Ho Khanna ka Polokeho—Ho Hlokahala ka ho Potlakileng
MABAPI le ho khanna ho ’nile ha boleloa hore “ha ho mosebetsi o mong o holofatsang le o utloisang bohloko,empa o ipatlela thupelo e fokolang feela le boikarabelo.” Na u kile ua lokela ho balehela koloi e tlang? U le motsamai oa maoto, mopalami, kapa mokhanni oa koloi, na u kile ua bona kotsi ea tseleng le ho ikutloa u amehile habohloko ka mafu a mangata a litseleng?
Brithani “palo ea batho ba tsamaeang ka maoto ba bolailoeng kapa ba tsoileng likotsi tse tšabehang e ’nile ea phahama ka lilemo tse hlano.”—The Times.
“Banna ba ka bang 4 000, basali le bana ba bolaoa litseleng tsa Canada . . . selemo se seng le se seng.”—The Toronto Star.
Ho tloha ka 1981 ho fihla ka 1985, likotsi tsa likoloi United States li bolaile batho ba 233 200.—The World Almanac, 1987.
“Koloi . . . e bolaea ho feta lefu la matšoafo, kankere, le lefu la pelo Rio de Janeiro [Brazil].”—O Estado de S. Paulo.
Sena se bolela eng tekanyetsong ea lefatše?
Ho Khanna—Tšenyehelo
Lefatšeng lohle, selemo se seng le se seng, ho lekanyetsoa hore ho shoa batho ba fihlang ho kotara ea millione ka lebaka la likotsi tsa tseleng! Ho ea ka The Toronto Star, “ba bangata ho feta ba bolaoang lintoeng, tlōlong ea molao, le likotsing tsa libaka tsa lifeme selemo ka seng.”
Brithani ho lekanyetsoa hore tšenyehelo ea lefu le leng le le leng la tseleng ke £252,000 (R864 000). Hobane’ng chelete e ngata hakaana? Kantle ho lekhetho leo ’muso o le fumanang ho motho eo, ho lahleheloa ke moputso, le tšenyeho ea thepa, ho na le litšenyehelo tsa ambulense, sepetlele, le litšebeletso tse ling. Ho se khanne ka polokeho ho hlahisa litšenyehelo tse khōlō ka sebele!
“Monyetla oa ho Bolaea”
Mongoli oa pele oa Lipalangoang tsa Naha Brithani, John Moore, o fumana ho “makatsa hore batho ba bang ba 5000 ba bolaoa selemo ka seng Brithani—empa ha ho na mantsoe a tletlebo likoranteng [le sechabeng sa Brithani].” Lihlopha tse ling tse hatellang polokeho tseleng li bolela hore ‘lefu le bakoang ke koloi le se le tla fetoha mokhoa o amoheloang.’
Ka ntle ho khaello ena e bonahalang ea ho ameha ka ba bang, ho na le sephetho se ke keng sa baleheloa: Tsela eo u khannang ka eona e ka etsa phapang pakeng tsa bophelo le lefu la e mong, eo ho ka etsahalang hore ke uena. Alex Miller, mohlahlobi e moholo oa ho khanna oa Sepolesa oa Strathclyde, Scotland, oa hlalosa: “Koloi e ’ngoe le e ’ngoe ke sebetsa se bolaeang se fang mokhanni monyetla oa ho bolaea.”
Joaloka mokhanni, sena se bolela eng ho uena? Ao ke mantsoe a susumetsang monahano, na ha ho joalo? Empa, batho ba bangata ba khannang ha ba a natse hakaalo, haholo-holo ba noang le ho khanna.
Ho tsoa Riphabliking e Kopaneng ea Jeremane ho tlalehuoa hore “ka 1984 ho bile le likotsi tsa tseleng tse 40 332 tseo ho tsona batho ba bolailoeng kapa ba holofalitsoeng le tse 20 000 tse akarelletsang ho senyeha ho kotsi ha thepa—tseo kaofela li kopanyelletsang bakhanni ba noeleng.” Brithani ho noa ho baka lefu le le leng ho a mang le a mang a mararo a tseleng.
Na lipalo-palo tse joalo li thibela bakhanni ba noang? E seng ho ea ka moemeli oa mapolesa oa Engelane ea hlalositseng: “Palo e khōlō ea bakhanni e ikemiselitse ho bea bona, malapa a bona le basebelisi ba bang ba tsela kotsing.” Moprofesara Robert Kendell oa Univesithi ea Edinburgh o boletse hore “hoo e ka bang karolo ea 10 lekholong ea banna ba [Brithani] e khanna likoloi bonyane hang ka beke ba noele ho feta tekanyetso ea molao [ea joala bo maling.]” Hona ho bolela eng, haeba hase boithati bo totobetseng?
Baetsi ba bang ba lino tse tahang Brithani ba leka ho fokotsa bothata bona ka ho hlahisa mekhoa ea ho tsamaisa batho ba tlileng lebenkeleng la joala. Mekhoa ena e akarelletsa libese le likoloi tse sebelisetsoang ho isa le ho khutlisa motho ea noeleng hoteleng eo a e ratang, ho sa tsotellehe ponahalo ea hae. Athe motheong oa sehlopha, bakhanni ba ’maloa ba ratang ho noa ba leka ho qoba kotsi ka ho rera e sa le pele hore na ke mang har’a bona ea tla isa sehlopha hae, le ho lumela hore o tla lula a hlaphohetsoe ka ho noa lino tse se nang tahi feela. Na boiteko bona, bo tlotlehang ka bobona, bo ka atleha? Litlaleho ho Glasgow Herald li bolela hore boiteko boo “ha boa lekana ho fokotsa ho noa le ho khanna ka tsela leha e le efe e bonahalang.”
Joale, karabo ke efe bothateng ba mokhanni ea noeleng? “Qetellong re lokela ho etsa ho noa le ho khanna lira tse sa amoheloeng sechabeng,” ho qetella mookameli oa mapolesa oa Warwickshire, Peter Joslin, a phaella: “Keletso ea rōna feela ke hore: ‘U se ke ua noa le ho khanna.’”
Na ee ke keletso e utloahalang? Linaha tse ling li tiisa marapo a melao ea tsona ea tseleng, le ho lefisa bakhanni ba noeleng chelete e ngata haholo. Molao oa Sweden o fa mapolesa matla a ho amoha mokhanni ea kotsi koloi, joaloka ha a ne a tla amoha senokoane se mabefi thipa kapa sethunya. Ho tlalehiloe hore Mokhatlo oa Baahloli ba Molao oa Brithani o tšehetsa molao o thibelang bakhanni bao liteko li bontšang hore moea oa bona o na le tahi e ngata maling ’me ho hlakile hore ba ka etsa liphoso hape le ho hlahella ka pel’a lekhotla.
Leha ho le joalo, ho na le ho hongata ka ho khanna ka polokeho ho feta feela ho lula u hlaphohetsoe.
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Lefatšeng lohle, selemo se seng le se seng, palo ea ba shoang likotsing tsa tseleng lefatšeng lohle e feta palo ea baahi ba Iceland