Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/12 leq. 29
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2012
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho ba le Boitšoaro ho Lebisa Botsitsong
  • Ho Ruta Bakhanni ba Bohlasoa Thuto
  • Kamoo U ka Sebetsanang le Mathata a Sephethephethe
    Tsoha!—2007
  • Likotsi Tsa Likoloi—Na U Sireletsehile?
    Tsoha!—2002
  • Motsoako O Bolaeang
    Tsoha!—1991
  • Ho Khanna ka Polokeho—Ho Hlokahala ka ho Potlakileng
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 8/12 leq. 29

Tsa Mona le Mane

Rephabliking ea Georgia e karolong e ka boroa-bochabela ho Europe, “palo ea batho ba hlalanang e batla e imenne ka makhetlo a mabeli ha ho bapisoa le lilemong tse leshome tse fetileng.” Batho ba bangata ba hlalanang ba ka tlaase ho lilemo tse 20.—FINANCIAL, GEORGIA.

Ireland, bana ba etsang karolo ea 17 lekholong ba lilemo li 11 ho ea ho tse 16 “ba kile ba fana ka mabitso a bona a feletseng ho batho bao ba sa ba tsebeng Inthaneteng.” Ba etsang karolo ea leshome lekholong bona, ba ile ba boela ba fana ka “aterese ea bona ea e-mail, linomoro tsa selefouno kapa lifoto.”—MOKHATLO OA IRELAND OA THIBELO EA TLHEKEFETSO EA BANA.

Ke hoo e ka bang karolo ea bone feela lekholong ea meru e chang lefatšeng ka bophara, e iketsahallang ka tsela ea tlhaho. Maemong a mang, mello ena e qaloa ke batho—ebang ke ka ho se tsotelle kapa ka boomo.—PRESSEPORTAL, JEREMANE.

“Hoo e batlang e le motho a le mong ho batho ba leshome ba Amerika [ba lilemo li 12 kapa ho feta] o bolela hore kamehla o sebelisa lithethefatsi tse seng molaong, tse akarelletsang matekoane, k’hok’heine, lithethefatsi tse huloang ka linko kapa meriana e fumanoang ka tumello ea ngaka ebe ba e sebelisetsa ho ithabisa.”—USA TODAY, U.S.A.

Ho ba le Boitšoaro ho Lebisa Botsitsong

Makasine ea Time e re: “Liphuputso li bontša hore ha motho a se na boitšoaro ha a sa le mocha, seo se ka ’na sa bontša hore ha e se e le motho e moholo o tla kula, a be le mathata a lichelete le tlaleho ea hore o kile a tlōla molao.” Phuputso eo e ile ea etsoa ho batho ba ka holimo ho 1 000, ho tloha ha ba qeta ho tsoaloa ho fihlela ba e-ba le lilemo tse 32. Ho na le monyetla o imenneng ka makhetlo a mararo oa hore “batho ba neng ba le lepotlapotla ebile e le lifela peloana [ha e sa le bana]” ba bolele hore baa kula, ba fumana moputso o monyenyane, ba hōlisa bana ba le bang, kapa ba tlōtse molao, ha e se e le batho ba baholo. Makasine eo e phaella ka ho re: “Leha ho le joalo, motho a ka ithuta ho ba le boitšoaro, ha matichere le ba lelapa ba kenya letsoho e le hore ba rute bana boitšoaro ba sa le banyenyane, e leng ntho e ka etsang hore ba phele hantle haholoanyane le hore e be batho ba baholo ba tsitseng.”

Ho Ruta Bakhanni ba Bohlasoa Thuto

Ba boholong India ba leka litsela tse ncha tsa ho khalemela batlōli ba molao oa tsela ba kotsi ka ho fetisisa ka ho ba etsa hore ba sebetse joaloka mapolesa a sephethephethe. Morero ke ho thusa bakhanni bana hore ba lemohe hore na ho boima hakaakang ho rarolla mathata ao ba a bakang tseleng. Hona joale mapolesa a Gurgaon e ka leboea-bophirimela ho India, ha a sa emisa bakhanni ba bohlasoa e le hore a ba fe kotlo ea ho lefa chelete feela, ho e-na le hoo, bakhanni bao ba boetse ba tlameha ho thusa makosetabole ho laola sephethephethe ka nako e ka etsang halofo ea hora kapa ho feta. Bakhanni ba bang baa lumela hore thuto eo ba e fumaneng moo e fetotse tsela eo ba itšoarang ka eona. Bharti Arora, e leng motlatsi oa mokomishinara oa sepolesa sebakeng seo o re: “Letsatsi le letsatsi mona Gurgaon re fana ka [likotlo] tse likete tsa tlōlo ea molao oa tsela. Re ka ba le ‘makosetabole’ a eketsehileng a 1000 ka letsatsi.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela