3. Pheha Lijo ’me U li Boloke ka Hloko
SEAPEHI se seng se sa tsotelleng sa Iseraele ea boholo-holo, se ile sa bokella maraka a naheng le hoja se ne ‘se sa a tloaela.’ Se ile sa kenya lijo tse sa tloaelehang sechung. Batho ba neng ba e-ja sechu seo, ba ne ba nahana hore e ka ’na eaba lijo tseo li na le chefo, ’me ba ile ba hooa ba re: “Ho na le lefu ka pitseng.”—2 Marena 4:38-41.
Joalokaha mohlala o ka holimo o bontša, re lokela ho qoba ho ja lijo tse phehiloeng ke motho ea sa tsotelleng, kaha li ka re kulisa kapa esita le ho re bolaea. Kahoo, e le hore u thibele maloetse a bakoang ke ho ja lijo tse silafetseng, ithute ho pheha lijo le ho li boloka ka hloko. Nahana ka litlhahiso tse ’nè tse latelang:
● U se ke ua qhibilisa nama thempereichareng ea ka tlung.
Lefapha la Temo la United States le re: “Ha u ntšitse [nama] ka sehatsetsing e le hore e qhibilihe, le hoja karolo ea eona e ka hare e ntse e le leqhoa, ho ka etsahala hore karolo e kantle e be kotsing, ha e le mochesong o pakeng tsa likhato tse ’nè le tse 60 tsa Celsius, moo libaktheria li ikatisang ka potlako.” Ho e-na le hoo, qhibilihisa lijo ka ho li beha karolong e sa bateng haholo ea sehatsetsi kapa u sebelise microwave kapa u li kenye ka metsing a batang li le ka sephutheloaneng se ke keng sa kena metsi.
● Butsoisa lijo ha u pheha.
Ho ea ka Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo, “ho butsoisa lijo ho bolaea hoo e ka bang likokoana-hloko tsohle tse kotsi.” Ha u pheha lijo, haholo-holo sopho kapa sechu, etsa bonnete ba hore mocheso oa tsona o fihla likhatong tse ka bang 70 tsa Celsius.a Kaha ho ka ba thata ho tseba mocheso o ka har’a lijo tse itseng, liapehi tse ngata li sebelisa thermometer e lekanyang mocheso o nameng.
● Ngoathela hang-hang.
Lijo tse phehiloeng ha lia lokela ho tloheloa nako e telele li sa lula ka sehatsetsing, kahoo ngoathela hang-hang e le hore li se ke tsa senyeha. Boloka lijo tse batang li bata le tse chesang li chesa. U ka boloka nama e chesang ka ontong mochesong oa likhato tse 90 tsa Celsius.
● Beha lijo tse setseng hantle.
Anita, e leng ’mè ea lulang Poland, o ngoathela lijo hang ha a qeta ho li pheha. O re: “Empa haeba ho e-na le lijo tse setseng, ke li hoamisa ka sehatsetsing hang-hang ke li arotse e le hore ho tle ho be bobebe ho li qhibilihisa.” Haeba u kentse lijo ka sehatsetsing, li je pele ho feta matsatsi a mararo ho isa ho a mane.
Ha u ea reschorenteng, u ja lijo tse phehiloeng ke batho ba bang. Kahoo, u ka sireletsa lelapa la hao joang ha le e-ja lijo tsa reschorenteng?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lijo tse ling tse kang nama ea khōhō, li hloka ho phehoa ka mocheso o phahameng.
[Lebokose le leqepheng la 6]
KOETLISA BANA: “Ha bana ba ka ba pheha, ke ba hopotsa hore ba bale le ho latela litaelo tse ngotsoeng sephutheloaneng sa lijo tseo ba li phehang.”—Yuk Ling, Hong Kong