4. Hlahloba Boemo ba Reschorente eo U Jelang ho Eona
Jeff, e leng monna ea lilemo li 38 ea mahlahahlaha le ea phetseng hantle, o ile a ea le lelapa la hae reschorenteng e haufi le Pittsburgh, Pennsylvania, U.S.A. Khoeli hamorao, Jeff o ile a shoa ka tšohanyetso a bolaoa ke lefu la sebete. Sesosa sa lefu e ne e le sefe? E ne e le eie e tala e lijong tsa hae—e neng e e-na le kokoana-hloko e bakang lefu la sebete.
NAHENG e ’ngoe ea Bophirimela, hoo e ka bang halofo ea chelete eohle e sebelisetsoang ho reka lijo, e sebelisoa lireschorenteng. Leha ho le joalo, naheng eona eo, halofo ea mafu a bakoang ke lijo tse silafetseng a amahanngoa le lijo tsa reschorenteng.
Ke ’nete hore haeba u khetha ho ja lijo tsa reschorenteng, motho e mong ke eena ea rekang lintho tse tl’o phehoa, ke eena ea hloekisang kichine le ea phehang. Leha ho le joalo, u ka iketsetsa qeto ea hore na u ja hokae, u ja eng le hore na u paka joang lijo tseo u eang ka tsona lapeng.
● Sheba sebaka se u potolohileng.
Daiane ea lulang Brazil o re: “Ha re kena ka reschorenteng ka lekhetlo la pele, ke sheba litafole, masela a litafole, likhaba le batho ba tsamaisang lijo hore na ba hloekile. Haeba ho sa hloeka, rea tsamaea ebe re batla reschorente e ’ngoe.” Linaheng tse ling, bahlokomeli ba bophelo bo botle ba hlahloba lireschorente kamehla e le hore ba bone hore na li hloekile, ebe ba maneha tlaleho eo ba e fumaneng moo e ka baloang ke batho bohle.
● E-ba seli haeba u nka lijo tse setseng.
Mokhatlo oa United States oa Tsamaiso ea Lijo le Lithethefatsi o fana ka keletso ena: “Haeba ho tla feta lihora tse peli pele u fihla hae ka mor’a hore u reke lijo tse phehiloeng [fihla pejana ho moo haeba mocheso o ka ntle o le ka holimo ho likhato tse 32 tsa Celsius], u se ke ua ea le tse setseng lapeng.” Haeba u nkile lijo tse setseng, e-ea hae ka ho toba ha u qeta ho ja, ebe u kenya lijo tseo ka sehatsetsing.
Haeba u latela mehato e mene e boletsoeng letotong la lihlooho tsena, u ka etsa hore lijo tsa hao li bolokehe.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]
KOETLISA BANA: “Re ruta bana ba rōna hore ba qobe lijo tseo ho sa bolokehang hore ba li je.”—Noemi, Philippines