Likotsi Tsa Likoloi—Na U Sireletsehile?
“Ke na le tlaleho e ntle ea ho khanna, kahoo ha ho hlokahale hore ke khathatsehe ka ho hlaheloa ke kotsi ea koloi.” “Likotsi tsa likoloi li hlahela bakhanni ba bacha le ba bohlasoa.” Batho ba bangata ba nahana hore ba ke ke ba hlaheloa ke likotsi tsa likoloi. Na ke ka tsela eo u ikutloang ka eona? Ha ho tluoa likotsing tsa likoloi, na ke ’nete hore li ke ke tsa u hlahela?
LIPALO-PALO li bontša hore haeba u phela naheng e tsoetseng pele, menyetla ea hore u hlaheloe ke kotsi ea koloi bonyane hang e mengata bophelong. Ho batho ba bangata, likotsi tse joalo e ba tse bolaeang. Lefatšeng ka bophara, ho shoa batho ba fetang halofo ea milione likotsing tsa likoloi selemo le selemo. Mohlomong ba bangata ba shoeleng likotsing tsa likoloi selemong se fetileng ba ne ba nahana hore ha ho mohla li tla ba hlahela. Ke eng seo u ka se etsang ho fokotsa menyetla ea ho ameha kotsing ea koloi? Ho ho thibela ke habohlokoa. Ak’u nahane kamoo u ka qobang kateng likotsi tse bakoang ke ho otsela le liphello tsa botsofali.
Mokhanni ea Otselang
Litsebi tse ling li bolela hore mokhanni ea otselang o kotsi ho tšoana le mokhanni ea khannang a tahiloe. Litlaleho li bontša hore likotsi tse ngata li bakoa ke ho otsela. Morao tjena Fleet Maintenance & Safety Report e boletse hore selemong se le seng, Norway, ho tlalehoa mokhanni a le mong ho ba 12 a robala ha a ntse a khanna. Ho ea ka The Star ea Johannesburg, Afrika Boroa, karolo ea boraro ea likotsi tsohle tsa ho thulana ha likoloi ho etsahalang naheng eo ho bakoa ke bakhanni ba khannang ba khathetse. Litlaleho tse tsoang linaheng tse ling li senola hore mokhathala o ama bakhanni hohle. Ke hobane’ng ha ho e-na le bakhanni ba bangata hakaale ba robalang ha ba khanna?
Mokhoa oa kajeno o phathahaneng oa bophelo o tlatsetsa bothateng bona. Makasine ea Newsweek haufinyane tjena e ile ea tlaleha hore e ka ’na eaba baahi ba Amerika ba “fokolitse nako ea ho robala ka hora le halofo ho feta mathoasong a lekholo lena la lilemo—’me ho bonahala bothata bona bo tla ’ne bo je setsi.” Hobane’ng? Makasine eo e ile ea qotsa setsebi sa tsa boroko Terry Young, ha a re: “Batho ba nka boroko joaloka thepa e rekoang eo ba ka itimang eona. Motho ea sebetsang lihora tse ngata a sa robale o nkoa e le mosebeletsi ea hloahloa le ea nang le bokhoni.”
Ho thoe motho ea itekanetseng o lokela ho robala lihora tse fetang tse tšeletseng le halofo ho isa ho tse robong bosiu ka bong. Haeba ba sa robale, batho ba ba le “sekoloto sa boroko.” Tlaleho e fanoeng ke Mokhatlo oa AAA oa Polokeho ea Sephethe-phethe e re: “Esita le ho fokotsa nako ea ho robala ka metsotso e 30 kapa e 40 bosiu bo bong le bo bong ka beke ho ka fella ka hore ha ho fihla mafelo-beke, motho a be a kolota boroko lihora tse tharo ho isa ho tse ’nè, ’me lihora tseo li ka eketsa menyetla ea motho ea ho robala motšehare.”
Ka linako tse ling, u ka ’na ua se ke ua robala hantle bosiu. Ho hlobaela, ho hlokomela ngoana ea kulang, kapa maemo a mang ao u ke keng ua khona ho a laola a ka u amoha boroko. Ka letsatsi le hlahlamang u ka iphumana u otsela ka mor’a lebili. Ke eng seo u lokelang ho se etsa haeba u iphumana u otsela?
Lipheko tse tloaelehileng tse kang ho noa k’hafeine, ho bula fensetere, ho hlafuna chepisi, kapa ho ja sejo se babang li ke ke tsa u phaphamisa. Ha ho le e ’ngoe ea lintho tsena tseo ho thoeng ke pheko eo e hlileng e sebetsanang le bothata ba sebele ka ho toba. Seo u se hlokang ke boroko. Kahoo, ke hobane’ng ha u sa leke ho robala ka nakoana? The New York Times e ile ea re: “Nako ea ho itlhasimolla ka hore shoa! nakong ea mosebetsi ha ea lokela ho feta metsotso e 30; empa haeba motho a ka robala nako e fetang eo, ’mele o ea le sephume sa boroko, seo ho leng thata ho hlaphoheloa ho sona.” Ho re shoa! motšehare ho ka u liehisa ho fihla moo u eang, empa ho ka lelefatsa bophelo ba hao.
Mokhoa oa hao oa bophelo o ka eketsa menyetla ea hore u be mokhanni ea otselang. Na u qeta lihora tse ngata u phenyekolla Internet, kapa na u shebella thelevishene ho fihlela har’a mp’a bosiu? Na u ea meketeng e tsoelang pele ho fihlela ka meso? U se lumelle litloaelo tse joalo ho u amoha boroko. Morena Solomone ea bohlale o kile a hatisa molemo oa ho ba le “phomolo e tletseng letsoho.”—Moeklesia 4:6
Ba Hōlile Empa ba na le Phihlelo
Hangata bakhanni ba hōlileng ke bona ba nang le phihlelo litseleng. Ho feta moo, ha ba nke menyetla ebile ba tseba mefokolo ea bona. Leha ho le joalo, batho ba hōlileng le bona ha baa sireletseha likotsing tsa ho thulana ha likoloi. Ha e le hantle, ba kotsing haholoanyane ha ba ntse ba hōla. Makasine ea United States e bitsoang Car & Travel e ile ea tlaleha: “Karolo ea 9 lekholong ea baahi bohle e ka holimo ho lilemo tse 70, empa ke karolo ea 13 lekholong ea eona e shoang likotsing tsa likoloi.” Ka masoabi, palo ea likotsi tsa likoloi tseo ho tsona ho amehang batho ba hōlileng e ntse e eketseha.
Ak’u nahane ka se boleloang ke Myrtle, ea lilemo li 80.a O qalile ho khanna lilemong tse 60 tse fetileng ’me ha ho mohla a kileng a ameha kotsing ea koloi. Leha ho le joalo, ho tšoana le batho ba bang ba bangata, o utloa liphello tsa botsofali—liphello tse ka etsang hore qetellong a amehe kotsing ea koloi. Moraonyana tjena o ile a bolella Tsoha! a re: “Ha u ntse u hōla, ntho e ’ngoe le e ’ngoe bophelong [ho akarelletsa le ho khanna] e ba phephetso.”
Ke eng seo a se entseng ho fokotsa menyetla ea ho hlaheloa ke kotsi ea koloi? Myrtle o re: “Ho pholletsa le lilemo, ke entse liphetoho e le hore nka sebetsana ka katleho le botsofali ba ka.” Ka mohlala, o fokolitse nako eo a e qetang a khanna, haholo-holo bosiu. Phetoho ena e nyenyane e mo thusa ho boloka tlaleho e ntle ea ho khanna eo a nang le eona kantle le ho tlohela ho khanna ka ho feletseng.
Le hoja ho batla ho le thata ho lumela, botsofali bo ama motho e mong le e mong. (Moeklesia 12:1-7) Re ba le mathata a sa tšoaneng a bophelo, re batla re arabela butle linthong, mahlo a rōna a ba lerootho—’me lintho tsena kaofela li etsa hore ho be boima ho boloka mekhoa e metle ea ho khanna. Leha ho le joalo, hase botsofali feela bo ka tlohelisang motho ho khanna. Ntho ea bohlokoa ke mekhoa ea motho ea ho khanna. Ho elelloa liphetoho tseo ’mele ea rōna e bang le tsona le ho sebetsana le tsona ho tla ntlafatsa mekhoa ea rōna ea ho khanna.
E ka ’na eaba ha u hlokomele, empa pono ea hao ea fetoha. Ha u ntse u hōla, mahlo a hao a ba lerootho ’me karolo ea leihlo e bitsoang retina e hloka leseli le lengata ho feta pele. Buka ea The Older and Wiser Driver e re: “E le hore mahlo a mokhanni ea lilemo li 60 a ka bona ho tšoana le a mocha, a hloka leseli le eketsehileng ka makhetlo a mararo ebile a hloka nako e telele ka makhetlo a mabeli ho tloaelana le ho khanna lefifing ka mor’a ho khanna leseling.” Liphetoho tsena tse etsahalang mahlong a rōna li re thatafalletsa ho khanna bosiu.
Henry o lilemo li 72 ’me o bile le tlaleho e ntle ea ho khanna ka lilemo tse 50. Ka mor’a lilemo tse ngata, o ile a qala ho elelloa hore khanya e fahlang ea mabone bosiu e mo thatafalletsa ho khanna. Ka mor’a hore a hlahlojoe mahlo, o ile a hlokomela hore o hloka likhalase tsa mahlo tse ncha tse reretsoeng ho fokotsa khanya e fahlang ea mabone bosiu. Henry o re: “Ha ke sa thatafalloa ke ho khanna bosiu.” Phapang ena e nyenyane e ile ea etsa liphetoho tse khōlō ho khanneng ha hae. Ho batho ba bang, ba kang Myrtle, tharollo e ka ba ho tlohela ho khanna bosiu ka ho feletseng.
Botsofali bo boetse bo ama tsela eo motho a itšoarang ka eona ha ho hlaha bothata. Batho ba hōlileng ba ka ba bohlale haholoanyane ’me ba ka nka lintho ka ho teba ho feta bacha. Leha ho le joalo, ha motho a ntse a hōla, kelello ea hae e hloka nako e telele ho feta e tloaelehileng bakeng sa ho nahana le ho nka bohato ka boemo bo itseng. Sena se etsa hore ho khanna e be phephetso le ho feta, kaha sephethe-phethe le maemo a tsela a lula a ntse a fetoha ka linako tsohle. Mokhanni o lokela ho lemoha liphetoho tsena kapele-pele e le hore a ka nka mehato e loketseng ka nako.
Makasine ea Car & Travel e bolela hore “hangata lebaka le ka sehloohong le etsang hore bakhanni ba bangata bo hōlileng ba hlaheloe ke likotsi tse bolaeang ke hobane ba sa eme moo melao ea tsela e ba laelang hore ba eme teng.” Hobane’ng? Tlaleho eona eo e tsoela pele: “Ka mohlala . . . mokhanni ea hōlileng o lokela ho ema moo ho nang le letšoao la tsela le bontšang hore o lokela ho ema ’me a shebe ka letsohong le letona le ka ho le letšehali pele a kena tseleng e ’ngoe mateanong a litsela.”
U ka etsa’ng e le hore u nke bohato kapele? E-ba hlokolosi ha u atamela mateanong a litsela. Itloaetse ho hlahloba sephethe-phethe ka mahlakoreng a mabeli pele u tsoela pele. U lokela ho ba seli haholo-holo haeba u thinya. Ho thinya mateanong a litsela ho ka bolaea, haholo-holo haeba u lokela ho tšela tsela ea sephethe-phethe se lebaneng le uena.
Karolo ea 40 lekholong ea likotsi tsa mateanong a litsela tseo ho shoang batho ho tsona United States, e ama bakhanni ba ka holimo ho lilemo tse 75 ha ba thinyetsa ka letsohong le letšehali. Mokhatlo oa AAA oa Polokeho ea Sephethe-phethe o re ho bakhanni ba naheng eo: “Ka linako tse ling ho ka ba molemo ho thinyetsa ka letsohong le letona hararo e le hore u ka qoba ho thinyetsa ka letsohong le letšehali.” U ka sebelisa molao-motheo ona u itšetlehile ka maemo a naheng ea heno. Ka ho rera esale pele, u tla khona ho phema ho tšela tsela mateanong a litsela a kotsi.
Qeto eo U Lokelang ho Nahana ka Eona
Ke eng se ka u thusang ho fumana hore na u tseba ho khanna hakae? Mohlomong u ka kōpa motsoalle kapa setho sa lelapa seo u se hlomphang ho tsamaea le uena le ho hlahloba tsebo ea hao. Ka mor’a moo, mamela ka hloko ha ba u bolella seo ba se hlokometseng. U ka ’na ua khetha ho ea thupelong ea ho khanna ho sireletsehileng. Ho na le mekhatlo e mengata ea ho khanna eo ka ho khetheha e etselitsoeng bakhanni ba hōlileng. Ho phonyoha kotsi ka lesoba la nale hanngoe kapa habeli e ka ba letšoao la hore tsebo ea hao ea ho khanna ha e sa le ntle joaloka pele.
Ha e le hantle, ka nako e ’ngoe ho ka ba molemo hore u tlohele ho khanna. Ena e ka ba qeto e thata eo u ka tobanang le eona. Myrtle, eo ho builoeng ka eena pejana, oa tseba hore ka le leng la matsatsi o tla lokela ho tlohela ho khanna. Kaha letsatsi leo le ntse le atamela, o se a qalile ho itloaetsa ho tsamaea le ba bang. O ikutloa joang ka ho fa motho e mong boikarabelo ba ho khanna? O re: “Ho monate ho thabela leeto u se ka tlas’a khatello ea ho khanna.”
Ka mor’a ho nahanisisa ka hloko ka taba ena, u ka ’na ua ikutloa joalo le uena. Ho ea mabenkeleng, ho ea mona le mane, ho ea mabakeng a botho le libokeng ho ka ba monate haeba u tsamaea le motsoalle. Mohlomong motsoalle a ka tsamaea le uena a khanna koloi ea hao. Ho etsa joalo ho sireletsehile ebile ho ka ba monate ho e-na le ha u tsamaea u le mong. Ka lehlakoreng le leng, ho ka ba molemo ho sebelisa lipalangoang tsa sechaba, haeba li le teng. Hopola hore, ho re u motho oa bohlokoa, ha hoa itšetleha ka tsebo ea hao ea ho khanna. Litšoaneleho tsa hao tse ntle ke tsona tse etsang hore u be motho oa bohlokoa ka ho fetisisa ho ba lelapa la hao le ho metsoalle—le ho Molimo.—Liproverbia 12:2; Baroma 14:18.
Ebang u hōlile kapa u sa le mocha, ebang u mokhanni ea nang le phihlelo kapa u sa le maithutoana, u ka hlaheloa ke kotsi ea koloi. Hlokomela hore ho khanna ke boikarabelo bo tebileng. E-ba hlokolosi e le hore u ka fokotsa menyetla ea ho ameha ho thulaneng ha likoloi. Ka ho etsa joalo, u tla lula u sireletsehile ’me u tla sireletsa le batho ba bang maetong a mangata ao u sa ntseng u tla a nka.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a sebelisitsoeng sehloohong sena a fetotsoe.
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Tiisa hore u phomotse ka ho lekaneng bosiu
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Ho re shoa! hanyenyane ho ka u liehisa, empa ho ka pholosa bophelo
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Bakhanni ba hōlileng ba na le phihlelo e eketsehileng empa ba tobana le liphephetso tse khethehileng
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Ho ka ba molemo ho tsamaea le motsoalle