’me le Ithute
  • Batho ba Libakeng Tse Ling
  • Bana Batlang Litšoantšo
  • LIKARABO BAKENG SA LEQEPHE LA 30 LE LA 31
  • Se ka Tšohloang ke Lelapa
    Tsoha!—2012
  • Se ka Tšohloang ke Lelapa
    Tsoha!—2011
  • Se ka Tšohloang ke Lelapa
    Tsoha!—2012
  • Se Ka Tšohloang ke Lelapa
    Tsoha!—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 12/11 maq. 20-31

Se ka Tšohloang ke Lelapa

Ke’ng e sa Tšoaneng Litšoantšong Tsee?

Na le ka bolela hore na ke lintho life tse tharo tse sa tšoaneng setšoantšong sa A le sa B? Ngolang likarabo meleng e ka tlaase mona ’me le qetele litšoantšo tsena ka ho li taka.

NTLHA E THUSANG: Balang Esaia 6:1-8.

1. ․․․․․

2. ․․․․․

3. ․․․․․

4. Ke setšoantšo sefe se nepahetseng, na ke sa A kapa ke sa B?

SE KA TŠOHLOANG:

Esaia o ne a e-na le moea ofe o motle? U ka bontša joang hore u na le moea oa boikokobetso le oa ho ithaopa?

NTLHA E THUSANG: Balang Pesaleme ea 110:3; Matheu 28:19, 20.

SE KA ETSOANG KE LELAPA:

Kōpa e mong le e mong ka lapeng hore a etse lipatlisiso tsa hore na mangeloi a phetha karolo efe. Ebe ka mor’a moo lea kopana ’me le buisana ka lintlha tseo le ithutileng tsona. Ka mohlala, ke mesebetsi efe eo mangeloi a e phethang?

NTLHA E THUSANG: Balang Pesaleme ea 34:7; Baheberu 1:14; Tšenolo 14:6, 7.

Na mangeloi a hlophisehile?

NTLHA E THUSANG: Balang Pesaleme ea 103:19-21.

Na mangeloi a ikokobelitse ’me a ikemiselitse ho thusa ba bang?

NTLHA E THUSANG: Balang Baahloli 13:17, 18; Luka 22:43; Tšenolo 22:8, 9.

Li Bokelleng ’me le Ithute

E seheng, le e mene ’me le e boloke

KARETE EA BIBELE 12 ESAIA

LIPOTSO

A. Ke mang ea ileng a tsamaea le Esaia ho ea isa molaetsa ho Morena Akaze?

B. Ha Jehova a botsa a re: “Ke tla roma mang?” Esaia o ile a arabela joang?

C. Esaia o ile a bolela esale pele a re: “Ka sebele lefatše le tla tlala . . . ”

[Chate]

4026 B.C.E. 1 C.E. 98 C.E.

Adama oa bōptjoa O phetse lilemong Buka ea ho qetela ea

tsa bo-700 B.C.E. Bibele ea ngoloa

[’Mapa]

O ne a lula Jerusalema

Jerusalema

ESAIA

PALE EA HAE EA BOPHELO

Moprofeta ea tšepahalang, ea ileng a etsa hore ho sebeletsa Molimo e be karolo ea lintho tseo lelapa le li etsang. O ile a ba behela mohlala o motle ka tsela eo a neng a etsa tšebeletso ea hae ka eona. Mosali oa hae o ne a bitsoa “moprofeta oa mosali.” (Esaia 7:3; 8:3, 18) Esaia o ile a sebeletsa Molimo ka lilemo tse ka bang 46. Lebitso la hae le bolela “Poloko ea Jehova.”

LIKARABO

A. Mora oa hae, Sheare-jashube.—Esaia 7:3.

B. “Ke ’na enoa! Roma ’na.”—Esaia 6:8.

C. “. . . tsebo ea Jehova.”—Esaia 11:9.

Batho ba Libakeng Tse Ling

5. Lebitso la ka ke Abigail ke lilemo li 9, ke na le Jeriah ea lilemo li 7. Re lula India. Ho na le Lipaki Tsa Jehova tse kae India? Na li 31 500, 59 600, kapa li 86 000?

6. Ke letheba lefe le bontšang moo re lulang teng? Etsang selikalikoe ho lona, ebe le etsa letheba ho bontša moo le lulang teng, ’me le bone hore na le haufi hakae le India.

A

B

C

D

Bana Batlang Litšoantšo

Na le ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosang ka mantsoe a lōna se etsahalang setšoantšong ka seng.

Le ka fumana lihlooho tse ling tsa “Se ka Tšohloang ke Lelapa,” mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.jw.org

● Likarabo tsa “SE KA TŠOHLOANG KE LELAPA” li leqepheng la 20

LIKARABO BAKENG SA LEQEPHE LA 30 LE LA 31

1. Lengeloi le na le mapheo a tšeletseng setšoantšong se seng empa ho se seng le na le a mane.

2. Lengeloi le tšoere matlao setšoantšong se seng empa sabole ho se seng.

3. Leshala le ama molomo oa Esaia setšoantšong se seng empa ho se seng le ama matsoho.

4. B.

5. Tse 31 500.

6. B.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 31]

La Voz de Galicia/Fotógrafo: Víctor Mejuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela