1. E-ba Seli ha U Reka Lijo
HAEBA ha u jale, e ka ’na eaba u reka lijo ’marakeng kapa lebenkeleng le rekisang lijo. Ha u reka, u ka khetha le ho reka lijo tse nang le phepo e ntle, joang?
● Rera hore na u tla reka lijo tse itseng neng.
Lekhotla la Boitsebiso bo amanang le Tšireletso ea Lijo la Australia le eletsa ka ho re: “Qala ka ho reka lijo tse sa boleng. Reka lintho tse ling pele ’me u qetelle ka ho reka tse kenang ka sehatsetsing.” Hape, haeba u reka lijo tse sa tsoa phehoa, li late lebenkeleng ha u se u ea lapeng.
● Khetha lijo tse foreshe.
Leka ho reka lijo tse foreshe ha ho khoneha.a Ruth, e leng ’mè ea lulang Nigeria ea nang le bana ba babeli o re: “Ke tloaetse ho ea ’marakeng hoseng haholo ha lijo li sa le foreshe.” Elizabeth ea lulang Mexico le eena o reka ’marakeng. O re: “Ha ke le ’marakeng, ke khona ho reka litholoana le meroho e sa tsoa khuoa ’me ke ’na ea ikhethelang tsona. Ke tloaetse ho reka nama ea phoofolo e sa tsoa hlajoa. Haeba ke sa pheha nama kaofela, e setseng ke e kenya ka sehatsetsing.”
● Hlahloba lijo tseo u li rekang.
Ipotse: ‘Na makhapetla a litholoana kapa a meroho eo ke batlang ho e reka a senyehile? Na nama eo ke e rekang e na le lephoka le sa tloaelehang?’ Haeba u reka lijo tse tlang li phuthetsoe, hlahloba sephutheloana sa tsona. Liphutheloana tse phunyehileng li ka etsa hore baktheria e chefo e kene lijong.
Chung Fai, ea rekang lijo lebenkeleng le rekisang lijo Hong Kong, o re: “Ho boetse ho hlokahala hore u hlahlobe letsatsi leo lijo tseo li tla senyeha ka lona.” Hobane’ng? Litsebi li lemosa hore le hoja lijo tse “feletsoeng ke nako” li ka bonahala li lokile, tsa nkha le ho latsoeha hamonate, li ntse li ka u kulisa.
● Li pake ka tsela e nepahetseng.
Haeba u sebelisa mokotlana kapa ’manki oa polasetiki ha u reka, itloaetse ho o hlatsoa ka metsi a chesang a nang le sesepa. Kenya nama le tlhapi ka ’manking kapa ka mokotlaneng o ka thōko le lijo tse ling, e le hore li se ke tsa fumana likokoana-hloko.
Enrico le Loredana, e leng banyalani ba lulang Italy, ba reka lijo mabenkeleng a haufi le moo ba lulang teng. Ba re: “Ha re etsa joalo, re qoba ho reka lijo hōle haholo hoo li ka ’nang tsa senyeha.” Haeba ho tla u nka metsotso e fetang e 30 ho khutlela lapeng, kenya lijo tse batang kapa tse leqhoa ka mokotlaneng o bolokang lintho li bata, kapa u li boloke ka tsela e ’ngoe e le hore li lule li bata.
Sehloohong se latelang, u tla ithuta kamoo u ka bolokang lijo tsa hao li sireletsehile kateng, ha li se li le ka tlung.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sheba sehlooho se reng “Tsela ea 1—E-ja Hantle,” Tsoheng! ea March 2011
[Lebokose le leqepheng la 4]
KOETLISA BANA: “Ke ruta bana ba ka hore pele ba reka lijo leha e le life tse kentsoeng ka liphutheloaneng, tse kang lijo tse bobebe ba shebe sephutheloaneng sa tsona hore na li tla felloa ke nako neng.”—Ruth, oa Nigeria